Ba Bang ba Itšetlehile ka Uena
1 “Leihlo le ke ke la re ho letsoho: ‘Ha ke u hloke.’” Haeba le ne le ka rialo, leihlo le ne le tla sireletsoa ke eng kotsing? Kahoo moapostola Pauluse o ile a sebelisa ’mele oa motho o nang le litho tsa oona tse sa tšoaneng ho bontša ’nete ea hore bohle re itšetlehile ka ba bang ka phuthehong. O bile a ngola hore “litho tsa ’mele tse bonahalang li fokola haholoanyane lia hlokahala.” E, re itšetleha ka ba bang ’me ba bang ba itšetleha ka rōna, kaha ‘re hlokomelana ka tsela e tšoanang’ hobane “re litho ba bang tsa ba bang.” (1 Bakor. 12:21-27; Baef. 4:25) Nahana ka tse ling tsa litsela tseo mesebetsi ea hao e amang ba bang kateng.
2 Ka Lapeng: Banna le basali ba matlafatsana ka tumelo, boikemisetso le cheseho tseo ba li bonahatsang, ba lula ba etelletsa lipakane tsa bona tsa moea pele. Ka ho tšoanang, boikutlo le mohlala oa batsoali li ka ba le tšusumetso e khōlō ka tsela eo bana ba bona ba talimang tšebeletso le liboka tsa Bokreste kateng le ho kopanela ho tsona.—Josh. 24:15.
3 Tšebeletsong: Ho cheseha ha hao bakeng sa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho khothatsa bahoeletsi-’moho le uena hore ba ikitlaetse tšebeletsong. Mohlala oa hao o bolela ho hoholo, joaloka thuso eo u e fang ba bang hore ba kopanele tšebeletsong. (2 Bathes. 3:9) Ka sebele bo-pula-maliboho ba ananela botsoalle leha e le bofe boo u ka ba fang bona tšebeletsong ea bona. Ke ’nete hore batho ba thahasellang bao u kopanang le bona tšimong ba lebeletse hore u khutle ’me u ba thuse hore ba fumane tsela ea bophelo. Ha u batle ho ba nyahamisa.
4 Ka Phuthehong: Ho ba teng ha hao libokeng tsa phutheho le ho kopanela ho tsona ke mohloli oa khothatso ea sebele ho bara le barali beno. Haeba u sa be teng, hase uena feela ea lahleheloang. Ba bang ba ke ke ba rua molemo ka bosieo ba hao libokeng. Ka sebele baholo ba itšetlehile ka uena, feela joalokaha le uena u itšetlehile ka bona. Boikutlo ba hao bo nepahetseng le ho ba tšehetsa ka boithatelo ho etsa hore mosebetsi oa bona oa ho alosa mohlape o atlehe haholoanyane.
5 Ka mantsoe le ka liketso, a re ‘susumeletsaneng leratong le mesebetsing e metle.’ (Baheb. 10:24) Jehova o tla re hlohonolofaletsa ho ba bao ho ka itšetlehoang ka bona le ba tšepahalang.