Itšetlehe ka Jehova Hore a U fe Matla
1 Re na le mabaka a mangata ao ka ’ona ho hlokahalang hore re itšetlehe ka Jehova. Ho bolela litaba tse molemo “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona” hase mosebetsi o bonolo. (Mat. 24:14) Re loana le mefokolo ea ho se phethahale kamehla. (Bar. 7:21-23) Ho feta moo, “re loana . . . le babusi ba lefatše [ba matla a fetang a batho] ba lefifi lena.” (Baef. 6:11, 12) Ho hlakile hore re hloka thuso. Re ka fumana matla a tsoang ho Jehova joang?
2 Ka Thapelo: Jehova ka ho rata o fa bahlanka ba hae moea oa hae o halalelang o matla ha ba o kōpa. (Luka 11:13) Na u halala tsebo ea hao ea ho paka ka ntlo le ntlo, seterateng kapa ka thelefono? Na u lihlong ho paka ka mokhoa o sa reroang? Na ho se thahaselle ha batho tšimong ho fokolitse cheseho ea hao? Ho thoe’ng haeba u hatelloa hore u sekisetse tumelo kapa botšepehi ba hao? Itšetlehe ka Jehova. Mo kōpe ka thapelo hore a u fe matla.—Bafil. 4:13.
3 Ka Thuto ea Botho: Joalokaha re fumana matla ha re ja lijo tsa nama, ka tsela e tšoanang re matlafala moeeng ha re iphepa ka Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 4:4; 24:45) Ha Stanley Jones a ne a botsoa hore na ke eng e ileng ea mo fa matla a ho mamella lilemo tse ngata tsa ho koalloa a le mong chankaneng Chaena a se na Bibele, o ile a re: “Re ka ema re tiile tumelong. Ho hlakile hore re lokela ho ithuta pele. Ha re be le matla a re susumetsang ha re sa ithute.”
4 Ka ho ba Teng Libokeng: Sebokeng sa Bakreste lekholong la pele la lilemo, Judase le Silase ba ile “ba khothatsa barab’abo rōna ka lipuo tse ngata ’me ba ba matlafatsa.” (Lik. 15:32) Ka ho tšoanang kajeno, seo re se utloang libokeng se tebisa kananelo ea rōna bakeng sa Jehova, se haha tumelo ea rōna, ’me se re susumelletsa ho etsa tšebeletso. Liboka li etsa hore re kopane le ‘basebetsi-’moho le rōna bakeng sa ’muso oa Molimo,’ bao e leng “thuso e matlafatsang” ea rōna.—Bakol. 4:11.
5 Re hloka thuso ‘linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Tim. 3:1) Mabapi le ba fumanang matla ho Jehova, rea tiisetsoa: “Ba tla nyoloha ka mapheo a kang a ntsu. Ba tla matha ’me ba ke ke ba tepella; ba tla tsamaea ’me ba ke ke ba khathala.”—Esa. 40:31.