Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Tlhokomeliso: Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ho tla ba le kemiso ea Seboka sa Tšebeletso bakeng sa beke ka ’ngoe likhoeling tsa kopano. Liphutheho li ka etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore li ka ea Kopanong ea Setereke ea “Ho Mamela Molimo.” Ha ho hlokahala, sebelisang metsotso e 15 Sebokeng sa Tšebeletso sa ho qetela pele le ea kopanong bakeng sa ho hlahloba keletso le likhopotso tse tobileng tse sebetsang phuthehong ea lōna tse tsoang kenyelletsong ea khoeli ena. Ka mor’a khoeli e le ’ngoe kapa tse peli le tsoa kopanong, le lokisetse hore ho be le metsotso e 15 ho ea ho e 20 Sebokeng sa Tšebeletso (mohlomong karolong ea litlhoko tsa phutheho) ebe ho tšohloa lintlha tse khōlō tsa lenaneo la kopano tseo bahoeletsi ba fumaneng li le molemo bakeng sa tšebeletso ea tšimo. Karolo ena e khethehileng ea Seboka sa Tšebeletso e tla re fa monyetla oa hore re hlalose kamoo re sebelisang seo re ithutileng sona kopanong le kamoo se re thusitseng kateng hore re atlehe haholoanyane tšebeletsong ea rōna.
Beke e Qalang ka la 10 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tšohla litokisetso tsa ho qetela tsa ho ea tšimong e sa abuoang. Khothalletsa bohle hore ba tšehetse litokisetso tseo. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 12, (haeba li sebetsa tšimong ea lōna) lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa October 15 le Tsoha! ea November 8. Ka mor’a pontšo ka ’ngoe, totobatsa lintlha tsa bohlokoa tsa nehelano e sebelisitsoeng. Ho feta moo, hatisa lihlooho tse ka hare tse ka ’nang tsa khahla batho tšimong ea phutheho.
15 mets: Na U na le Mekhoa e Metle ea ho Bala? Puisano le bamameli e thehiloeng likarolong tse khethiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso leqepheng la 21-6. Lenaneo la rōna la ho bala le ka akarelletsa eng? (leq. 21, lebokose) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bala likhatiso tse lokiselitsoeng? (leq. 23, ser. 2) Ke eng ea bohlokoa e ka re thusang ho ba le lenaneo le letle la ho bala? (leq. 26, lir. 3-4) Le etsa joang e le hore le be le nako e khethehileng ea ho bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!? Seo se le ruisitse molemo joang?
20 mets: “Le ’ne le Bolele Lentsoe la Molimo ka Sebete.”a Kōpa bamameli hore ba bue ka maemo a ka ’nang a ba thatafalletsa ho iteta sebete ha ho hlokahala hore ba pake. Ke eng e ba thusitseng?
Pina ea 78 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 17 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. U sebelisa karolo ea 3 ea kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 2005, hlahloba ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tsa kamoo re ka sebelisang Mangolo ka katleho ha re khanna lithuto tsa Bibele.
15 mets: “Na U Sebelisa Limemo?” Puo le puisano le bamameli. Kōpa bamameli hore ba hlalose hore na ho sebelisa limemo ho bile le liphello life tse molemo. Akarelletsa pontšo e khutšoanyane ea mohoeletsi ea sebelisang sememo ho memela motho ea thahasellang sebokeng.
20 mets: “Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Mosa.”b Kōpa bamameli hore ba hlalose hore na re ka bontša batho ba bang mosa joang ha re le tšebeletsong ea tšimo. Litokollo tse tlang tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso li tla tšohla likarolo tse ling tsa ho bontša hore re thahasella batho bao re ba bolellang litaba tse molemo.
Pina ea 2 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 24 October
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa e ’ngoe ea litlhahiso tsa ho bua le batho e hlahang kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2005 kapa tsela e ’ngoe e sebetsang tšimong ea lōna, bontša hore na lingoliloeng tse tsamaisoang ka November li ka buelloa joang.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2005, leq. 8, ser. 5.
30 mets: “Roka Jehova Phuthehong e Khōlō.”c E lokela ho fanoa ke mongoli oa phutheho. Bolela hore na phutheho ea lōna e abetsoe ho ea kopanong efe. Tšohla lirapa tse nang le linomoro ka tsela eo Thuto ea Molula-Qhooa e tšoaroang ka eona. Mor’abo rōna ea abetsoeng o lokela ho bala lirapa. Tšohla lebokose le reng “Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke.”
Pina ea 153 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 31 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa October. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 12 (haeba li loketse tšimong ea lōna), etsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa November 1 le Tsoha! ea November 8 kateng. Pontšong e ’ngoe, rala motheo bakeng sa leeto le latelang ka ho bontša mong’a ntlo lebokose le reng “Tokollong ea Rōna e Tlang.”—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1998, leq. 8, lir. 7-8.
15 mets: Hlaolela Thahasello ka Tselana ea Limakasine. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea May 2005, leqepheng la 8. Re ka qalisa tselana ea limakasine joang? (ser. 1) Ke joang re ka lokisetsang lipuisano tse latellanang tseo ho tsona re sebelisang lengolo le le leng? (ser. 3) Ke hobane’ng ha ho sa lekana ho bala feela lengolo le khethiloeng? (ser. 4) Re ka etsa joang hore motho eo re mo isetsang limakasine kamehla e be thuto ea Bibele? (ser. 5) Akarelletsa le pontšo ea mohoeletsi ea tšohlang lengolo le le leng le motho eo a mo iselitseng limakasine.
20 mets: Bacha ba Tiileng Empa ba E-na le Tlhompho. Puo ka moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa September 15, 2002, leqepheng la 23-4, tlas’a sehloohoana se reng “Hana ka Tlhompho.” Lokisetsa hore mocha a le mong kapa ba babeli ba phete mathata ao ba bileng le ’ona sekolong le se ba thusitseng ho a hlōla.
Pina ea 222 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 7 November
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
20 mets: Loanela Hore Kelello ea Hao e se ke ea Lelera Libokeng. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa September 15, 2002, leqepheng la 12-14, serapeng sa 11-14. Hlahloba litlhahiso tse fanoeng, ebe u kōpa bamameli ho pheta se ba thusitseng ho rua molemo o moholo libokeng tsa phutheho.
20 mets: “Ntlafatsa Tsela eo U Behang Mabaka ka Eona.”d Kōpa bahoeletsi ba khethiloeng esale pele hore ba phete kamoo ba ileng ba atleha ho behelana mabaka le batho ba maemo a sa tšoaneng tšimong ea phutheho.
Pina ea 50 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.