Thuto 27
Ho Bua U sa Bale Kemiso e Ngotsoeng
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Bua ka mokhoa o bontšang ho khetha mantsoe u sa sokole le hore u lokiselitse mehopolo ka hloko.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Ho bua u sa bale kemiso e ngotsoeng ke tsela e atlehang haholo ea ho hapa thahasello ea bamameli le ho ba susumetsa.
MOHLOMONG u sebelitse ka thata ho lokisetsa puo ea hao. Mohlomong boitsebiso ba hao ke bo rutang. Mohlomong seo u se buang sea utloahala. Mohlomong u tla khona ho e nehela ka mokhoa o phollatsi. Empa haeba bamameli ba hao ba sa lebisa tlhokomelo eohle ho uena—ba mamela feela likarolo tse itseng tsa seo u se buang kahobane likelello tsa bona li lelerela linthong tse ling khafetsa—nehelano ea hao e tla atleha hakae? Haeba ba thatafalloa ho tsepamisa likelello tsa bona puong, na u ka khona ho finyella lipelo tsa bona?
Bothata bo joalo bo bakoa ke eng? Ho na le mabaka a sa tšoaneng a ka tlatsetsang bothateng boo. Hangata, bothata ke ho hlōleha ho fana ka puo u sa bale kemiso e ngotsoeng. Ka mantsoe a mang, sebui se sheba lintlha tsa sona khafetsa haholo, kapa mokhoa oa sona oa ho bua ke o sa tenyetseheng. Leha ho le joalo, mathata ana a amana ka ho toba le tsela eo puo e lokisetsoang ka eona.
Haeba u qala ka ho ngola puo ea hao lentsoe ka lentsoe ebe u leka ho e fetola hore e be kemiso, u ka ’na ua thatafalloa ho fana ka puo eo u sa bale kemiso e ngotsoeng. Hobane’ng? Hobane u khethile mantsoe a tobileng ao u rerang ho a sebelisa. Esita le haeba u sebelisa kemiso eo bakeng sa ho fana ka puo, u tla be u leka ho hopola mantsoe ao u a sebelisitseng kemisong ea hao ea pele. Ha boitsebiso bo ngotsoe lentsoe ka lentsoe, puo e sebelisitsoeng moo ha e tenyetsehe ’me tsela eo polelo e hlophisitsoeng ka eona e rarahane ho feta kamoo ho tloaelehileng kateng puong ea letsatsi le letsatsi. Seo se tla bonahala nehelanong ea hao.
Ho e-na le ho ngola makolopetso ’ohle a puo, leka ho etsa se latelang: (1) Khetha sehlooho le likarolo tse khōlō tsa taba tseo u tla li sebelisa ha u hōlisa sehlooho seo. Bakeng sa puo e khutšoanyane, mohlomong lintlha tse peli tse khōlō li lekane. Puo e teletsana e ka ’na ea e-ba le lintlha tse ’nè kapa tse hlano. (2) Ka tlas’a ntlha ka ’ngoe e khōlō, ngola mangolo a sehlooho ao u rerang ho a sebelisa ha u e hōlisa; ngola le lipapiso le mabaka a bohlokoa. (3) Nahana kamoo u tla kenyelletsa puo eo kateng. U ka ’na ua ngola polelo e le ’ngoe kapa tse peli. Hape, lokisetsa sephetho sa hao.
Ho lokisetsa ha u tl’o fana ka puo ke habohlokoa haholo. Empa u se ke ua pheta puo lentsoe ka lentsoe ka morero oa ho tšoara lentsoe le leng le le leng ka hlooho. Puong e neheloang ho sa baloe kemiso e ngotsoeng, ho lokisetsa ha u tl’o fana ka puo ho lokela ho lebisa tlhokomelo mehopolong e tla tšohloa, eseng mantsoeng. Mehopolo eo e lokela ho phetoa ho fihlela e latellana habonolo ka kelellong ea hao. Haeba kaheho ea puo ea hao e hōlisitsoe ka mokhoa o utloahalang ’me e reriloe hantle, sena se ke ke sa e-ba thata, ’me mehopolo e tla itlela habonolo feela puong ea hao.
Nahana ka Melemo. Molemo oa bohlokoa oa puo e fanoang ho sa baloe kemiso e ngotsoeng ke hore u tla be u bua ka mokhoa oa sebele oo batho ba arabelang ho oona habonolo. Puo ea hao e tla ba e tletseng bophelo haholoanyane kahoo e be e thahasellisang haholoanyane ho bamameli ba hao.
Mokhoa ona oa ho bua o u lumella hore u lule u shebile bamameli ba hao, e leng ntho e ntlafatsang kamano ea hao le bona. Kaha ha ua itšetleha ka lintlha tseo u li ngotseng bakeng sa mantsoe a leng polelong e ’ngoe le e ’ngoe, bamameli ba hao ba tla ba le tšekamelo e khōloanyane ea ho nahana hore u tseba taba ea hao hantle le hore ka sebele u lumela seo u se buang. Kahoo, mokhoa ona oa ho bua o molemo bakeng sa nehelano e mofuthu, le e etsoang ka mokhoa oa moqoqo, puo ea sebele e tsoang pelong.
Puo e fanoang ho sa baloe kemiso e ngotsoeng e boetse e etsa hore u khone ho tenyetseha. Boitsebiso ba eona ha bo thata hoo u ke keng ua khona ho bo fetola. Ha re re hoseng letsatsing leo u tla fana ka puo ea hao ka lona, ho hlaha tlaleho e ikhethang litabeng e amanang ka ho toba le taba ea hao. Na e ne e ke ke ea e-ba ho loketseng hore u bue ka eona? Kapa mohlomong ha u ntse u bua, u hlokomela hore har’a bamameli ho na le bana ba bangata ba kenang sekolo. Ho ne ho ka ba molemo hakaakang hore u fetole lipapiso tsa hao le ho bontša kamoo taba e sebetsang kateng ka sepheo sa ho ba thusa ho utloisisa kamoo boitsebiso boo bo amang bophelo ba bona kateng!
Molemo o mong oa puo e fanoang ho sa baloe kemiso e ngotsoeng ke tsela eo e susumetsang kelello ea hao ka eona. Ha bamameli ba hao ba e-na le kananelo, e le ba arabelang, uena ka bouena u ba mafolofolo ’me u qaqisa mehopolo kapa u ba le nako ea ho pheta lintlha tse itseng bakeng sa ho hatisa taba. Haeba u hlokomela hore bamameli ba felloa ke thahasello, u ka nka mehato ea ho hlōla bothata boo ho e-na le hore feela u bue le batho bao likelello tsa bona li lelerang.
Qoba Likotsi Tse Patehileng. U lokela ho hlokomela hore ho bua u sa bale kemiso e ngotsoeng le hona ho ka ’na ha e-ba le likotsi tse patehileng. E ’ngoe ea tsona ke tšekamelo ea ho ja nako. Haeba u kenyelletsa mehopolo e mengata haholo e eketsehileng ha u ntse u bua, u ka ’na ua ba le bothata ba nako. U ka bo hlōla ka hore u ngole nako e behiloeng bakeng sa karolo ka ’ngoe ea puo kemisong ea hao. Ebe u khomarela kemiso ena.
Kotsi e ’ngoe, haholo-holo bakeng sa libui tse nang le phihlelo, ke ho itšepa ho tlōla. Kahobane libui tse ling li se li tloaetse ho bua phatlalatsa, li ka ’na tsa fumana ho le bobebe ho etsa hlaahlaafethe feela ’me li tlatse nako e fanoeng. Empa boikokobetso le kutloisiso ea hore re kopanetse lenaneong la thuto leo Jehova ka boeena e leng Morupeli e Moholo ho lona ho lokela ho re susumelletsa ho phetha kabelo e ’ngoe le e ’ngoe ka boikutlo ba thapelo ’me re lokisetse hantle.—Esa. 30:20; Bar. 12:6-8.
Mohlomong ntho eo libui tse ngata tse se nang phihlelo ea ho bua li sa bale kemiso e ngotsoeng li amehileng haholo ka eona ke hore li ka ’na tsa lebala seo li neng li batla ho se bua. U se ke ua lumella tebello ena hore e u thibele ho nka bohato bona bo tsoelang pele ba ho bua ka mokhoa o atlehang. Lokisetsa hantle ’me u itšetlehe ka Jehova bakeng sa thuso ea moea oa hae.—Joh. 14:26.
Libui tse ling li sitisoa ke ho ameha haholo ka ho sebelisa mantsoe a nepahetseng. Ke ’nete hore puo e fanoang ho sa baloe kemiso e ngotsoeng e ka ’na ea se ke ea e-ba le mantsoe a khethiloeng ka hloko le ho sebelisa sebōpeho-puo se nepahetseng joaloka puo e baloang, empa mokhoa oa eona o ipiletsang oa ho qoqa o tla koahela khaello eo. Batho ba arabela habonolo mehopolong e fanoang ka mantsoe ao ba a utloisisang habonolo le lipolelong tse sa rarahanang. Haeba u lokisetsa hantle, mantsoe a loketseng a tla itlela feela, eseng kahobane u a tšoere ka hlooho, empa kahobane u ile ua hlahloba mehopolo ka ho lekaneng. ’Me haeba u bua hantle moqoqong oa letsatsi le letsatsi, ho tla itlela feela hore u bue hantle ha u le sethaleng.
Mofuta oa Lintlha Tse Ngotsoeng Tseo U ka li Sebelisang. Ka mor’a nako e itseng le ka boitlhakiso, mohlomong u ka khona ho fokotsa kemiso ea hao hore e be le mantsoe a seng makae feela bakeng sa ntlha ka ’ngoe ea puo ea hao. Mantsoe ana, hammoho le mangolo ao u a ngotseng ao u rerang ho a sebelisa, a ka ngoloa kaofela kareteng kapa pampiring hore ho be bonolo ho a bona. Bakeng sa tšebeletso ea tšimo, maemong a mangata u tla ba le kemiso e bonolo eo u e tšoereng ka hlooho. Haeba u entse lipatlisiso ka taba e itseng bakeng sa leeto la ho boela, u ka ’na ua ngola lintlha se seng kae tse khutšoanyane sekhechaneng sa pampiri ’me u se kenye ka Bibeleng ea hao. Kapa u ka ’na ua sebelisa kemiso ea “Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano” kapa boitsebiso bo fumanoang bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo e le motheo oa puisano ea hao.
Leha ho le joalo, haeba u abetsoe ho fana ka lipuo tse ’maloa sebokeng nakong ea libeke tse seng kae mohlomong le ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa, u ka ’na ua fumana hore u hloka lintlha tse ngata tse ngotsoeng. Hobane’ng? Bakeng sa ho ikhopotsa boitsebiso boo pele u fana ka e ’ngoe le e ’ngoe ea likabelo tseo. Leha ho le joalo, haeba u itšetleha haholo ka lintlha tse ngotsoeng bakeng sa mantsoe ha u fana ka puo ea hao—u li sheba ka nako e itseng hoo e batlang e le polelong e ’ngoe le e ’ngoe—u tla lahleheloa ke melemo e tlisoang ke ho fana ka puo u sa bale kemiso e ngotsoeng. Haeba u sebelisa lintlha tse ngata haholo tse ngotsoeng, li tšoaee e le hore u khone ho sheba feela mantsoe a seng makae a tšoailoeng le mangolo a bōpang kemiso ea hao.
Le hoja ka tloaelo puo e fanoang ke sebui se nang le phihlelo ka ho khetheha e lokela ho fanoa e sa baloe kemisong e ngotsoeng, ho ka boela ha e-ba le melemo e itseng ho kenyelletsa mekhoa e meng ea ho fana ka puo. Kenyelletsong le sephethong, moo ho sheba bamameli ka ho toba ho lokelang ho tsamaisana le mantsoe a matla a boletsoeng ka hloko, lipolelo tse seng kae tse buuoang ka hlooho li ka sebetsa. Haeba ho sebelisitsoe lintlha, lipalo, mantsoe a qotsitsoeng kapa mangolo, ho bala lintho tsena ho loketse ebile ho ka sebelisoa ka tsela e tlisang liphello tse matla.
Ha ba Bang ba Batla ho Hlalosetsoa Lebaka. Ka linako tse ling re kōptjoa hore re hlalose litumelo tsa rōna re sa fuoa monyetla oa ho lokisetsa esale pele. Sena se ka etsahala ha motho eo re kopanang le eena tšebeletsong ea tšimo a hlahisa khanyetso. Maemo a joalo a ka hlaha ha re e-na le beng ka rōna, ha re le mosebetsing kapa ha re le sekolong. Liofisiri tsa ’muso le tsona li ka ’na tsa batla ho hlalosetsoa litumelo tsa rōna le tsela eo re phelang ka eona. Mangolo ha a khothalletsa sena, a re: “Kamehla le [lokele] ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna, empa le etsa joalo ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.”—1 Pet. 3:15.
Hlokomela kamoo Petrose le Johanne ba ileng ba araba Sanhedrine ea Bajuda kateng, joalokaha ho tlalehiloe ho Liketso 4:19, 20. Ka lipolelo tse peli feela, ba ile ba bolela boemo ba bona ka ho hlakileng. Ba ile ba ho etsa ka tsela e neng e loketse bamameli ba bona—ba bontša hore taba eo baapostola ba neng ba talimane le eona le lekhotla le ne le talimane le eona. Hamorao, Setefane o ile a qosoa ka bohata ’me a tlisoa ka pel’a lekhotla lona leo. Bala karabo ea hae ea tšohanyetso ho Liketso 7:2-53. O ile a hlophisa boitsebiso ba hae joang? O ile a bolela liketsahalo ka ho latellana ha tsona historing. Ka nako e loketseng, o ile a qala ho totobatsa moea oa bofetoheli o neng o bontšoa ke sechaba sa Iseraele. Qetellong, a bontša hore Sanhedrine e ile ea bontša moea o tšoanang ka ho bolaea Mor’a Molimo.
Ha u kōptjoa hore u hlalose litumelo tsa hao ka tšohanyetso, ke eng e ka u thusang ho etsa hore litlhaloso tsa hao e be tse atlehang? Etsisa Nehemia, ea ileng a rapela a khutsitse pele a araba potso e neng e botsitsoe ke Morena Artaxerxerse. (Neh. 2:4) Ka mor’a moo, iketsetse kemiso ka kelellong kapele. Mehato ea motheo e ka ’na ea thathamisoa ka tsela ena: (1) Khetha ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse lokelang ho akarelletsoa tlhalosong eo (u ka ’na ua khetha ho sebelisa lintlha tse leng bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo). (2) Etsa qeto hore na u tla sebelisa mangolo afe ho tšehetsa lintlha tseo. (3) Rera kamoo u tla qala tlhaloso ea hao ka masene kateng e le hore motho ea botsang a be le thahasello ea ho mamela. Joale qala ho bua.
Ha u le tlas’a khatello, na u tla hopola seo u lokelang ho se etsa? Jesu o ile a bolella balateli ba hae a re: “Le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla bua joang kapa eng; kaha seo le tla se bua le tla se fuoa ka hora eo; etsoe hase lōna ba buang, empa ke moea oa Ntat’a lōna o buang ka lōna.” (Mat. 10:19, 20) Sena ha se bolele hore u tla ba le “puo ea bohlale” ea mohlolo e ileng ea fuoa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. (1 Bakor. 12:8) Empa haeba kamehla u amohela thuto eo Jehova a e nehang bahlanka ba hae phuthehong ea Bokreste, moea o halalelang o tla u hopotsa boitsebiso bo hlokahalang ha u bo hloka.—Esa. 50:4.
Ntle ho pelaelo, ho fana ka puo u sa bale kemiso e ngotsoeng ho ka atleha haholo. Haeba u itloaetsa ho ho etsa kamehla ha u fana ka lipuo phuthehong, joale ho fana ka likarabo ka tšohanyetso ha ho hlokahala ho ke ke ha e-ba thata, kaha ho sebetsa mokhoa o tšoanang oa ho etsa kemiso. U se ke ua tsilatsila ho etsa joalo. Ho ithuta ho bua u sa bale kemiso e ngotsoeng ho tla u thusa ho etsa hore tšebeletso ea hao ea tšimo e atlehe haholoanyane. ’Me haeba u e-ba le tokelo ea ho fana ka lipuo phuthehong, ho ka etsahala hore u khone ho hapa tlhokomelo ea bamameli le ho ba ama lipelo.
KAMOO U KA HO FINYELLANG KATENG
Hatisa ka kelellong ea hao melemo ea puo e fanoang ho sa baloe kemiso e ngotsoeng.
Ho e-na le ho ngola puo ea hao lentsoe ka lentsoe, etsa kemiso e bonolo.
Itokisetse ho bua ka hore u phete ka kelellong ntlha ka ’ngoe e khōlō ka thōko. Ho e-na le ho ameha haholo ka mantsoe, nahana haholo ka ho hōlisa mehopolo ka mokhoa o utloahalang.
BOITLHAKISO: (1) Ha u lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa, itloaetse ho thalla mola feela ka tlas’a mantsoe a bohlokoa ho e-na le ho thalla lipolelo kaofela. Araba ka mantsoe a hao. (2) Ha u lokisetsa ho fana ka puo ea hao e latelang sekolong, qala ka ho ikhopotsa ka kelellong sehlooho le lintlha tsa hao tse peli kapa tse tharo tse khōlō.