Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • th khao. 8 leq. 11
  • U ka Etsa Lipapiso Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa Lipapiso Joang?
  • Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “O ne a sa Bue le Bona Kantle ho Papiso”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • “O ne a sa Bue le Bona Kantle ho Papiso”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Sebelisa Temohisiso le Tšusumetso ha U Ruta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Etsisa Mosuoe e Moholo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
th khao. 8 leq. 11

KHAOLO 8

U ka Etsa Lipapiso Joang?

Lengolo le qotsitsoeng

Matheu 13:34, 35

NTLHA-KHOLO: Natefisa litaba tseo u li buang ka ho etsa lipapiso tse bonolo le tseo bamameli ba hao ba tla li utloisisa le ho rua molemo ho tsona.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Khetha lipapiso tse bonolo. Joaloka Jesu, bua mantsoe a bonolo empa a hlalosa litaba tse tebileng. Qoba ho kenyelletsa lintho tse ngata tse tla thatafatsa papiso ea hao. Etsa bonnete ba hore ntho eo u etsang papiso ka eona e lumellana le taba eo u buang ka eona, e le hore u se ke oa ferekanya bamameli ka litaba tse sa tšoaneng.

    Keletso

    Ela hloko lintho tse u potolohileng. Sheba hore na batho ba etsa’ng, bala libuka tsa Mokhatlo, u be u mamele ha mesuoe e hloahloa e ruta. Ha u ntse u ithuta lintlheng tsena, inkele malebela ka lipapiso tseo u tla li sebelisa ha u ruta batho ba bang. Ngola lipapiso tsena fatše.

  • Nahana ka lintho tse tla thusa bamameli ba hao. Khetha lipapiso tse buang ka lintho tseo bamameli ba hao ba ka li thabelang. Hlokomela hore lipapiso tseo li se ke tsa khopisa bamameli kapa tsa ba hlabisa lihlong.

  • E be tse hatisang ntlha ea sehlooho. Etsa hore lipapiso tsa hao e be tse buellang lintlha tsa sehlooho, eseng lintlha tsohle tse puong. Etsa hore bamameli ba se ke ba hopola feela papiso, empa ba hopole le hore na ba ithutile’ng ho eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela