Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 4/1 leq. 31
  • Tumelo e Ile ea mo Susumeletsa ho Nka Khato

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tumelo e Ile ea mo Susumeletsa ho Nka Khato
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 4/1 leq. 31

Tumelo e Ile ea mo Susumeletsa ho Nka Khato

HA Jehova a ne a laela Moshe ho etella pele sechaba sa Iseraele ha se e-tsoa botlamuoeng Egepeta, qalong Moshe o ile a ikōpela, a re: “Oho Morena, ha ke monna ea buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le joale, ha e sa le u bua le mohlanka oa hao; ke motho ea molomo o boima, le ea leleme le boima.” (Exoda 4:10) E, Moshe o ne a sa ikutloe a tšoaneleha bakeng sa kabelo e boima hakaalo.

Hoa tšoana le kajeno, ka linako tse ling bahlanka ba bangata ba Jehova ba ikutloa ba sa tšoanelehe bakeng sa ho phetha mosebetsi oo ba o abetsoeng. Ka mohlala, molebeli e mong oa Mokreste ea bitsoang Theodore oa pheta: “Linthong tsohle tseo Jehova a batlang hore ke li etse, tšebeletso ea tšimo ke e thata ka ho fetisisa. Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke ee ke mathele monyako, ke etse eka ke letsa tšepe ea monyako, ebe ke tloha ka lenyele, ke tšepa hore ha ho motho ea nkutloang kapa ea mponang. Ha ke ntse ke hōla, ke ile ka khaotsa ho etsa joalo, empa mohopolo oa ho ea ka ntlo le ntlo o ne o nkulisa ’meleng. Esita le ho fihlela kajeno, ke ntse ke kula pele ke ea tšebeletsong, empa leha ho le joalo kea ea.”

Ke’ng se ileng sa thusa Moshe le Lipaki tse ling tsa mehleng ea morao tjee tse kang Theodore ho sebetsana ka katleho le tšabo e joalo? Bibele ea araba: “Ka tumelo [Moshe] o ile a tloha Egepeta, . . . kaha o ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.”—Baheberu 11:27.

Ka sebele, ka ho ba le tumelo ho Jehova, Moshe o ile a khona ho hlōla boikutlo ba hae ba ho se tšoanelehe ’me a phetha mosebetsi oo a neng a o abetsoe e leng oa ho ba moahloli, moprofeta, moeta-pele oa sechaba, ’muelli oa selekane sa Molao, molaoli, rahistori le mongoli oa Bibele.

Ka mokhoa o tšoanang, ha re e-na le tumelo e joaloka ea Moshe, re tla tsamaea joalokaha eka re “bona Ea sa bonahaleng.” Tumelo e joalo e re susumelletsa ho ba le sebete, e re nolofaletsa ho jara boikarabelo ba rōna ba Bokreste—esita leha re ikutloa re sa tšoanelehe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela