Lintlha Tsa Bibele Tsa Sehlooho Nehemia 1:1-13:31
Borapeli ba ’Nete Boa Hlōla
Borapeli ba ’nete bo hlōla ka ketso ea makhaola-khang le ho itšetleha ka ho feletseng ka Jehova. Ke oona moko oa buka ea Nehemia. Ke tlaleho e phelang ea ho tsosolosoa hoa marako a Jerusalema tlas’a boetapele bo sebete ba Nehemia.
Buka ena e koahela nako e mahlonoko, nakong eo libeke tse 70 tsa lilemo tse isang ho hlaheng hoa Messia li neng li lokela ho qala ka eona. (Daniele 9:24-27) Temana e qalang le motho ea buang ka ho hlakileng li tsebahatsa Nehemia e le eena mongoli. Buka ena ke ntšetso-pele ea Esdrase, e tsoela pele ka tlhaloso ka lilemo tse ka bang 12 kamorao ho liketsahalo tse tlalehiloeng ke Esdrase.
Ha re ntse re bala tlaleho ena, re bona ka ho babatsehang kamoo Jehova a sebetsang liketsahalo e le hore thato ea hae e ka phethahala. Re boetse re hlokomela kamoo a matlafatsang le ho tšelisa bahlanka ba hae ba tsepahalang.
Mahlomola a Jerusalema
Ka kōpo bala Nehemia 1:1-2:20. Nehemia, moqhatsetsi oa morena oa Persia, a ithuta hore marako a Jerusalema e ntse e le lithako le hore batho ba mono ba “mahlomoleng a maholo.” A tsielehile ka ho tebileng, Nehemia o tšollela pelo ea hae ho Jehova ka thapelo e tilleng. Masoabi a hae a hlokomeloa ke morena, kahoo a bulela Nehemia tsela ea ho leba Jerusalema ho ea bona hore na o tsosolosa marako a motse joang.
◆ 1:1—E ne e le ka selemo sefe?
Sena e ne e le selemo sa bo20 sa Morena Artaxerxese (Longimanus). (2:1) Kaha Kisleu (Pulungoana-Tšitoe) e tla pele ho Nisane (Tlhakubele-’Mesa) tlhalosong ena, ho totobetse hore marena a Persia a ne a bala selemo ka seng sa puso ea oona ho tloha ha se thoasa ho fihlela ha se thoasa hape, kapa ho tloha nakong eo a qalileng ho lula teroneng ka eona hantle. Bopaki bo tšepahalang ba histori le boprofeta bo phethahalitsoeng ba Bibele li supa 455 B.C.E e le sona selemo seo ka sona Nisane ea selemo sa bo20 sa ho busa hoa Artaxerxese e ileng ea fela. Kahoo, tlaleho ea Nehemia e qala ka hoetla 456 B.C.E., ’me taelo ea ho tsosolosa marako a Jerusalema e ile ea ntšoa selemo ka 455 B.C.E.
◆ 2:4—Na ee e ne e le thapelo ea motsotso oa ho qetela ea tsieleho?
Che, hobane boemo ba lesupi ba Jerusalema e ne e bile lebaka la lithapelo tsa Nehemia “motšehare le bosiu” ka nako e batlang e le telele. (1:4, 6) Eare ha a fuoa monyetla oa ho bolella Morena Artaxerxese ka takatso ea hae ea ho tsosolosa marako a Jerusalema, Nehemia a boela a rapela, kahoo a etsa seo a ’nileng a se pheta khafetsa. Karabelo e molemo ea Jehova ea fella ka taelo ea hore marako a motse a tsosolosoe.
Thuto ho Rōna: Nehemia o ile a talima ho Jehova bakeng sa tataiso. Le rōna ha re tobane le liqeto tse boima, re lokela ‘ho tiea thapelong’ ’me re nke bohato tumellanong le tataiso ea Jehova.—Ba-Roma 12:12.
Ho Hahuoa Marako ho sa Tsotellehe Leraba
Bala 3:1-6:19. Ha ho hahoa hoa lerako ho qala, lira lia qholotsa le ho soma. Hamorao, li tšosa ka hore li tla hlasela. A sa thekesele, Nehemia o khothatsa basebetsi: “Le mpe le hopole Morena [Jehova] e moholo ea tšabehang.” Halofo ea bona ea ema e lebetse ka lisabole le liqha, ’me ba bang ba sebetsa ka libetsa tse seng li ntse li loketse ntoa. Ho sa tsotellehe tšoso le merero e meng ea bolotsana, Bajode ba qeta lerako ka matsatsi a 52!
◆ 3:5—Baa ba “baholo” ke bafe?
E ne e le Bajode ba phahameng har’a baahi kapa ba kileng ba jaka Tekoa, motse o ka bang lik’hilomithara tse 16 (limaele tse 10) ka boroa ho Jerusalema. Bana ba “baholo” ho bonahala ba ne ba ikhohomosa haholo hore ba ka ikokobetsa ’me ba sebetsa tlas’a joko ea balebeli ba khethiloeng ke Nehemia.—Bapisa Jeremia 27:11.
◆ 4:17—Ba ne ba sebetsa ka letsoho le le leng joang?
Lihahi tsa majoe li ne li lokela ho sebelisa matsoho ka bobeli mosebetsing oa tsona. Libetsa tsa bona li ne li le mathekeng a bona. (4:18) Bajari ba moroalo ka bonolo ba ne ba ka tšoara sebetsa ka letsoho le leng ’me ka le leng ba nka makumane a majoe ba a jara mahetleng kapa ba a roala hloohong.—Genese 24:15, 45.
◆ 5:7—Ke hobane’ng ha ho alima ka phaello ho ne ho le phoso?
Hona e ne e le ho tlola molao oa Jehova ka ho toba. (Levitike 25:36; Deuteronoma 23:19) “Karolo ea lekholo,” haeba e ne e ntšoa ka khoeli, e ne e tla lekana le karolo ea 12 lekholong ka selemo. (5:11) Batho ba ne ba se ba le litlallong ka lebaka la tlala le lekhetho le boima la Persia. (5:3, 4) Empa barui ka ho hloka kutloelo bohloko ba bea phaello e phahameng holim’a bana babo bona ba futsanehileng.
◆ 6:5—“Lengolo le phetliloeng” hobane’ng?
Hangata mangolo a lekunutu a ne a kengoa ka mekotlaneng e koetsoeng hantle. Kahoo ho romela hoa Sanballathe “lengolo le phetliloeng” e ne e ka ’na eaba e ne e le ka morero oa thohako. Kapa, kaha qoso e ka ‘lengolong le phetliloeng’ e ne e ka ’na ea baloa ke mang kapa mang, mohlomong o ne a tšepile hore Nehemia o ne a tla khopeha hoo a neng a tla tloha Jerusalema ho tla itlhalosa ho eena ka liqoso tseo. Hape e ka ’na eaba Sanballathe o ne a tšepile hore lengolo leo le tla tšosa Bajode hoo ba neng ba tla emisa mosebetsi oa bona.
Thuto ho Rōna: Ha rea lokela ho talima mosebetsi o thata e le o re theolang boemong ba rōna e be rea ikhula joaloka ba “baholo” ba Tekoa. Ho e-na le hoo, re lokela ho itšebelisa joaloka Batekoa feela ba neng ba etsa mosebetsi o habeli.—Nehemia 3:5, 27.
Borapeli ba ’Nete Boa Tsosolosoa
Bala 7:1-10:39. Mosebetsi ’ohle o etsoa ka morero o le mong: ho tsosolosa borapeli ba ’nete. Hoba ho baloe sechaba, batho ba bokana ho ea utloa Esdrase le Balevi ha ba bala le ho hlalosa Molao. Kahoo hoba ba ‘fumane kutloisiso,’ ka thabo ba keteka Mokete oa Metlotloane. Batho ba itima lljo le ho ipolela libe tsa bona, ’me mehato e-ea nkuoa ho lokisa liphoso tsena.
◆ 7:6—Ke hobane’ng ha lethathamo lee le fapana le la Esdrase?
Litlaleho ka bobeli li a lumela hore, ka ntle ho makhoba le libini, palo kholo ea ba 42 360 e ile ea khutla. (Esdrase 2:64, 65; Nehemia 7:66, 67) Empa ho na le phapang palong ea ba ileng ba khutla malapeng a khethehileng. Mohlomong, Esdrase le Nehemia ba ile ba sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ea ho bokella mathathamo a bona. Ka mohlala, e mong e ka ’na eaba o ile a ngola ba neng ba ngolisitse hore baa khutla, ha e mong a ngotse mabitso a ba hlileng ba khutla. Baprista ba bang, mohlomong le ba bang, ba ne ba sitoa ho lokolisa maloko a bona. (7:64) Hona ho ka ’na hoa hlalosa hore na ke hobane’ng ha kakaretso ea lethathamo la motho ka mong ha le kopangoa le sa hlahise palo-khōlō ea 42 360.
◆ 8:8—Ba ne ba “hlalosa” Molao joang?
Ka ho totobetseng, ntle ho ho hatisa ka ho bala ho hotle le ho bua, Esdrase le batlatsi ba hae ba ile ba hlalosa le ho sebelisa melao metheo ea Molao e le hore batho ba ne ba ka o utloisisa hantle. Lingoliloeng tse theiloeng Bibeleng le liboka tsa Lipaki tsa Jehova le tsona li sebeletsa ho “hlalosa” Lentsoe la Molimo.
◆ 9:1—Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba apara masela a mahoashe le ho ithunthetsa ka molora?
Ho apara lesela le mahoashe—seaparo se ’mala o lefifi se lohiloeng ka boea ba pōli—e ne e le pontšo ea masoabi. Ka ho tšoanang, ho ithunthetsa ka molora kapa ka lerole hloohong kapa ’meleng e ne e le pontšo ea ho hlomoha ho tebileng kapa lihlong. (1 Samuele 4:12; 2 Samuele 13:19) Bajode ba ne ba ho etsa ho bontsa masoabi a bona le boikokobetso ba bona ha ba hlokomela libe tsa bona. Hona ho ile hoa lateloa ke ho etsoa hoa ‘tumellano’ ea boipolelo, “tiiso.” (9:38) Ka ho tsoanang, ka boikokobetso re tlamehaho hlokomela le ho bolela libe tsa rōna haeba re tla sireletsa kamano ea rōna le Molimo.—1 Johanne 1:6-9.
◆ 10:34—Na mahlabelo a patsi a ne a laetsoe Molaong?
Che, empa ho ne ho hlokahala patsi e ngata bakeng sa mollo aletareng. Ka ho totobetseng e ne e se Banethinime ba lekaneng—makhoba a tempele ao e neng e se Baiseraele a neng a ‘ratha patsi’—ba neng ba le har’a ba khutlileng. (Joshua 9:23, 27) Kahoo, ho tiisa hore patsi e lula e ntse e le teng, ho ile hoa laoloa ka lotho ho rera hore na ke karolo efe ea morabe e lokelang ho fana ka eona ka nako e khethehileng.
Thuto ho Rōna: “Thabo ea Jehova” e bile teng ka lebaka la ho fumana kutloisiso Lentsoeng la Molimo, ho itšebelisetsa lona, le ho arabela tataisong ea puso ea Molimo. (8:10) Ka ho tšoanang, Lipaki tsa Jehova li ananela bohlokoa ba boithuto ba botho, ho ba teng libokeng kamehla, le tšebeletsong ea tšimo ka ho boloka thabo.
Khakolo e Thabisang
Bala 11:1-12:14. Hore Jerusalema e tsoele pele e le setsi sa borapeli ba ’nete, e hloka baahi ba eketsehileng. Ntle ho baithaopi, ho laoloa ka lotho bakeng sa a le mong ho batho ba bang le ba bang ba leshome ba phelang ka ntle hore a fallele ka motseng. Joale ho khakoloa lerato la motse ka mokoloko o thabisang. Ho fanoa ka mahlabelo a mangata, ’me ho nyakalla hoa batho ho ka utluoa hole.
◆ 11:2—Ke hobane’ng ha baithaopi ba ile ba ‘hlohonolofatsoa’?
Ho siea lefa le ho fallela Jerusalema ho ka be ho bakile litšenyehelo tse itseng le mathata a itseng. Ba neng ba phela motseng oo le bona e ne e ka ’na eaba ba ne ba bulehetsoe ke likotsi tse sa tšoaneng. Tlas’a maemo a joalo, ba bang ba ile ba talima baithaopi e le ba lokeloang ke tlotliso ’me ntle ho pelaelo ba ba rapella hore Jehova a ba hlohonolofatse.
◆ 12:27—Lerako le ile la khakoloa neng?
Lerako le ile la phethoa ka letsatsi la bo25 la khoeli ea botšelela, Elule, ka 455 B.C.E., ’me ho bokana ho hlokomelehang hoa etsahala khoeling e latelang. (6:15; 8:2; 9:1) Mohlomong khakolo e ile ea latela hang-hang kamor’a tlhoro ea ketsahalo eo e thabisang.
Thuto ho Rōna: Moea oa boithaopo le pontšo ea teboho ho Jehova ka ho bina le ka ’mino e bile ho thobang pelo. Kajeno, likopanong le liketsahalong tse ling, Lipaki tsa Jehova li tela litšebeletso tsa tsona ho ruisa ba bang molemo ’me ka pelo eohle li rorisa Jehova ka lipina.
Litšila lia Hloekisoa
Bala 13:1-31. Hoba a khutle leetong la ho ea lekhotleng la Persia, Nehemia o tšosoa ke se etsahetseng bosieong ba hae. O nka bohato kapele ho lokisa mathata ao.
◆ 13:3—“Balichaba” e ne e le bafe?
Ho bonahala “balichaba” ba ne ba akarelletsa basele joaloka Bamoabe, Baammone, bara bao e seng Baiseraele hantle ba balichaba. (13:1, 2) Hona ho hlahisoa ke ’nete ea hore pejana Bajode ba ile ba leleka basali ba bona ba balichaba le bana ba bona. (Esdrase 10:44) Hape Bajode ba ne ba nyetse basali basele, ’me hona hoa etsa hore ho hlokahale hore basali bana ba khethoe le bana ba bona hore ba tsoe motseng, naheng ka boeona, ’me ba amohuoa litokelo tsa borapeli le batho ba Jehova.—Nehemia 13:23-31.
Thuto ho Rōna: Bajode ba bakoenehi ke mehlala e re lemosang. Re hloka ho itebela ka matla bolotsaneng ba lintho tse bonahalang, tšenyeho, le bokoenehi.
Nako le nako, buka ea Nehemia e hatisa motheo oa hore “ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela.” (Pesaleme ea 127:1) Thuto ea motheo ho rōna ke hore litšebelisanong tsohle tsa rōna, re tla atleha ha feela re e-na le tlhohonolofatso ea Jehova. ’Me tlhohonolofatso e itšetlehile ka ho boloka hoa rōna borapeli ba ’nete e le ba pele bophelong ba rōna.