Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/04 leq. 1
  • Bacha—Balang Lentsoe la Molimo!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha—Balang Lentsoe la Molimo!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bacha, Lulang le Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Bacha—Thabisang Pelo ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • E-ba le Tumelo​—⁠’Me U Etse Liqeto ka Bohlale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Etsa Liqeto Tse Tlotlisang Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 4/04 leq. 1

Bacha—Balang Lentsoe la Molimo!

1 Bocha ke nako ea liphephetso le liqeto tse boima. Letsatsi le letsatsi, bongata ba lōna bacha ba Bakreste le tobana le khatello ea ho tlōla litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro. Ha le qala ho iketsetsa liqeto mabapi le thuto, mosebetsi le lenyalo, le lokela le be le se le ipehetse lipakane tsa moea. Ke ka tsela eo feela le ka etsang liqeto tse ling tse tla le tsoela molemo bophelong bohle ba lōna. Lipakane tsa moea tse tobileng li tla le thusa ho etsa ka bohlale le ho atlehisa litsela tsa lōna. Ka ho bala Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona kamehla, le tla susumelletseha ho phela tumellanong le keletso ea lona e bululetsoeng, ’me lipakane tsa lōna tse loketseng li tla atleha.—Josh. 1:8; Pes. 1:2, 3.

2 Le Tla le Ruisa Molemo Joang? Lefatše la Satane le tletse likhoheli tse ngata tsa ho etsa se fosahetseng. (1 Joh. 2:15, 16) Mohlomong le tseba liithuti-’moho le lōna kapa lithaka tse ling tsa lōna tse oetsoeng ke tlokotsi ka lebaka la ho inehela khatellong ea lithaka. Ho khomarela keletso ea Bibele ho tla le fa matla a boitšoaro le a moea a ho hana tsela ea boetsalibe. Ho ekelletsa moo, keletso ea Lentsoe la Molimo e ka le thusa ho qoba maraba a bolotsana a Satane. (2 Bakor. 2:11; Baheb. 5:14) Ho tsamaea tseleng ea Molimo ho tla le tlisetsa thabo ea ’nete—ho khotsofalla tsela ea lōna ea bophelo.—Pes. 119:1, 9, 11.

3 Melao-motheo e sa fetoheng ea Lentsoe la Molimo e phahametse bohlale ba batho. (Pes. 119:98-100) Ho tseba melao-motheo ea Bibele le ho thuisa ka merero e senotsoeng ea Jehova hammoho le thapelo e tiileng li ka le thusa ho hlaolela kamano e haufi le Mongoli ea bohlale ka ho fetisisa oa Bibele, e leng Jehova Molimo. O tšepisa tjena: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”—Pes. 32:8.

4 Ipheng Nako ea ho le Bala: Mocha e mong oa Mokreste o ile a ipehela pakane ea ho bala Bibele eohle, ’me a e qeta pele selemo se fela. O ile a rua molemo joang? O re: “Ke ile ka ithuta ho hongata ka Jehova—e leng lintho tse ileng tsa nkatametsa haufi le eena ’me tsa etsa hore ke batle ho mo tšaba bophelong bohle ba ka.” (Jak. 4:8) Na u se u balile Bibele eohle? Haeba ha ho joalo, ke hobane’ng ha o sa ipehele pakane ea ho etsa joalo? Ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao, ’me a u putse haholo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela