Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/04 leq. 1
  • Mangeloi aa re Thusa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mangeloi aa re Thusa
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mangeloi ke “Meea Bakeng sa Tšebeletso ea Sechaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Kamoo Mangeloi a ka U Thusang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Mangeloi—Na a Ama Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Mangeloi—Kamoo a Amang Bophelo ba Rōna Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 6/04 leq. 1

Mangeloi aa re Thusa

1 “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Mantsoe ao a khothatsa hakaakang ho bohle ba elang hloko taelo ea Jesu e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse . . . barutuoa”! (Mat. 28:18-20) Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo Jesu a nang le Bakreste ba ’nete ka eona ke ka ho sebelisa mangeloi a hae. (Mat. 13:36-43) Ho thabisa hakaakang ho bolela “litaba tse molemo tse sa feleng” re le hammoho le libōpuoa tsee tsa moea tse tšepahalang!—Tšen. 14:6, 7.

2 Tšebeletsong ea Rōna: Bibele e bontša hore mangeloi a rometsoe “ho sebeletsa ba tla rua poloko.” (Baheb. 1:14) Lekholong la pele la lilemo, mangeloi a ile a ba le karolo ho lebiseng balateli ba Jesu ho batho ba tšoanelehang. (Lik. 8:26) Kajeno, bahlanka ba Molimo ba tsoela pele ho bona bopaki ba tataiso ea mangeloi. Ka makhetlo a mangata, beng ba matlo ba ’nile ba bolela hore ba ne ba ntse ba rapella thuso ha Paki e fihla ha bona. Rōna, hammoho le mangeloi, re thaba hakaakang ha batho ba joalo ba arabela molaetseng oa ’Muso!—Luka 15:10.

3 Ha re Tobana le Khanyetso: Daniele, metsoalle ea hae e meraro ea bacha ba Baheberu, moapostola Petrose, le ba bang ba bangata ba fetileng litekong tse boima ba fumane tšireletso ea Jehova a sebelisa mangeloi, “a matla ka bonatla.” (Pes. 103:20; Dan. 3:28; 6:21, 22; Lik. 12:11) Le hoja ka linako tse ling re ka ikutloa re selebaletsoe ha re tobane le khanyetso, re ka khothatsoa ke phihlelo ea mohlanka oa Elisha ha a hlokomela hore “ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le bona.” (2 Mar. 6:15-17) Esita leha re ka arohanngoa ka mahahapa le barab’abo rōna ba Bakreste, ha rea lokela ho nyahama. Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa le re: “Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang.”—Pes. 34:7.

4 Haufinyane mabotho a mangeloi a tla kalla ka morero oa ho felisa bohle ba hanyetsang borena ba Kreste. (Tšen. 19:11, 14, 15) Ha re ntse re letetse letsatsi leo, e se eka re ka tsoela pele ho rorisa Jehova ka sebete, re kholisehile ka ho feletseng ka tšehetso e matla ea mabotho a leholimo a laoloang ke Kreste.—1 Pet. 3:22.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela