Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 264-leq. 268
  • Litšoantšo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšoantšo
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pono ea Bokreste ka Litšoantšo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Na Molimo o Lokela ho Rapeloa ka Litšoantšo?
    Tsoha!—2008
  • Na Litšoantšo li ka U Atametsa Haufi le Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Litšoantšo
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 264-leq. 268

Litšoantšo

Tlhaloso: Ka tloaelo, ke litšoantšetso tse bonahalang tsa batho kapa tsa lintho. Setšoantšo se rapeloang ke molimo oa bohata. Ba etsang ketso tsa borapeli ka pel’a litšoantšo hangata ba bolela hore borapeli ba bona bo hlile bo tobisitsoe ho moea o emeloang ke setšoantšo. Tšebeliso e joalo ea litšoantšo ke tloaelo malumeling a mangata ao e seng a Bokreste. Ka tloaelo ea Roma e K’hatholike New Catholic Encyclopedia (1967, Moq. VII, leq. 372) e re: “Kaha borapeli bo neoang setšoantšo boa fihla bo bile bo felella ho motho ea tšoantšelitsoeng, bona borapeli bo lokelang motho bo ka neoa setšoantšo joaloka se emelang motho.” Hase thuto ea Bibele.

Lentsoe la Molimo le re’ng ka ho etsoa hoa litšoantšo tse sebelisetsoang borapeli?

Ex. 20:4, 5: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng, leha e le setšoantšo se le seng sa tse holimo maholimong, leha e le sa tse tlase lefatšeng, leha e le sa tse metsing ka tlase ho lefatše. U se ke ua li khumamela, u se ke ua li sebeletsa [“ua li khumamela kapa ua li rapela,” NAB]: hobane ’na Jehova, Molimo oa hao, ke Molimo o boulelang.” (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.) (Hlokomela hore thibelo e ne e le khahlanong le ho etsoa hoa litšoantšo le ho khumama ka pel’a tsona.)

Lev. 26:1, JB: “Le se ke la etsa melimo ea bohata; le se ke la etsa setšoantšo se betliloeng kapa lejoe le emeng [“pilara e khethehileng,” NW], le se ke la emisa lejoe le betliloeng naheng ea habo lōna, ho khumama ka pel’a lona; hobane ’na, Yahweh, ke Molimo oa lōna.” (Ho hang ho ne ho sa lokela hore ho etsoe setšoantšo seo batho ba ka se khumamelang.)

2 Ba-Kor. 6:16, JB: “Tempele ea Molimo ha e na kopano le melimo ea bohata, ’me ke seo re leng sona—tempele ea Molimo o phelang.”

1 Joh. 5:21: “Bana, itšabiseng melimo ea bohata [“melimo ea bohata,” JB; “litšoantšo,” NAB, Dy, CC].”

Na litšoantšo li ka sebelisoa e le lithuso feela borapeling ba Molimo oa ’nete?

Joh. 4:23, 24: “Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo. Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.” (Ba tšepileng litšoantšo e le lithuso tsa boinehelo ha ba rapele Molimo “ka moea” empa ba itšetlehile ka seo ba ka se bonang ka mahlo a bona a nama.)

2 Ba-Kor. 5:7: “Re tsamaea ka tumelo, e seng ka pono.”

Esa. 40:18: “Molimo le tla o tšoantša ka mang? Setšoantšo ke sefe see le ka se bapisang le oona?”

Lik. 17:29: “Ha re le moloko oa Molimo, ha rea tšoanela re ka lekanya hore Molimo o ka tšoana le gauda, leha e le silevera, leha e le lejoe le betliloeng ka masene le ka khopolo ea motho.”

Esa. 42:8: “Ke ’na Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong khanya ea ka, nke ke ka nea litšoantšo [“lintho tse betliloeng,” Dy] thoko e ntšoanelang.”

Na re ka hlompha ka borapeli “bahalaleli” e le ba re rapellang ho Molimo, mohlomong re sebelisa litšoantšo tsa bona e le lithuso borapeling ba rōna?

Lik. 10:25, 26: “Eare ha Petrose a kena, Kornele a mo khahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a mo khumamela. Empa Petrose a mo tsosa, a re: Tsoha; le ’na ke motho feela.” (Kaha Petrose ha a ka a lumela ho rapeloa joalo ha a sa phela, na o ne a ka re khothalletsa ho khumama ka pel’a setšoantšo sa hae? Bona le Tšenolo 19:10.)

Joh. 14:6, 14: “Jesu a re ho eena: Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na. Ekare ha le kōpa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa.” (Mona Jesu o bolela ka ho hlaka hore re ka atamela Ntate ka eena feela le hore likōpo tsa rōna li lokela ho etsoa ka lebitso la Jesu.)

1 Tim. 2:5: “Molimo o mong feela, le ’Muelli mahareng a Molimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho.” (Mona ha ho sebaka sa hore ba bang ba sebeletse karolong ea bobuelli bakeng sa litho tsa phutheho ea Kreste.)

Bona le maqephe 35, 36, tlas’a sehlooho “Bahalaleli.”

Na barapeli ba hopotse haholo-holo ka motho ea tšoantšelitsoeng ke setšoantšo kapa na litšoantšo tse ling li talingoa li phahametse tse ling?

Boikutlo ba barapeli ke lebaka la bohlokoa le ka nahaneloang. Hobane’ng? Hobane phapang e khōlō pakeng tsa “setšoantšo” le “molimo oa bohata” ke hore na setšoantšo se sebelisoa joang.

Kelellong ea morapeli, na setšoantšo se seng sa motho ke sa bohlokoa haholo ho feta setšoantšo se seng sa motho eena eo? Haeba ho joalo, morapeli o hlile o hopotse ka setšoantšo, e seng motho. Ke hobane’ng ha batho ba nka maeto a malelele a borapeli ho ea rapela lihalalelong tse itseng? Na hase setšoantšo ka bosona se nkoang se e-na le matla a “mohlolo”? Ka mohlala, bukeng Les Trois Notre-Dame de la Cathédrale de Chartres, ka taelo ea Yves Delaporte, rea bolelloa mabapi le litšoantšo tsa Maria tse kerekeng e khōlō ea Chartres, France: “Litšoantšo tsena, tse betliloeng, tse ferefiloeng kapa tse entsoeng ligalaseng tsa lifenstere, ha lia tuma ka ho tšoana. . . Ke tse tharo feela tse hlileng li rapeloang ka sebele: Mofumahali oa Rōna oa Crypt, Mofumahali oa Rōna oa Pillar le Mofumahali oa Rōna oa ‘Belle Verriere.’” Empa haeba barapeli ba ne ba hopotse haholo ka motho e seng setšoantšo, setšoantšo se seng se ne se tla nkoa se le molemo joaloka se seng, na ha ho joalo?

Molimo o talima litšoantšo tse rapeloang joang?

Jer. 10:14, 15: “Moqhibilihisi e mong le e mong o hlabisoa lihlong ka setšoantšo sa hae, hobane setšoantšo sa hae se tšolotsoeng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona. Ntho tseo ke bosaoana, ke mesebetsi e somehang.”

Esa. 44:13-19: “’Metli o otlolla thapo holim’a lehong, a ngole setšoantšo ka potoloto, a se bōpe ka phalo, a se lekanye ka tekanyo, a se etse ka sebopeho sa motho le ka botle ba motho, se tle se lokele ho lula tlung. E mong a ithemele likedare, a nke le kyprese le eike, tsee a li khethang har’a lifate tsa moru; a jale pine, ’me e melisoe ke pula. ’Me motho a be le see a ka se besang, a fele a roalle sefate ho ikomosa ka sona, a be a bese mollo, a apehe bohobe ka sona; a iketsetse le molimo ka sona, a ntoo o khumamela; a betle setšoantšo, a se rapele. O besa sekoto se seng sa sona; ka sekoto seo o apeha linama tsa hae, a bese nama ea hae, a khore; a ikomose, a re: Eh, eh ke ikomositse, ’me ke bone mollo! Ebe ka koto se setseng o etsa molimo, setšoantšo sa hae, o inama pel’a sona, oa se khumamela; oa se rapela, o re: Mpoloke, hobane u molimo oa ka! Ba hlokile tsebo le kelello, hobane ba netiloe mahlo, hore ba se ke ba bona; le lipelo, hore ba se ke ba utloisisa ka tsona. Ha ho ea elelloang, ea nang le temoho le kelello ea ho re: ke besitse sekoto se seng mollong, ka mashala a sona ke apehile bohobe ba ka, ka ’ona ka ba ka besa le linama tsa ka, ka ja, ’me ka se seng nka etsa manyala na? Na nka khumama pel’a lekala la sefate na?”

Ezek. 14:6: “Morena Jehova o re: Sokolohang, le lahle litšoantšo [“melimo ea bohata e manyala,” NW] tsa lōna, le lahle le manyala ’ohle a lōna.”

Ezek. 7:20: “Mokhabo oo o khanyang ba o entse sebaka sa boithoriso, ka oona ba entse litšoantšo tse manyala tsa bona le tsohle tsa bona tseo ke li ilang; ka baka leo, ke ea li etsa litšila [“litšila,” Dy; “lithole,” NAB; “ntho e tšosang,” JB] ho bona.”

Re lokela ho ikutloa joang ka litšoantšo leha e le life tseo e ka ’nang eaba re ne re li hlompha ka borapeli?

Deut. 7:25, 26: “Le tla chesa litšoantšo tse betliloeng tsa melimo ea bona; u se ke ua lakatsa, ’me u se ke ua inkela silevera, leha e le gauda tse ho tsona, e se re hoo ea e-ba sefi ho uena; hobane ke manyala pel’a Jehova, Molimo oa hao. U se ke ua kenya ntho e manyala tlung ea hao, e se re mohlomong ua neeloa anathema joale ka ntho eo; e tšabe haholo, ’me u e ile haholo [“u e nyonye ka ho feletseng ’me u e ile ho hang,” NW].” (Ha batho ba Jehova kajeno ba sa lumelloa ho senya litšoantšo tsa batho ba bang, taelo ena ho Iseraele e fana ka mohlala oa kamoo ba lokelang ho talima litšoantšo leha e le life tseo ba nang le tsona tseo mohlomong e ka ’nang eaba ba ne ba li hlompha ka borapeli. Bapisa Liketso 19:19.)

1 Joh. 5:21: “Bana, itšabiseng melimo ea bohata [“litšoantšo, Dy].”

Ezek. 37:23: “Ha ba sa tla itšilafatsa ka litšoantšo tsa bona, . . . e tla ba sechaba sa ka, ’na ke be Molimo oa bona.”

Tšebeliso ea litšoantšo borapeling ekaba le phello efe bokamosong ba rōna?

Deut. 4:25, 26: “Ekare ha le ka itšenya, la etsa setšoantšo se betliloeng, kapa setšoantšo sa eng le eng [“molimo o mong oa bohata,” Kx; “ntho leha e le efe e joalo,” Dy], ’me la etsa tse mpe pel’a Jehova, Molimo oa hao, la mo halefisa, kajeno ke le biletsa leholimo le lefatše hore e be lipaki tsa hore . . . le tla timeletsoa ruri.” (Pono ea Molimo ha e-ea fetoha. Bona Malakia 3:5, 6.)

1 Ba-Kor. 10:14, 20: “Ka baka leo, baratuoa ba ka, le ke le tšabe tšebeletso ea litšoantšo. . . . Lintho tsee bahedene ba li hlabelang aletareng, ba li hlabela bademona, e seng Molimo: ’me ke hana hoba le ka jesana le bademona.”

Tšen. 21:8: “Ha e le ba boi, le ba sa lumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang melimo, le mahata kaofela, kabelo ea bona e ka letšeng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobeli [“lefu la ka ho sa feleng,” botlaaseng ba leqephe ho JB].”

Pes. 115:4-8 (113:4-8, lipalong tsa bobeli, Dy): “Litšoantšo tsa bona ke silevera le gauda, mosebetsi oa matsoho a batho. Li na le melomo, ’me ha li bue; li na le mahlo, ’me ha li bone; li na le litsebe, ’me ha li utloe; li na le linko, ’me ha li fofonele; li sitoa ho tšoara ka liatla tsa tsona; ka maoto a tsona ha li tsamaee, ha ho lentsoe le tsoang ’metsong oa tsona. Kamoo li leng kateng, ba li etsang ba tla ba joalo, le bohle ba beang tšepo ea bona ho tsona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela