Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/00 leq. 8
  • Ho Fumana Thabo Tšebeletsong ea Hao e Halalelang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fumana Thabo Tšebeletsong ea Hao e Halalelang
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o re Thusa Hore re Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Fumana Thabo Lefatšeng le Tletseng Likhathatso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Batho ba Thabileng—Ka Lebaka Lefe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 5/00 leq. 8

Ho Fumana Thabo Tšebeletsong ea Hao e Halalelang

1 Ba ile ba khutla “ka thabo.” Tlaleho ea Bibele e bolela kamoo barutuoa ba 70 ba ileng ba ikutloa kateng ha ba fa Jesu tlaleho ka mor’a hore ba be leetong le lelelele la ho bolela. Ba ile ba ikutloa ba thabile ka hore ebe ba entse thato ea Molimo. (Luka 10:17) Ke eng se ka u thusang ho fumana thabo e tšoanang tšebeletsong e halalelang?

2 Boikutlo bo Nepahetseng: U na le tokelo eo u e filoeng ke Molimo ea ho tsebisa batho morero o moholo oa Jehova. Ka ho bolela ha hao, u ka ’na ua thusa ho lokolla motho mekhoeng e hlephileng ea lefatše lena le mahlahahleleng a bolumeli ba bohata. U ka fa batho tšepo ea bophelo lefatšeng le nang le kutloano, e leng ntho e sieo lefatšeng le re pota-potileng kajeno. Nahana ka thabo eo Jehova a bang le eona ha u atleha ho lema peō ea ’nete pelong ea ea e amohelang. E-ba le boikutlo bo nepahetseng ha u rapella moea oa Molimo hore o hlahise ka ho uena tholoana ea thabo ha u phehella tšebeletso ka pelo ea hao eohle.

3 Koetliso e Sebetsang: Lenaneo la thuto leo Jesu a ileng a ba le lona le barutuoa ba hae ba 70 le ’nile la tšoantšoa le Seboka sa Tšebeletso sa kajeno. O ile a ba koetlisa e le hore ba ka atleha tšebeletsong ea bona. (Luka 10:1-16) Kajeno Seboka sa Tšebeletso se u koetlisa hore u tsebe litsela tsa ho atamela batho, hore na u ka qala moqoqo joang, le hore na u ka qala le hona ho khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele joang. Ka ho ikitlaetsa le ho ntlafatsa tsebo ea hao ea ho bolela, u tla fumana hore maikutlo leha e le afe a ho se phutholohe kapa ho se tšoanelehe ao u ka bang le ’ona a tla fela ’me a koaheloe ke tšepo le thabo.

4 Tsepamisa Mohopolo Nakong e Tlang: Jesu o ile a fumana thabo tšebeletsong ea hae ho sa tsotellehe mahlomola ao a ileng a a mamella. Hobane’ng? Hobane o ile a boloka leihlo la hae le tsepame mahlohonolong le litokelong tse larileng ka pele ho eena. (Baheb. 12:2) U ka etsa se tšoanang ka ho boloka kelello ea hao le pelo li tsepame lebitsong la Jehova le mahlohonolong a tlang lefatšeng le lecha la Molimo. Sena se tla eketsa thabo le moelelo tšebeletsong ea hao.

5 Ho etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang ke tokelo e khōlōhali eo u ka bang le eona kajeno. Ka hona, u ka re: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka.”—Pes. 40:8, NW.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela