Lebaka Leo ka Lona u Lokelang ho Tseba ’Nete ka Abrahama
ABRAHAMA—mohale oa tšōmong kapa moprofeta oa ’nete? Karabelo ea potso eo ke ea bohlokoa hakae? Ho latela tsela eo Bibele e balang nako ka eona, Abrahama o phetse lilemong tse ka bang 4 000 tse fetileng. Ka hona ba bang ba ka ’na ba pheha khang, ‘Ho etsa phapang ea eng hore na kannete o kile a ba teng kapa che?’
Koana, halofo ea baahi ba lefatše ke litho tsa malumeli a ipolelang hore a lumela ho Abrahama. 1988 Britannica Book of the Year e thathamisa karolo ea 32,9 lekholong ea lefatše e le Bakreste, karolo ea 17,2 lekholong e le Masolomane, le karolo ea 0,4 lekholong e le Bajode, ’me Abrahama ke motho ea hlahelletseng malumeling ana a mararo kaofela. Ka sebele, balumeli ba se nang boikaketsi ba litumelo tsena ba lokela ho ba le takatso ea ho tiisa hore seo ba se rutiloeng ka Abrahama ke ’nete. Esita le bao e leng litho tsa malumeli a mang kapa ba ipolelang e se ba bolumeli bofe kapa bofe ba lokela ho ba le thahasello. Hobane’ng?
Hobane Bibele e re Abrahama e ne e le moprofeta. (Genese 20:7) Leo ke lentsoe la Bibele le sebelisoang ho hlalosa ’muelli oa Molimo ea nkileng molaetsa o eang ho batho ba bang. Haeba Abrahama e ne e le moprofeta oa ’nete, bohle ba ka rua molemo. Hobane’ng? Hobane molaetsa oo a ileng a o amohela o ne o tšoaretse batho bohle litaba tse molemo. (Ba-Galata 3:8) Ho latela Bibele, Molimo o ile oa tšepisa Abrahama: “Malapa ’ohle a lefatše ka sebele a tla itlhohonolofatsa ka uena.”—Genese 12:3, NW.
Eo ke tšepiso e hlollang, ’me Abrahama o ile a utloa ha e phetoa bonyane ka makhetlo a mang a mabeli. (Genese 18:18; 22:18) Hore e phethahatsoe, Molimo o tla tsosa bafung baemeli ba malapa ’ohle a kileng a phela. Bophelo ba batho ba joalo ba tsositsoeng e tla ba tlhohonolofatso ea sebele, kaha ba bangata ho bona ba tla khutlela boemong ba lefatše bo tšoanang le Paradeise eo motho a ileng a e lahla qalong. Ka mor’a moo, ba tla rutoa hore na ke joang ba ka fumanang tlhohonolofatso ea bophelo bo sa feleng.—Genese 2:8, 9, 15-17; 3:17-23.
Ka lehlakoreng le leng, haeba Abrahama e ne e le motho oa tšōmong feela, ho ne ho ke ke ha e-ba le motheo oa ho lumela tšepiso e hlollang eo a ileng a e amohela. Ho feta moo, haeba litšepiso tsa Bibele e le tse ke keng tsa tšeptjoa, ba bang ba ka ’na ba pheha khang ea hore ba lokela ho inehela ka ho felletseng menyakeng ea bophelo bona. Ho joalokaha e mong oa Bakreste ba pele a ngotse: “Ekare ha bafu ba sa tsohe, a re jeng, a re noeng, hobane hosasane re se re ea shoa.”—1 Ba-Korinthe 15:32.
Ka hona, u na le mabaka ’ohle a ho hlahloba potso, Na Abrahama e ne e le mohale oa tšōmong feela kapa e ne e le moprofeta oa ’nete? Ho ka ’na ha u nyarosa ho tseba seo baruti ba tsebahalang ba lekholong la bo19 la lilemo ba se boletseng ka sena. Khabareng, baepolli ba lintho tsa khale ba entse litšibollo tse hlollang tse phephetsang lipono tsa baruti bao.