Bophelo bo Senyehile, Bophelo bo Lahlehile
DR. Eric Nestler o re: “Lithethefatsi li tšoana le lihamore.” Ha e le hantle, ho sebelisa lik’hemik’hale tsena tse kang lihamore e ka ba ho bolaeang. Buka e reng Drugs in America ea hlalosa: “Ka mohlala, k’hok’heine e ntlafalitsoeng e ’nile ea tsebahala ka hore e bolaea batho ha ba qala ho e sebelisa.”
Leqhubu le lecha la lithethefatsi tsa maiketsetso le lona le ka ba kotsi joalo. World Drug Report ea Machaba a Kopaneng ea lemosa: “Bacha ba thetsehang feela ba rekang lithethefatsi moketjaneng ‘oa tantši ea bosiu’ ha ba tsebe hore na ke lik’hemik’hale life tse tsoakiloeng moo tse mothating oa ho harasoanya boko ba bona.” Leha ho le joalo, ho bacha ba bangata ho tetebela ho lemalleng lithethefatsi ho tla butle-butle, joalokaha mehlala e latelang e bontša.
“Ho Iphapanyetsa Linnete Tsa Bophelo”
Pedro,a e mong oa bana ba robong, o hlahetse tikolohong e mabifi motseng oa Córdoba, Spain. Bongoana ba hae e bile bo sithabetsang ka lebaka la ho lemalla ha ntate oa hae joala. Ha Pedro a le lilemo li 14, setloholo sa ’mangoan’ae se ile sa mo ruta ho sebelisa hashish. Ka mor’a khoeli, o ne a se a e lemaletse.
Pedro oa hlalosa: “Ho sebelisa lithethefatsi e ne e le ho khanna nako, ho iphapanyetsa linnete tsa bophelo le tsela e ’ngoe ea ho ba setho sa sehlopha. Ha ke le lilemo li 15, ke ile ka qala ho sebelisa LSD le li-amphetamine ho phaella ho hashish. Sethethefatsi seo ke neng ke se rata haholo e ne e le LSD, ’me e le hore ke fumane chelete ea ho se reka, ke ile ka ba morekisi ea sa tumang oa lithethefatsi tse seng molaong. Haholo-holo ke ne ke rekisa hashish. Ka letsatsi le leng, ka mor’a ho sebelisa LSD e ngata, ke ile ka hlobaela bosiu bohle, ke bile ke ikutloa eka ke se ke hlanya. Phihlelo eo e ile ea ntšosa. Ke ile ka hlokomela hore haeba nka tsoela pele ho sebelisa lithethefatsi, ke tla qetella ke le teronkong kapa ke shoele. Empa takatso ea lithethefatsi e ile ea suthisetsa tšabo ena thōko. Ke ile ka lemalla LSD haholo ’me ke ne ke hloka e eketsehileng hore ke tahoe. Ho sa tsotellehe liphello tse tšosang, ke ne ke sitoa ho khaotsa. Ke ne ke sa tsebe hore na nka itšoasolla joang.
“LSD e ne e le theko e boima, kahoo ke ile ka ithuta ho utsoa mabenkeleng a mabenyane, ho phamola mekotlana ea bahahlauli le ho utsoetsa batho ba fetang ka tsela lioache le lipache. Ha ke le lilemo li 17, ke ne ke se ke fetohile morekisi ea tsebahalang oa lithethefatsi motseng oa heso, ’me ka linako tse ling ke ne ke kenella bosholung ba likhoka. Ho tuma ha ka motseng ke le senokoane se mabifi ho ile ha mphumanela lebitso le phoqang la el torcido, le bolelang ‘ea tsoileng tseleng.’
“Ha u kopanya lithethefatsi le joala, botho ba hao boa fetoha, hangata e ba bo mabifi. ’Me takatso ea ho fumana lithethefatsi tse eketsehileng e ba matla hoo e hatellang letsoalo la hao ka ho feletseng. Bophelo e ba hlakantsutsu, ’me u phelela ho tahoa ke lithethefatsi.”
‘Re Tšoasehile Lefatšeng la Lithethefatsi’
Ana, e leng mosali oa Pedro, o hōletse Spain tikolohong e ntle ea lelapa. Ha a le lilemo li 14, Ana o ile a kopana le bashemane ba seng bakae ba kenang sekolo haufi le moo ba neng ba tsuba hashish. Qalong, boitšoaro ba bona bo makatsang bo ne bo mo tena. Empa, ngoanana e mong eo e leng motsoalle oa Ana, Rosa, o ile a khahloa ke e mong oa bashemane bao. Moshemane eo o ile a kholisa Rosa hore ho tsuba hashish ha ho na ho mo lematsa le hore o tla ho thabela. Kahoo, Rosa o ile a latsoa sethethefatsi seo eaba o fa Ana sakerete.
Ana o re: “E ile ea etsa hore ke ikutloe ke thabile, ’me ka mor’a libeke tse seng kae, ke ne ke se ke tsuba hashish letsatsi le leng le le leng. Ka mor’a hoo e ka bang khoeli kapa ho feta, hashish e ne e se e sa ntahe hakaalo, kahoo ka qala ho sebelisa li-amphetamine esita le ho tsuba hashish.
“Ka mor’a nakoana ’na le metsoalle ea ka re ne re tšoasehile ka ho feletseng lefatšeng la lithethefatsi. Re ne re atisa ho qoqa ka hore na ke mang ea khonang ho sebelisa lithethefatsi tse ngata ’me li sa mo kulise hamorao le hore na ke mang ea tahoang ka ho fetisisa. Butle-butle, ke ile ka ikarola ho batho ba bang, ’me ke ne ke e-ea sekolong seoelo. Hashish le li-amphetamine li ne li se li sa nketse letho, kahoo ka qala ho ikenta ka ente ea morphine eo ke neng ke e fumana lik’hemisteng tse fapa-fapaneng. Nakong ea lehlabula re ne re atisa ho ea meketeng ea ’mino oa rock e tšoareloang libakeng tse bulehileng, moo kamehla ho neng ho e-ba bonolo ho fumana lithethefatsi tse kang LSD.
“Ka letsatsi le leng ’Mè o ile a nkhaoletsa ke ntse ke tsuba hashish. Batsoali ba ka ba ile ba leka sohle se matleng a bona ho ntšireletsa. Ba ile ba mpolella ka likotsi tsa lithethefatsi, ’me ba ntiisetsa hore baa nthata le hore ba amehile ka ’na. Empa ke ne ke talima boiteko ba bona e le tšitiso e sa hlokahaleng bophelong ba ka. Ha ke le lilemo li 16, ke ile ka etsa qeto ea ho tloha lapeng. Ke ile ka imatahanya le sehlopha sa bacha ba neng ba tsekela hohle Spain ba rekisa lifaha tse iketselitsoeng ka matsoho ba bile ba sebelisa lithethefatsi. Likhoeli tse peli hamorao, mapolesa a ile a ntšoara Málaga.
“Ha mapolesa a nkisa ho batsoali ba ka, ba ile ba nkamohela ka liatla tse peli, ’me ke ile ka ikutloa ke soabetse seo ke se entseng. Ntate o ne a lla—e leng ntho eo le ka mohla ke neng ke e-s’o ka ke mo bona a e etsa. Ke ile ka ikoahlaela ho ba utloisa bohloko, empa tšoabo eo e ne e se matla ka ho lekaneng hore e ntlohelise ho sebelisa lithethefatsi. Ke ile ka tsoela pele ho sebelisa lithethefatsi letsatsi le leng le le leng. Ha ke hlaphohetsoe, ka linako tse ling ke ne ke ee ke nahane ka likotsi tse amehang—empa eseng ka nako e telele.”
O Tlohela ho ba Sehahi, e ba Morekisi oa Lithethefatsi
José, eo e leng monna oa lelapa ea botsoalle, o ile a qeta lilemo tse hlano a rekisa cannabis ho tloha Morocco ho ea Spain. O kene joang ho see? José oa hlalosa: “Ha ke sa le sehahi, mosebetsi-’moho le ’na o ile a qala ho rekisa lithethefatsi. Kaha ke ne ke hloka chelete, ke ile ka ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha ke sa etse se tšoanang?’
“Ho ne ho le bonolo ho reka cannabis Morocco—e ngata kamoo nka khonang ho e nka kateng. Ke ne ke e-na le seketsoana se lebelo se neng se ka siea mapolesa habonolo. Ha ke se ke khonne ho tlisa lithethefatsi tseo Spain, ke ne ke li rekisa ka meqeqeko, ea lik’hilograma tse ka bang 600 ka nako e le ’ngoe. Ke ne ke e-na le bareki ba bararo kapa ba bane feela, ’me ba ne ba nka lithethefatsi tsohle tseo ke neng nka ba fa tsona. Le hoja mapolesa a ne a hlahlobisisa lintho, lithethefatsi li ne li ntse li feta. Rōna barekisi ba lithethefatsi re ne re sebelisa thepa e molemonyana ho feta eo mapolesa a neng a e sebelisa.
“Ke ne ke etsa chelete e ngata habonolo feela. Leeto le le leng la ho tloha Spain ho ea Afrika Leboea le ne le khona ho kenya chelete e pakeng tsa $25 000 le $30 000 [R150 000 le R180 000]. Ka mor’a nakoana, ke ne ke se ke e-na le banna ba 30 ba ntšebeletsang. Ha ho mohla nkileng ka tšoaroa kaha ke ne ke lefa mpimpi hore e ntome tsebe ha khoebo ea ka e behiloe leihlo.
“Ka linako tse ling ke ne ke ee ke nahane ka seo lithethefatsi tsena tsohle li ka ’nang tsa se etsa ho ba bang, empa ebe ke ipolella hore cannabis ke sethethefatsi se seng kotsi haholo se e-s’o ka se bolaea motho. Kaha ke ne ke fumana chelete e ngata, ke ne ke hlile ke sa nahane hakaalo ka seo. Ha ho mohla ’na nkileng ka sebelisa lithethefatsi.”
Chelete ea Hao le Bophelo ba Hao!
Joalokaha mehlala ena e bontša, lithethefatsi li laola bophelo ba batho. Hang ha motho a se a li lemaletse, ho li tlohella ho thata ho bile hoa sithabetsa. Ho joalokaha buka e reng Drugs in America e bontša hore, “Moeling oa Bophirimela, likebekoa li ne li tsokotsa lithunya mahlong a liphofu tsa tsona ebe lia laela: ‘Mphe chelete ea hao kapa bophelo ba hao.’ Lithethefatsi tse seng molaong li mpe ho feta batlōli ba khale ba molao. Li kopola lintho tseo ka bobeli.”
Na ho na le ntho leha e le efe e ka emisang tšusumetso e matla ea lithethefatsi? Sehlooho se latelang se tla hlahloba tse ling tsa lintho tse ka rarollang bothata bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang letotong lena la lihlooho a fetotsoe.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
“Moeling oa Bophirimela, likebekoa li ne li tsokotsa lithunya mahlong a liphofu tsa tsona ebe lia laela: ‘Mphe chelete ea hao kapa bophelo ba hao.’ Lithethefatsi tse seng molaong li mpe ho feta batlōli ba khale ba molao. LI KOPOLA LINTHO TSEO KA BOBELI”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]
NA NGOAN’A HAO O TLA HANA LITHETHEFATSI?
KE BACHA BAFE BA KA ’NANG BA E-BA KOTSING KA HO FETISISA?
a. Ba ratang ho bonahatsa hore ba itjere le hore ba ikemiselitse ho ipeha kotsing.
b. Ba se nang thahasello e kaalo lithutong tsa sekolo kapa lipakaneng tsa moea.
c. Ba inkang ba fapane le batho ba bang.
d. Ba se nang kutloisiso e hlakileng ea se nepahetseng le se fosahetseng.
e. Ba ikutloang ba se na tšehetso ea batsoali le bao metsoalle ea bona e ba khothalletsang ho sebelisa lithethefatsi. Bafuputsi ba hlokometse hore “kamano e ntle pakeng tsa mocha le batsoali ba hae e bonahala e le tšireletso e molemo ka ho fetisisa khahlanong le tšebeliso ea lithethefatsi.”—Mongolo o tšekaletseng o kenyelelitsoe.
U KA SIRELETSA BANA BA HAO JOANG?
a. Ka ho ba le kamano e haufi le bona le ka ho ba le puisano e ntle le bona.
b. Ka ho kenya ka ho bona kutloisiso e hlakileng ea se nepahetseng le se fosahetseng.
c. Ka ho ba thusa ho ba le lipakane tse tobileng.
d. Ka ho etsa hore ba ikutloe e le karolo ea lelapa le nang le lerato le tikoloho e mofuthu.
e. Ka ho ba ruta ka likotsi tsa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Ka ho hlakileng bana ba lokela ho tseba hore na ke hobane’ng ha ba lokela ho hana lithethefatsi.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Source: United Nations World Drug Report
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Lithethefatsi tse hapiloeng ke ’muso Gibraltar
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of Gibraltar Police
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ke ne ke e-na le seketsoana se lebelo se kang sena, se neng se ka siea mapolesa habonolo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of Gibraltar Police
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]
Godo-Foto