PHELA JOALOKA MOKRESTE
Boitšoaro bo Botle le Tlhompho li Nolofatsa Pelo
Hangata, ha barali babo rona ba le boitšoaro bo botle ba etsa hore banna ba bona ba qetelle e se e le lipaki. Leha ho le joalo, ho ka hlokeha hore ba mamelle mathata a mangata ka lilemo tse ngata. (1Pe 2:21-23; 3:1, 2) Haeba u tšoeroe hampe, tsoela pele u hlola bobe ka botle. (Bar 12:21) Monna oa hao a ka ’na a se ke a u mamela ha u bua le eena ka Bibele empa ha a bona mohlala oa hao o motle, a ka fetola maikutlo.
Leka ho ipeha boemong ba molekane oa hao. (Fil 2:3, 4) Mo Bontše kutloelo-bohloko le qenehelo u be u leke ka hohle ho phetha boikarabelo ba hao joaloka mosali. Mo mamele ka hloko. (Jak 1:19) E-ba le mamello ’me u mo kholise hore oa mo rata. Le haeba molekane oa hao a sa u hlomphe kapa a se mosa ho uena, kholiseha hore Jehova o ananela boiteko boo u bo etsang ba ho leka ho tšepahala.—1Pe 2:19, 20.
SHEBELLANG VIDEO EA JEHOVA O RE THUSITSE HO MAMELLA MATHATA A RONA, EBE LE ARABELA LIPOTSO TSE LATELANG:
Bophelo ba morali’a bo rona Grace bo ne bo le joang kamor’a hore a nyaloe?
Ke’ng e entseng hore a ithute Bibele?
Morali’a bo rona Grace o ile a mamella mathata joang ka mor’a hore a kolobetsoe?
O ile a rapella hore monna oa hae a etse’ng?
Ke litlhohonolofatso life tseo morali’a bo rona Grace a ileng a li fumana ka lebaka la ho ba le boitšoaro bo botle le ho hlompha?
Boitšoaro bo botle le tlhompho lia putsa!