-
LitsebisoTšebeletso ea ’Muso—2000 | November
-
-
Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka November: Kabo ea Kingdom News No. 36 e tla tsoela pele. Liphutheho tse akarelitseng masimo a tsona ka ho finyella ntlo e ’ngoe le e ’ngoe ka Kingdom News No. 36 li ka ’na tsa fana ka bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo. Haeba batho ba se ba ntse ba e-na le tsona, ho ka sebelisoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. December: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. January: Lekunutu la Thabo ea Lelapa kapa Moloko oa Batho o Batla Molimo. February: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela kapa buka leha e le efe e maqephe a 192 ea tse hatisitsoeng ka 1986 kapa pele ho moo tseo phutheho e nang le tsona setokong.
◼ Ka mor’a hore phutuho ea Kingdom News e fele, liphutheho tse ntseng li e-na le phepelo ea Kingdom News No. 36 li ka ’na tsa khothalletsa bahoeletsi hore ba fane ka tsona ka tsela e tšoanang le ea ha ba fana ka lipampitšana—ka ntlo le ntlo kapa kae-kae. Haeba ho loketse, bahoeletsi ba ka siea e le ’ngoe lapeng le leng le le leng moo ho se nang batho, ba etse bonnete ba hore ba fetang ka tsela ha ba e bone. Ho lokela hore ho etsoe boiteko ba ho aba likopi tsohle tse setseng tsa molaetsa ona oa bohlokoa.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 December kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se se se entsoe, a tsebise phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea liak’haonte.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa limemo tsa Sehopotso bakeng sa selemo sa 2001 kōpong ea tsona e latelang ea libuka. Limemo li fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa le Sezulu. Li lokela ho kōptjoa ka lihlopha tsa tse 100 puo ka ’ngoe. Ka kōpo odarang ka ho sebelisa kahlolo e molemo kaha limemo tsena li reretsoe batho ba thahasellang feela, eseng bakeng sa ho ajoa ka kakaretso.
-
-
Litaba Tsa Puso ea MolimoTšebeletso ea ’Muso—2000 | November
-
-
Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Phutheho ea Strandfontein (Cape Town) e ile ea nehela Holo ea eona ea ’Muso e ncha e hahiloeng ka potlako ka April. Morero ona o ile oa hapa thahasello e khōlō hobane holo ena e ile ea hahuoa ka mafelo-beke a le mang, ’me batho ba tsoang lihlopheng tse sa tšoaneng tsa merabe ba ile ba kopanela kahong ena. Koranta ea moo le eona e ile ea tlaleha ka ho kopanela le ho sebetsa ka thata ha baralib’abo rōna.
Phutheho ea Isipingo (Durban) e ile ea nehela holo ea eona ka May. Rea thaba hore ebe ka mor’a lilemo tse 12 tsa ho rera e ile ea qetella e e-na le sebaka sa eona sa borapeli.
Phutheho ea Katima Mulilo (Namibia) le eona e ile ea nehela holo ea eona ka May.
Phutheho ea Kanyamazane West le ea Ronaldsey (Mpumalanga) li ile tsa nehela liholo tsa tsona ka June, e leng ho tlisang palo ea liholo tse nehetsoeng qetellong ea June ho tse 16.
-
-
Lebokose la LipotsoTšebeletso ea ’Muso—2000 | November
-
-
Lebokose la Lipotso
◼ Motho ea neng a se a sa kopanele tšebeletsong ka nako e telele a ka thusoa joang hore a tšoanelehele hape ho ba mohoeletsi oa litaba tse molemo?
Ha motho ea seng a sa kopanele tšebeletsong a fana ka bopaki ba hore o na le takatso e tlohang botebong ba pelo ea ho sebeletsa Jehova, sena sea thabisa. (Luka 15:4-6) Mohlomong, motho eo o ile a lumella khanyetso kapa likhatello tsa bophelo hore li mo nkele nako ea thuto ea hae ea botho, ea ho ba teng libokeng le ea ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Ho ka fanoa ka thuso ea botho joang hamolemohali e le hore a ka tsoela pele moeeng?
Kaofela ha rōna re lokela ho nka bohato ba pele ho mo tiisetsa lerato la rōna la sebele la Bokreste. Baholo ba tla potlakela ho hlahloba litlhoko tsa hae tsa moea tse tobileng. (Jak. 5:14, 15) Haeba ho sa feta nako e telele a sa kopanele tšebeletsong, mohlomong ho ka hlokahala feela thuso e tsoang ho mohoeletsi ea nang le phihlelo hore a tsosolose motho eo tšebeletsong ea tšimo. Leha ho le joalo, haeba motho eo a ne a sa kopanele le phutheho ka nako e telele, mohlomong ho tla hlokahala thuso e eketsehileng. E le ho haha tumelo le kananelo, thuto ea Bibele ea botho bukeng e loketseng e ka ’na ea e-ba eona ntho e bohlale. Mabakeng a joalo, molebeli oa tšebeletso o tla lokisetsa hore mohoeletsi ea tšoanelehang a khanne thuto. (Baheb. 5:12-14; bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 1998, Lebokose la Lipotso.) Haeba u tseba motho e mong ea hlokang thuso e joalo, bua le molebeli oa tšebeletso phuthehong ea heno.
Pele re mema motho eo e leng khale a sa kopanele tšebeletsong hore a kopanele hape tšebeletsong, e ka ba bohlale hore baholo ba babeli ba kopane le eena ho bona hore na oa tšoaneleha e le mohoeletsi oa ’Muso. Ba tla latela mokhoa o tšoanang le o sebelisoang ha ho kopanoa le ba bacha ba batlang ho tšoaneleha e le bahoeletsi ba litaba tse molemo. (Bona Molula-Qhooa oa November 15, 1988, leqepheng la 17.) Motho eo ea neng a se a sa kopanele tšebeletsong o lokela ho ba le takatso e tiileng ea ho arolelana le ba bang litaba tse molemo. Hape ho hlokahala hore a khahlametse litlhokahalo tsa motheo tse thathamisitsoeng leqepheng la 98-9 bukeng ea Tšebeletso ea Rōna le hore a kopanele kamehla libokeng tsa phutheho.
Ho ba le kemiso e ntle ea moea ho tla etsa ho hoholo ho thusa eo ea khutlang hore a matlafatse le ho boloka kamano ea hae ea bohlokoa le Jehova le hore a ’ne a tsamaee tseleng e isang bophelong bo sa feleng. (Mat. 7:14; Baheb. 10:23-25) Ho etsa “boiteko bohle bo tiileng” le ho hlaolela litšoaneleho tsa Bokreste tse mamellang ho tla mo thibela hore a se hlole a fetoha ‘ea sa sebetseng kapa ea sa beheng’ joaloka morutuoa oa Mokreste.— 2 Pet. 1:5-8.
-