Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/03 leq. 1
  • Mosebetsi o Hlokang Boikokobetso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosebetsi o Hlokang Boikokobetso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlaolela Boikokobetso ba Sebele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara Boikokobetso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Jehova o Rata Bahlanka ba Hae ba Ikokobelitseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Jesu o re Behetse Mohlala oa Boikokobetso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 1/03 leq. 1

Mosebetsi o Hlokang Boikokobetso

1 Lentsoe la Molimo le re khothalletsa hore re be ‘ba ikokobelitseng kelellong, ba sa phetetseng bobe ka bobe empa, ho fapana le hoo, ba hlohonolofatsang.’ (1 Pet. 3:8, 9) Ka sebele keletso eo ea sebetsa mosebetsing oa boboleli. Ha e le hantle, mosebetsi oa Bokreste o ka beha boikokobetso ba rōna tekong.

2 Boikokobetso ke tšobotsi e re thusang ho mamella maemong a sa thabiseng. Ha re etsa boboleli, re etela batho bao re sa ba tsebeng ba sa re memang, re tseba hore ba bang ba tla arabela ka ho hloka mosa. Ho tsoela pele ka boboleli tlas’a tšoaro e joalo ho hloka boikokobetso. Tšimong e ’ngoe e thata ho sebetseha, baralib’abo rōna ba babeli ba bo-pula-maliboho ba ile ba qeta lilemo tse peli ba e-ea ka ntlo le ntlo letsatsi le leng le le leng ho se motho ea arabelang! Leha ho le joalo, ba ile ba mamella, ’me hona joale ho na le liphutheho tse peli sebakeng seo.

3 Ho Sebetsana le ba se Nang Mekhoa e Metle: Boikokobetso bo tla re thusa ho etsisa Jesu ha ba bang ba re hlokela mosa kapa tlhompho. (1 Pet. 2:21-23) Lelapeng le leng morali’abo rōna e mong o ile a tjolietsoa, qalong ke mosali ha ntan’o latela monna, ea ileng a mo laela hore a tsoe ha hae. Morali’abo rōna o ile a bobotheha ’me a re o tšepa hore ka le leng o tla buisana le bona. Sena se ile sa khahla banyalani bana hoo ba ileng ba mamela ha Paki e ’ngoe e latelang e ba etetse ’me ba amohela memo ea ho ba teng sebokeng Holong ea ’Muso. Morali’abo rōna ea neng a ile a lelekoa ka ntšoe li sa fohloa o ne a le teng moo ho ba lumelisa le ho ba pakela ka ho eketsehileng. Le rōna re ka nolofatsa ba sa amoheleng ka ho bonahatsa “maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.”—1 Pet. 3:15; Liprov. 25:15.

4 Qoba ho Ikakasa: Ho tseba ha rōna Bibele ha ho re fe lebaka la hore re khelle batho ba bang fatše kapa re bue ka bona ka tsela e ba nyenyefatsang. (Joh. 7:49) Ho e-na le hoo, Lentsoe la Molimo le re eletsa hore ‘ho se be le eo re mo buang hampe.’ (Tite 3:2) Ha re ikokobelitse pelong, ho tšoana le Jesu, re khatholla ba bang. (Mat. 11:28, 29) Katamelo e ikokobelitseng e etsa hore molaetsa oa rōna o ipiletse le ho feta.

5 E, boikokobetso bo re thusa ho mamella tšimong e thata. Bo ka nolofatsa ba sa amoheleng molaetsa, ’me ba hohela ba bang molaetseng oa ’Muso. Ka holimo ho tsohle, bo thabisa Jehova, ea ‘fanang ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.’—1 Pet. 5:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela