Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • hf karolo 8 maq. 26-28
  • Ha U Hlaheloa ke Tlokotsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha U Hlaheloa ke Tlokotsi
  • Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1 ITŠETLEHE KA JEHOVA
  • 2 ITLHOKOMELE U BE U HLOKOMELE LE BA LELAPA LA HAO
  • 3 FUMANA TŠEHETSO
  • U ka Sebetsana le ho Kula ka Tšohanyetso Joang?
    Lihlooho Tse Ling
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Tšepa Jehova ka Linako Tsohle!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Jehova o Lebela Batho ba Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
hf karolo 8 maq. 26-28
Monna le mosali baa lla ka mor’a hore ngoana oa bona a shoe

KAROLO EA 8

Ha U Hlaheloa ke Tlokotsi

“Le thabisoa haholo ke ’nete ena, le hoja ka nakoana hona joale, haeba ho lokela ho ba joalo, le baketsoe mesarelo ke liteko tse sa tšoaneng.”—1 Petrose 1:6

Le hoja u leka kahohle hore ho be le thabo lelapeng le lenyalong la hao, ho ka etsahala lintho tseo u sa li lebellang tse ka u thatafalletsang hore u lule u thabile. (Moeklesia 9:11) Ka lerato, Molimo o re fa thuso ha re tobana le mathata. Haeba uena le ba lelapa la hao le sebelisa melao-motheo ena ea Mangolo, le tla atleha ho sebetsana le maemo ao, esita le a thata ka ho fetisisa.

1 ITŠETLEHE KA JEHOVA

SEO BIBELE E SE BUANG: ‘Lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho eena, hobane oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Kamehla, u hopole hore hase Molimo ea u bakelang liteko. (Jakobo 1:13) Ha u ntse u atamela ho eena, o tla u thusa ka tsela e molemo ka ho fetisisa. (Esaia 41:10) ‘Tšollela pelo ea hao ka pel’a hae.’—Pesaleme ea 62:8.

Hape u tla fumana matšeliso ha u bala Bibele letsatsi le letsatsi ebile u ithuta eona. Ka lebaka leo, u tla ikutloela kamoo Jehova a re “tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.” (2 Bakorinthe 1:3, 4; Baroma 15:4) O tšepisa hore o tla u fa “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.”—Bafilipi 4:6, 7, 13.

Ntate o sepetlele ’me o rapela le lelapa la hae

SEO U KA SE ETSANG:

  • Rapela Jehova hore a u thuse ho khoba matšoafo le ho nahana ka tsela e hlakileng

  • Hlahloba mekhoa eohle e sa tšoaneng eo u ka e latelang ’me u khethe o molemo ka ho fetisisa

2 ITLHOKOMELE U BE U HLOKOMELE LE BA LELAPA LA HAO

SEO BIBELE E SE BUANG: “Pelo ea ea nang le kutloisiso e fumana tsebo, ’me litsebe tsa ba bohlale li batla ho fumana tsebo.” (Liproverbia 18:15) Fumana lintlha tse feletseng. Leka ho tseba litlhoko tsa setho ka seng sa lelapa. Bua le bona, ’me u ba mamele.—Liproverbia 20:5.

U lokela ho etsa’ng ha motho eo u mo ratang a hlokahala? U se ke oa tšaba ho ntša bohloko. Hopola hore le Jesu o ile “a ntša meokho.” (Johanne 11:35; Moeklesia 3:4) Ho boetse ho bohlokoa hore u phomole u be u robale ka ho lekaneng. (Moeklesia 4:6) Sena se tla u thusa ho sebetsana le boemo boo bo utloisang bohloko.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Itloaetse ho buisana le ba lelapa la hao esita leha lintho li le tsamaela hantle. Sena se tla etsa hore ha mathata a hlaha, ba lokolohe ho bua le uena

  • Buisana le ba bang bao e ka ’nang eaba ba kile ba hlaheloa ke bothata bo tšoanang le ba hao

3 FUMANA TŠEHETSO

SEO BIBELE E SE BUANG: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Metsoalle ea hao e batla ho u thusa, empa e ka ’na eaba ha e tsebe hore na e u thuse joang. U se ke ua tšaba ho e bolella seo u hlileng u se hlokang. (Liproverbia 12:25) Hape, kōpa thuso litabeng tsa borapeli ho batho ba utloisisang Bibele. Tataiso e thehiloeng Bibeleng eo ba ka u fang eona e tla u thusa.—Jakobo 5:14.

U tla fumana thuso eo u hlileng u e hlokang haeba kamehla u ikopanya le batho ba nang le tumelo ho Molimo ba bile ba tšepa litšepiso tsa hae. Hape, u tla fumana matšeliso a maholo ha u khothatsa batho ba bang ba nyahameng. Buisana le bona ka tumelo eo u nang le eona ho Jehova le litšepisong tsa hae. Tšoareha ka ho thusa batho ba bang ba hlokang thuso, ’me u se ke ua itšehla thajana ho batho ba u ratang le ba u tsotellang.—Liproverbia 18:1; 1 Bakorinthe 15:58.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Buisana le motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo ’me u mo lumelle hore a u thuse

  • Toba taba ’me u bue ’nete ha u hlalosa seo u se hlokang

SEO E LENG SA BOHLOKOA

Esita le haeba u ikutloa u imetsoe, tsoela pele ho itšetleha ka Molimo. Ha Jobo a le litekong, o ile a re: “Lebitso la Jehova le ke le tsoele pele ho bokoa.” (Jobo 1:21, 22) Joaloka Jobo, u se ke ua ameha haholo ka matšoenyeho a hao, empa u amehe ka lebitso la Jehova le ho etsa thato ea hae. Ha lintho li sa tsamaee ka tsela eo u neng u nahanne ka eona, u se ke ua tela. Tšepa Molimo ka ho feletseng. O re: “‘Ke tseba hantle menahano eo ke e nahanang ka lōna,’ ho bolela Jehova, ‘menahano ea khotso, eseng ea tlokotsi, ho le fa bokamoso le tšepo.’” —Jeremia 29:11.

IPOTSE . . .

  • Na ke tšepa Jehova ka ho feletseng esita le linthong tse nyenyane?

  • Ke mabaka afe ao ka ’ona nka lebohang Jehova letsatsi le leng le le leng ka molemo oa hae?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela