Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Litsebiso
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | November
    • Litsebiso

      ◼ November: Ithute ho Mosuoe e Moholo. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. January: Buka efe kapa efe e hatisitsoeng pele ho 1991 eo phutheho e nang le eona setokong. Haeba le se na tsona setokong, ka kōpo botsang liphutheho tse haufi hore na li na le libuka tse ngata tsa khale setokong tseo le ka li sebelisang. Liphutheho tse se nang libuka tsa khale li ka tsamaisa bukana ea Le Lule le Lebetse!

      ◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 December kapa kapele ka mor’a moo. Haeba ho e-na le ak’haonte e ’ngoe ea banka, e kang ea tokiso kapa ea kaho, ho lokela ho etsoe litokisetso tsa hore le eona e hlahlojoe. Ha liak’haonte tseo li se li hlahlobiloe, phutheho e lokela ho tsebisoa ha ho baloa tlaleho e latelang ea liak’haonte. Liphutheho tse entseng kōpo ea ho ngolisoa e le Mekhatlo e Ruisang Sechaba Molemo (li-PBO) li kōptjoa ho romela liak’haonte tsa tsona tsa September, October le November ofising ea lekala ha li se li hlahlobiloe. Li lokela ho romeloa Accounting Office.

      ◼ Molebeli ea okamelang: Ka kōpo tiisa hore tlaleho ea Kabelo ea Tšimo e sa Abuoang (S-91) ea tlatsoa ’me e khutlisetsoa ofising ea lekala hammoho le ’mapa oa tšimo. Sena se lokela ho etsoa pele ho la 15 November, 2005. Hape ho kopanyelletsoe liphihlelo tse thahasellisang. Netefatsa hore ho sebelisoa setempe se loketseng bakeng sa enfelopo e khōlō.

      ◼ Video ea Transfusion-Alternative Health Care—Meeting Patient Needs and Rights e tla tšohloa Sebokeng sa Tšebeletso ka January. Haeba ha le na eona, le lokela ho e odara ka phutheho kapele kamoo ho ka khonehang.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | November
    • Litaba Tsa Puso ea Molimo

      ◼ Ke ka thabo e khōlō re le tsebisang hore ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse sa tsoa ahoa libakeng tse latelang: Balasi, Buhlanyanga le Hlobo, Eastern Cape; Protea le Magaliesburg, Gauteng; Magabeni, Madlanzini, Nkandla Central, Gqumeni, Mzamba, Impendle le Steadville, KwaZulu-Natal. Re babatsa bara le barali babo rōna bohle ba ileng ba tšehetsa merero ena ka ho ithaopela ho sebetsa le ho fana ka menehelo Letlōleng la Liholo Tsa ’Muso.

  • Re ka Thusa Joang?
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | November
    • Re ka Thusa Joang?

      1 Potso e reng “Re ka thusa joang?” e atisa ho botsoa ke Lipaki Tsa Jehova ha li utloa ka koluoa e hlahileng karolong e itseng ea lefatše. Joalokaha tlaleho e ho Liketso 11:27-30 e bontša, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba phallela barab’abo rōna ba lulang Judea ka lebaka la tlala e khōlō e neng e ba oetse.

      2 Mehleng ea kajeno, melao ea mokhatlo o hlophisitsoeng e lumeletse hore ho sebelisoe chelete mosebetsing oa ho thusa bahloki le ho phallela ba mahlomoleng ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho kapa tse bakiloeng ke batho le linakong tse ling tseo ho hlokahalang thuso ka tsona.

      3 Ka mohlala, selemong se fetileng barab’abo rōna ba ile ba fana ka monehelo oa ho thusa ba oetsoeng ke koluoa ea tsunami Asia Boroa. Karabelo ena e tlohang pelong e bontšoang ka menehelo e romeloang matlōleng a liphallelo a mokhatlo o hlophisitsoeng e ile ea ananeloa haholo. Leha ho le joalo, ha ho boletsoe hore menehelo ke ea koluoa e itseng ka ho khetheha, linaheng tse ling ho hlokahala hore e sebelisetsoe feela merero e bontšitsoeng ke mofani ’me e beheloa nako ea hore e sebelisoe, ebang barab’abo rōna ba sebakeng seo ba fumane seo ba se hlokang kapa che.

      4 Ka lebaka leo, ho khothalletsoa hore menehelo ea liphallelo e etsoe bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. Letlōle lena le sebelisoa bakeng sa liphallelo hammoho le ho ntšetsa pele litlhoko tsa moea tsa barab’abo rōna ba Bakreste. Haeba ka lebaka le itseng, motho a rata ho ntša monehelo oa liphallelo a sa o kopanye le oa mosebetsi oa lefatše lohle, o tla ’ne o ananeloe ’me o tla sebelisoa hohle moo ho hlokahalang thuso ea liphallelo. Leha ho le joalo, ho ka ananeloa haeba menehelo e joalo e fanoa ho sa boleloe ka ho toba hore na e sebelisoe hokae kapa ka tsela efe.

      5 Ho lebisa menehelo ea rōna mosebetsing oa lefatše lohle ho etsa hore ho be le chelete e eketsehileng e ka sebelisoang litšobotsing tsohle tsa mosebetsi oa ’Muso ho e-na le hore e bolokeloe likoluoa tsa nakong e tlang. Sena se tumellanong le moea o ho Baefese 4:16, oa hore re sebetse hammoho ho fana ka se hlokahalang hore ho be le “khōlo ea ’mele bakeng sa ho ikaha ha oona ka lerato.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela