Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/05 leq. 1
  • Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Mosa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Mosa
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosa O bontšoa ka liketso le lipolelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Mosa o Felisa Bohale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 10/05 leq. 1

Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Mosa

1 Ha mosali e mong ea neng a hloile Lipaki a hopola se neng se etsahale ha a qala ho teana le e mong oa Lipaki Tsa Jehova o itse: “Ha e le hantle ha ke hopole hore na re ne re bua ka eng, empa seo ke se hopolang ke tsela eo a neng a le mosa ka eona ho ’na, le kamoo a neng a e-na le botsoalle ’me a ikokobelitse kateng. O ile a nkhohela ka botho ba hae.” Mantsoe ana a totobatsa hore ke habohlokoa ho bontša hore re thahasella batho bao re ba bolellang litaba tse molemo.—Bafil. 2:4.

2 Lerato le Mosa: Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang hore re rata batho ba bang ke ka ho ba mosa. (1 Bakor. 13:4) Motho ea mosa o bontša hore o thahasella boiketlo ba batho ba bang ka ho ikemisetsa ho ba etsetsa lintho tse molemo. Ke ’nete hore ho etsa mosebetsi oa boboleli ka bohona ke ketso e bontšang mosa. Leha ho le joalo, re ke ke ra bontša hore re amehile ka botebo ka batho feela ka ho ba bolella litaba tse molemo. Empa re tla bontša hore ka sebele re tsotella batho ba bang ka tsela eo ka kakaretso re sebelisanang le bona ka eona. Re ka bontša seo ka ho ba botsoalle, ka mekhoa e metle, ka tsela eo re ba mamelang ka eona, ka lintho tseo re li buang le kamoo re li buang kateng, esita le ka tsela eo re ba shebang ka eona.—Mat. 8:2, 3.

3 Ho rata batho le ho ameha ka bona ho tla boela ho re susumelletse hore re ba etsetse lintho tse itseng. Ha mor’abo rōna e mong oa pula-maliboho a ntse a sebetsa ka ntlo le ntlo, nkhono e mong oa mohlolohali o ile a mo leleka kapele feela ha a utloa hore ke Paki. O ile a bolella mor’abo rōna hore o ne a hloeletse holim’a lere a leka ho kenya lebone le lecha ha a utloa motho a kokota. Mora eo oabo rōna a mo araba tjena: “Ha ua lokela ho le kenya u le mong kaha u tla tsoa kotsi.” Nkhono eo a re a kene ka tlung. Eaba mor’abo rōna o kenya lebone le lecha ’me oa tsamaea. Nakoana hamorao ha mora oa nkhono eo a chaketse habo, ’mè oa hae a mo phetela se etsahetseng. O ne a hloletsoe haholo hoo a ileng a batla mora eo oabo rōna e le hore a mo lebohe. Ba ile ba qoqa hamonate, ’me qetellong a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele.

4 Ha re le mosa, re bontša hore Jehova o rata batho hakae ebile re khabisa molaetsa oa ’Muso. Kahoo, e se eka ka linako tsohle re ka “ipuella . . . hore re basebeletsi ba Molimo . . . ka [ho ba] mosa.”—2 Bakor. 6:4, 6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela