Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/04 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 12 April
  • Beke e Qalang ka la 19 April
  • Beke e Qalang ka la 26 April
  • Beke e Qalang ka la 3 May
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 4/04 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 12 April

Pina ea 93

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa April 15 le Tsoha! ea May 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 4. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli, le hoja ho buelloa e le ’ngoe feela. Pontšong ka ’ngoe, bontša tsela e fapaneng ea ho buisana le motho ea khaoletsang moqoqo ka ho re “Ke tšoarehile.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 19-20.

15 mets: “Ho fa Jehova se Molemohali Seo re Nang le Sona.”a Ha le tšohla serapa sa 4, kōpa hore bamameli ba bolele litsela tse tobileng tseo ka tsona re ka bontšang hore re rata batho ha re phetha tšebeletso ea rōna.

20 mets: “U se ke Ua Tlohela Pelo ea Ngoana oa Hao!” Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa February 15, 2003, leqepheng la 23-7. Etsa hore e sebetse maemong a phutheho. Buisana le batsoali ba atlehileng ho sebelisa tataiso e fanoeng sehloohong sena, haeba ba le teng.

Pina ea 91 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 19 April

Pina ea 55

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

20 mets: “Etsisa Boikutlo ba Kelello ba Jesu.”b Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Ha le tšohla serapa sa 4, kōpa ba kenetseng bopula-maliboho bo thusang hore ba hlalose meputso eo ba bileng le eona ka lebaka la ho bula maliboho.

15 mets: “Na Jehova o Bona Seo U se Etsang?” Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa May 1, 2003, leqepheng la 28-31. Etsa hore boitsebiso bo sebetse phuthehong.

Pina ea 80 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 26 April

Pina ea 46

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea liak’haonte. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa April. Bolela lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka May. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa May 1 le Tsoha! ea May 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 4. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli, le hoja ho buelloa e le ’ngoe feela. Pontšong e ’ngoe, bontša tsela ea ho pakela mosebetsi-’moho kapa seithuti-’moho.

20 mets: Litlhoko tsa phutheho.

10 mets: “Ho Ithuta Sephiri sa ho Khotsofala.” Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa June 1, 2003, leqepheng la 8-11. Nahanela maemo a barab’abo rōna phuthehong. Khothalletsa bao maemo a bona a ba lumellang hore ba nahanele ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng.

Pina ea 38 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 3 May

Pina ea 48

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

20 mets: “Bacha—Balang Lentsoe la Molimo!”c Lokisetsa esale pele hore mocha a le mong kapa ba babeli ba bue ka lenaneo la bona la ho bala Bibele le hore na ba rua molemo joang ho lona. Khothalletsa bacha ho ipehela pakane ea ho bala Bibele eohle. Akarelletsa le litlhaloso tse bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 10, serapeng sa 4.

15 mets: Tlaleho e Ntle—Lebaka la Thabo. (Liprov. 15:30) Puisano le bamameli e bontšang seo phutheho e se finyeletseng ka lebaka la mosebetsi o khethehileng o entsoeng ka March le April. Kōpa hore phutheho e phete liphihlelo tse khothatsang tseo e bileng le tsona maemong ana: (1) ho thusa motho ea thahasellang hore a be teng Sehopotsong, (2) ho kenela bopula-maliboho bo thusang, (3) ho khothalletsa mohoeletsi ea sa kopaneleng tšebeletsong hore a tsosolose tšebeletso ea hae phuthehong, (4) ho thusa motho e mocha ’neteng hore e be mohoeletsi, le (5) ho hlaolela thahasello ea batho ba bileng teng Sehopotsong. Lokisetsa tse ling tsa litlhaloso tsena esale pele. Babatsa bohle ’me u ba khothalletse ho tsoela pele ba etsa mosebetsi ona nakong e tlang.

Pina ea 164 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela