Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/06 leq. 8
  • Na U na le Tšimo ea Botho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U na le Tšimo ea Botho?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U ka Rua Molemo ka ho ba le Tšimo ea Hao?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Ha Batho ba le Sieo Lapeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 12/06 leq. 8

Na U na le Tšimo ea Botho?

1. Tšimo ea botho ke eng?

1 Tšimo ea botho ke eo u e abetsoeng. E ka ’na eaba e sebakeng se setle seo u ka fihlang ho sona kapele ’me u e sebetse u le mong kapa le mohoeletsi e mong. Le hoja ho le molemo ho tšehetsa litokisetso tsa phutheho tsa ho paka ka sehlopha ha ho khoneha, ho ba le tšimo ea botho eo u ka e sebetsang ka linako tse ling, ho ka u thusa ho fana ka bopaki bo phethahetseng, haholo-holo liphuthehong tse nang le tšimo e khōlō.—Lik. 10:42.

2. E meng ea melemo ea ho ba le tšimo ea botho ke efe?

2 Melemo: Ba bang ba fumane melemo e eketsehileng ha ba bolela litaba tse molemo tšimong ea botho e haufi le mosebetsing nakong ea khefu ea lijo tsa motšehare kapa hang-hang ka mor’a mosebetsi. Ba bang ba thabetse ho qeta hora e le ’ngoe kapa ho feta moo, ba sebetsa hammoho e le lelapa haufi le moo ba lulang teng pele ba ea Thutong ea Buka ea Phutheho. Ka lebaka leo, maeto a ho boela le lithuto tsa Bibele tseo ba neng ba li fumana li ne li le haufi, e leng ho neng ho etsa hore ba se ke ba sokola ho fihla ho tsona, ba sebelise nako hamolemo ’me ba se ke ba kena litšenyehelong tse ngata. Kaha ho ka finyelloa ho hongata ka nako e khutšoanyane, ho ba le tšimo ea botho ho ka thusa ba bang hore ba nke bopula-maliboho bo thusang nako le nako kapa esita le ho nka bopula-maliboho ba kamehla. Ho phaella moo, ho sebetsa tšimo ea botho le ho tloaelana le beng ba matlo ho ka etsa hore ba re tšepe ’me ha re thusa ho fetola linehelano tsa rōna hore li lumellane le seo ba amehileng ka sona, e leng se tla etsa hore re atlehe haholoanyane tšebeletsong.

3. Morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho ea ileng a ba le tšimo ea botho o bile le phihlelo efe?

3 Morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho eo molebeli oa potoloho a ileng a mo khothalletsa ho ba le tšimo ea botho, o re: “Ke ile ka amohela keletso ena ’me ka potlako ka tloaelana le beng ba matlo ba tšimong ea ka ’me ka ba motsoalle oa bona. Ke ile ka fetola linako tseo ke ba etelang ka tsona e le hore li lumellane le bona. Ka lebaka lena, maeto a ka a ho boela a ile a tloha ho a 35 a nyolohela ho a 80 ka khoeli, ’me ke na le lithuto tsa lehae tsa Bibele tse supileng.”

4. Ke joang u ka fumanang tšimo ea botho le ho e sebetsa?

4 Tsela ea ho e Fumana: Haeba u batla ho kōpa tšimo ea botho, bua le mohlanka oa tšimo. U ka lokoloha ho mema mohoeletsi e mong hore a sebetse le uena, ’me u boloke tlaleho ea matlo ao u sa fumanang batho ho ’ona. U lokela ho leka ho qeta tšimo eo ka likhoeli tse ’nè. Haeba u hlōleha ho etsa joalo, u ka ’na ua kōpa thuso ho molebeli oa hao oa Thuto ea Buka ea Phutheho kapa ho ba bang. Ha likhoeli tse ’nè li fela, u ka khutlisa tšimo eo u qetileng ho e sebetsa kapa ua kōpa ho e sebetsa hape. Leha ho le joalo, ha ua lokela ho sebetsa tšimo e le ’ngoe ho ea ho ile, empa u lokela ho e khutlisa e le hore ba bang ba ka e kōpa. Haeba tšimo ea phutheho ea heno e le nyenyane ’me u sa khone ho ba le tšimo ea botho, mohlomong u ka kōpa karolo e itseng ea tšimo ho molebeli oa hao oa thuto ea buka.

5. Ho hlokahala eng e le hore re phethe mosebetsi oa rōna oa ho bolela?

5 Mosebetsi oa rōna oa ho bolela “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona” ke kabelo e khōlō haholo. (Mat. 24:14) O hloka tšebelisano-’moho e ntle. Ho ekelletsa bopaki boo re bo fanang re le sehlopha ka ho bolela litaba tse molemo tšimong ea botho ho ka re thusa ho bolella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng litaba tse molemo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela