Thuto 46
Lipapiso Tse Nkiloeng Maemong a Tloaelehileng
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Sebelisa lipapiso tse akarelletsang mesebetsi eo bamameli ba hao ba e etsang kapa litaba tseo ba li tsebang hantle.
Ke Hobane’ng ha e le Tsa Bohlokoa?
Lipapiso tse nkiloeng maemong a tloaelehileng li tla ama lipelo tsa bamameli.
KA HO hlakileng, ke habohlokoa hore lipapiso leha e le life tseo u li sebelisang li tšoanele boitsebiso boo u bo tšohlang. Leha ho le joalo, hore li atlehe haholo, ka ho tšoanang ke habohlokoa hore li tšoanele bamameli ba hao.
Mofuta o itseng oa bamameli o ka susumetsa lipapiso tseo u li khethang tseo u tla li sebelisa ha u bua le sehlopha sa batho joang? Jesu Kreste o ile a etsa joang? Ho sa tsotellehe hore na o ne a bua le matšoele kapa le barutuoa ba hae, Jesu ha aa ka a nka mehlala ea hae mekhoeng ea bophelo ba batho ba ka ntle ho linaha tsa Iseraele. Mehlala e joalo e ne e tla utloahala e sa tloaeleha ho bamameli ba hae. Ka mohlala, Jesu ha aa ka a bua ka bophelo ba boreneng ba Egepeta kapa ka mekhoa ea bolumeli ea India. Ho ntse ho le joalo, lipapiso tsa hae li ne li bua ka lintho tseo batho ba li tloaetseng linaheng tsohle. O ile a bua ka ho rōka liphahlo, ho ntšetsa khoebo pele, ho lahleheloa ke ntho e itseng ea bohlokoa le ho ea meketeng ea manyalo. O ne a utloisisa kamoo batho ba itšoarang kateng tlas’a maemo a sa tšoaneng ’me o ile a sebelisa tsebo ena. (Mar. 2:21; Luka 14:7-11; 15:8, 9; 19:15-23) Kaha boboleli ba hae ba phatlalatsa bo ne bo lebisitsoe ho sechaba sa Iseraele ka ho khetheha, hangata lipapiso tsa Jesu li ne li bua ka lintho le mesebetsi eo e neng e le karolo ea bophelo ba sona ba letsatsi le letsatsi. Kahoo, o ile a bua ka lintho tse kang temo, tsela eo linku li arabelang ho molisa oa tsona ka eona le ho bolokoa ha veine ka har’a makuka. (Mar. 2:22; 4:2-9; Joh. 10:1-5) Hape o ile a bua ka mehlala e tloaelehileng ea histori—ho bōptjoa ha banyalani ba pele ba batho, Moroallo oa mehleng ea Noe, ho timetsoa ha Sodoma le Gomora, ho shoa ha mosali oa Lota, ha re bua ka mehlala e seng mekae feela. (Mat. 10:15; 19:4-6; 24:37-39; Luka 17:32) Ha u khetha lipapiso, na le uena u nahana ka hloko ka lintho tseo bamameli ba hao ba li tloaetseng le tse tloaelehileng setsong sa bona?
Ho thoe’ng haeba u sa bue le sehlopha se seholo sa batho, empa u bua le motho a le mong kapa ba seng bakae feela? Leka ho khetha papiso e loketseng bamameli bao ba seng bakae ka ho khetheha. Ha Jesu a ne a pakela mosali oa Mosamaria selibeng haufi le Sikare, o ile a bua ka “metsi a phelang,” ‘ho se hlole u nyoroa le ka mohla’ le “seliba sa metsi a tšikhunyang ho fana ka bophelo bo sa feleng”—tseo kaofela e leng mekhabo-puo e neng e amana ka ho toba le mosebetsi oa mosali eo. (Joh. 4:7-15) ’Me ha a ne a bua le banna ba neng ba hlatsoa matlooa a bona a ho tšoasa litlhapi, mokhabo-puo oo a ileng a o khetha o ne o amana le mosebetsi oo oa ho tšoasa litlhapi. (Luka 5:2-11) Boemong leha e le bofe, a ka be a buile ka temo, kaha ba ne ba phela sebakeng sa temo, empa ho bua ha hae ka mosebetsi oa bona ho ile ha atleha hakaakang kaha o ile a etsa hore ba bone hoo ka mahlo a kelello! Na u leka ho etsa joalo?
Le hoja Jesu a ile a lebisa tlhokomelo “ho linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele,” moapostola Pauluse o ne a sa romeloa ho Baiseraele feela empa o ne a rometsoe le ho Balichaba. (Mat. 15:24; Lik. 9:15) Na see se ile sa etsa phapang mokhoeng oo Pauluse a neng a bua ka oona? E. Ha a ngolla Bakreste Korinthe, o ile a bua ka lipeiso tsa maoto, a bua ka tloaelo ea ho ja lijo litempeleng tsa litšoantšo ’me a bua ka mekoloko ea tlhōlo, lintho tseo Balichaba bao ba neng ba li tloaetse.—1 Bakor. 8:1-10; 9:24, 25; 2 Bakor. 2:14-16.
Na u hlokolosi joaloka Jesu le Pauluse ha u khetha lipapiso le mehlala eo u ka e sebelisang ha u ruta? Na u nahana ka semelo le lintho tseo bamameli ba hao ba li etsang letsatsi le letsatsi? Ke ’nete hore ho bile le liphetoho lefatšeng haesale ho tloha lekholong la pele la lilemo. Batho ba bangata ba khona ho tseba litaba tsa lefatše ka thelevishene. Hangata baa tseba hore na maemo a joang linaheng tse ling. Haeba boemo bo joalo sebakeng sa heno, ka sebele ha ho phoso ho etsa lipapiso ka boitsebiso bo joalo bo hlahang litabeng. Leha ho le joalo, hangata lintho tse amang batho ka ho teba ke tse amanang le bophelo ba bona ba botho—mahae a bona, malapa a bona, mesebetsi ea bona, lijo tseo ba li jang le boemo ba leholimo sebakeng seo ba phelang ho sona.
Haeba papiso ea hao e hloka hore u e hlalose haholo, e ka ’na eaba u bua ka ntho eo bamameli ba hao ba sa e tloaelang. Papiso e joalo e ka pupetsa morero oa thuto habonolo. Ka lebaka leo, bamameli ba ka ’na ba hopola papiso ea hao eseng ’nete ea Mangolo eo u neng u leka ho e fetisa.
Ho e-na le ho etsa lipapiso tse rarahaneng, Jesu o ile a sebelisa lintho tse bonolo tsa letsatsi le letsatsi. O ile a sebelisa lintho tse nyenyane ho hlalosa lintho tse khōlō le ho sebelisa lintho tse bonolo ho hlakisa lintho tse thata. Ka ho hokahanya liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi le linnete tsa moea, Jesu o ile a thusa batho hore ba utloisise habonolo linnete tsa moea tseo a neng a li ruta ’me ba li hopole. Oo ke mohlala o motle hakaakang oo re ka o latelang!
KAMOO U KA HŌLISANG BOKHONI BONA KATENG
Ithute hore u se ke ua nahana feela ka seo u batlang ho se bua empa u nahane le ka bamameli ba hao.
Ela hloko lintho tse etsahalang bophelong haufi le uena.
Iketsetse pakane ea hore beke le beke u sebelise bonyane papiso e le ’ngoe e loketseng eo ho seng mohla u kileng ua e sebelisa.
BOITLHAKISO: Sekaseka papiso e sebelisitsoeng ho Matheu 12:10-12. Ke hobane’ng ha e ile ea atleha?
Lipapiso tseo nka ’nang ka li sebelisa ha ke behelana mabaka le mocha ka litekanyetso tsa boitšoaro
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

Lipapiso tseo nka ’nang ka li sebelisa ha ke behelana mabaka le motho e moholo ka ’nete ea motheo ea Bibele