Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwia sehlooho 7
  • “Binelang Jehova”!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Binelang Jehova”!
  • Etsisa Tumelo ea Bona
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Miriame Ngoana Bokhobeng
  • Miriame Mopholosi
  • Miriame Ausi ea Mamellang
  • Miriame Moprofeta
  • Miriame Moikhohomosi
  • Miriame Molepera
  • Miriame oa Tšoareloa
  • Jehova o Nka Bonolo e le ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lesea Moshe Lea Pholosoa
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Moshe o Khetha ho Sebeletsa Jehova
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Thabo e Tlisoang ke ho Phela Bophelo bo Bobebe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Etsisa Tumelo ea Bona
ijwia sehlooho 7
Miriame o ntse a letsa moropa.

ETSISA TUMELO EA BONA | MIRIAME

“Binelang Jehova”!

Ngoanana o ipatile moo ho se nang motho ea mo bonang, o shebile ka har’a mahlaka. O tšohile, ha a sisinyehe le ho sisinyeha, noka ea Nile eona e ntse e phalla butle. E se ele nako e telele a shebile ka har’a mahlaka, likokoanyana li ntse li fofa pel’a hae. Moo mo a shebileng a sa panye, ho na le baskete e entsoeng ka lehlaka e patiloeng har’a mahlaka, ka har’a eona ho kentsoe ngoan’abo oa moshanyana. O mo utloetse bohloko ha a nahana hore o mong ka har’a baskete empa oa tseba hore batsoali ba hae ba entse qeto e nepahetseng ea hore ba pate khaitseli ea hae moo. E ne e le eona feela tsela ea ho sireletsa ngoan’abo tlokotsing.

Ngoanana eo ea monyane o ne a le sebete e le kannete, ’me ho e-so ee kae o ne a tl’o bontša hore o sebete le ho feta. Le hoja a ne a le monyane empa tumelo ea hae ho Molimo e ne e ntse e tsoela pele ho hola. Hona le ntho e neng e tl’o etsahala e se khale e neng e tla bontša hore o fela a e-na le tumelo e matla ’me tumelo eo e ne e tla mo thusa bophelo bohle ba hae. Lilemo hamorao ha a se a tsofetse, tumelo ea hae e ne e tla mo thusa nakong eo a nang le sechaba sa habo. Tumelo ea hae e ne e boetse e tla mo thusa leha a ne a etsa phoso e tebileng. Ngoanana eo e ne e le mang? Hona re ka ithuta’ng tumelong ea hae?

Miriame Ngoana Bokhobeng

Qalong Bibele ha e re bolelle lebitso la hae empa rea tseba hore na e ne e le mang. E ne e le Miriame, letsibolo la makhoba a Baheberu a neng a lula Egepeta e leng Amrame le Jokebede. (Numere 26:59) Hamorao khaitseli ea hae e ne e tla rehoa Moshe. Arone e leng abuti oa Moshe o ne a ka ba lilemo li tharo ka nako eo. Ha re tsebe hantle hore na Miriame o ne a le lilemo li kae ka nako eo empa ho bonahala eka o ne a e-so be lilemo li leshome.

Miriame o phetse nakong eo batho ba habo ba neng ba phela ka thata. Baegepeta ba ile ba etsa Baheberu ba habo makhoba hobane ba ne ba ba tšaba. Baheberu ba ile ba tsoela pele ho ba le bana ba bangata e leng se ileng sa tšosa Baegepeta ’me ba batla ho ba hlorisa le ho feta. Faro o ile a laela hore bashanyana bohle ba Baheberu ba qetang ho hlaha ba bolaoe. E tlameha ebe Miriame o ile a utloela ka tumelo ea babelehisi ba babeli ba sa kang ba mamela taelo ea morena e leng Shifra le Pua.—Exoda 1:8-22.

Miriame o ile a bona le tumelo ea batsoali ba hae. Ka mor’a hore ngoana oa bona oa boraro ea motle oa moshanyana a hlahe, Amrame le Jokebede ba ile ba mo pata ka likhoeli tse tharo. Ba ne ba sa tšabe Faro, kahoo ba ile ba pata ngoana oa bona ele hore a se ke a bolaoa. (Baheberu 11:23) Ba ne ba lokela ho etsa qeto e boima hobane ho pata ngoana ha se ntho e bonolo. Jokebede o ne a lokela ho pata ngoana oa hae ’me a mo siee moo a neng a ka ’na a tholoa ke motho e mong ea neng a tla mo sireletsa le ho mo holisa. U se u ka inahanela feela hore na ’mè enoa o ne a etsa lithapelo tse matla hakae ha a ntse a tlotsa sekontiri basketeng e entsoeng ka lehlaka e le hore e se ke ea kena metsi ha a beha ngoana oa hae nokeng ea Nile. Ha ho pelaelo hore o ile a re Miriame a sale a shebile hore na ho tla etsahala’ng ka ngoana.—Exoda 2:1-4.

Miriame Mopholosi

Miriame o ile a leta. Eare ha a re heli a bona batho ba atamela. E ne e le sehlopha sa basali empa e ne e se basali feela tjee ba Baegepeta. E ne e le morali oa Faro le basebeletsi ba hae ba basali, ba tl’o hlapa nokeng ea Nile. Mohlomong Miriame o ile a tšoha. Na o ne a ka nahana hore le morali oa Faro o ne a ka iphapanyetsa taelo ea morena ebe o sireletsa ngoana eo oa Moheberu? Ha ho potang hore Miriame o ile a rapela ka matla ka nako eo.

Ke morali oa Faro ea ileng a bona baskete pele ka har’a mahlaka eaba o kopa lekhoba la hae la mosali hore le mo tlele eona. Tlaleho ea Bibele ha e bua ka khosatsana ena e re: “Ha a e bula, a fumana ngoana oa moshanyana a ntse a lla.” Kapele o ile a hlokomela hore ho na le ’mѐ oa Moheberu ea lekang ho sireletsa ngoana oa hae. Kahoo morali oa Faro o ile a utloa a qenehela lesea leo le letle. (Exoda 2:5, 6) Kaha Miriame o ne a mo shebile ka hloko mahlong o ile a bona kamoo a neng a qenehetse ngoana. Ngoanana eo o ne a tseba hore nako ea hore a nke bohato e fihlile, o ne a lokela bontša tumelo ho Jehova. Kahoo o ile a iteta sefuba ’me a ea ho morali oa Faro le basebeletsi ba hae.

Ha re tsebe hore na ho ne ho ka etsahala’ng ka ngoanana oa Moheberu haeba a ne a ka ikisa ho khosatsana. Ho ntse hole joalo, Miriame o ile a botsa khosatsana potso e tobileng a re: “Na nka ea ke e’o u bitsetsa mosali ea nyantšang ho basali ba Baheberu hore a u ’nyantšetse ngoana eo?” Potso ena e ne e hlakile hape e utloahala. Morali oa Faro o ne a tseba hore o ne a ke ke a khona ho nyantša lesea leo. Mohlomong o ne a bona ho le bohlale hore moshanyana a holisoe ke batho ba habo ebe o tl’o lula le eena hamorao a se a tl’o mo holisa le ho mo kenya sekolo. E tlameha ebe Miriame o ile a thaba haholo ha khosatsana e mo araba ka hore feela: “Tsamaea.”—Exoda 2:7, 8.

Miriame ha a sa le monyane o ipatile ka har’a mahlaka ’me o shebile ha morali oa Faro a roma lekhoba la hae la mosali hore le mo tlele basekete e neng e patile Moshe ha e sa le lesea.

Ka sebete Miriame o ile a etsa bo-’nete ba hore o sireletsa ngoan’abo

Miriame o ile a mathela hae ho batsoali ba hae ba neng ba tšoenyehile. U se u ka inahanela feela hore na o ne a thabile hakae ha a ntse a bolella ’mѐ oa hae litaba tsena. Jokebede o tlameha a ile a hlokomela hore ke Jehova ea neng a ba tataisa kahoo o ile a tsamaea le Miriame ’me ba khutlela ho morali oa Faro. Mohlomong Jokebede o ile a etsa eka haa thaba ebile haa imoloha ha khosatsana e re: “Nka ngoana enoa u ’nyantšetse eena ’me ke tla u patala.”—Exoda 2:9.

Miriame o ile a ithuta ho hongata ka Jehova Molimo oa hae letsatsing leo. O ile a ithuta hore Jehova o tsotella batho ba hae ebile o mamela le lithapelo tsa bona, hape o ile a ithuta hore ha se batho ba baholo le bo-ntate feela ba ka bang le tumelo le ho bontša sebete. Jehova o mamela bahlanka bohle ba hae ba tšepahalang. (Pesaleme ea 65:2) Le rona mehleng ena ho sa tsotellehe hore na re bacha kapa re holile, re bo-’mè kapa re bo-ntate re lokela ho hopola taba ena matsatsing ana a boima.

Miriame Ausi ea Mamellang

Jokebede o ile a nyantša Moshe a ba a mo hlokomela. Re ka kholiseha hore Miriame o ile a qala ho rata ngoana’bo ea monyane eo a neng a kentse letsoho ho pholosa bophelo ba hae. Mohlomong o ile a mo thusa ho tseba ho bua ’me a thaba haholo ha a qala ho bitsa lebitso la Molimo oa hae e leng Jehova. Ha ngoana a se a holile nako ea hore a isoe ho morali oa Faro e ile ea fihla. (Exoda 2:10) E tlameha ebe karohano eo e ile ea e-ba bohloko ho lelapa lohle. Miriame o tlameha a ne a labalabela ho bona hore na Moshe joalokaha morali oa Faro a ne a mo rehile, e ne e tla ba monna ea joang ha a se a holile. Na o ne a tla lula a rata Jehova leha a ntse a holela lelapeng la borena la Baegepeta?

Ha nako e ntse e ea Miriame o ile a fumana karabo. Ha ho pelaelo hore o ile a ba motlotlo haholo ha a utloa hore ngoana’bo oa moshanyana o khethile ho sebeletsa Molimo oa hae ha a hola, ho e-na le ho khetha menyetla e neng e mo bulehetse ha a ntse a lula ntlong ea borena ea Faro. Ha Moshe a se a le lilemo li 40 o ile a loanela batho ba habo eaba o bolaea Moegepeta ea neng a hlorisa lekhoba la Moheberu. O ne a tseba hore bophelo ba hae bo kotsing kahoo o ile a baleha Egepeta.—Exoda 2:11-15; Liketso7:23-29; Baheberu 11:24-26.

E ka ’na eaba Miriame o ne a sa khone ho bua le ngoana’bo ka lilemo tse 40 ha a ntse a balehetse Midiane e le molisa oa linku. (Exoda 3:1; Liketso7:29, 30) Miriame o ile a mamella ho fihlela a tsofala ’me a tsoela pele ho bona ha batho ba habo ba hlorisoa le ho feta.

Miriame Moprofeta

Miriame o ne a se a le ka holimo ho lilemo tse 80 ha Moshe a khutla a ronngoe ke Molimo hore a tl’o lokolla batho ba Hae. Arone e ne e le ’muelli oa Moshe ’me bara bana ba babeli ba bo Miriame ba ile ba ea ho Faro ba mo kopa hore a lokolle batho ba Molimo. Miriame o tlameha a ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho tšehetsa le ho khothatsa bana babo ka mor’a hore Faro a hane ho ba mamela ka makhetlo a latellanang ha ba ne ba ronngoe ke Jehova hore ba lemose Baegepeta ka likotlo tse leshome. Qetellong kotlo ea ho qetela e leng ea ho bolaoa ha bara bohle ba matsibolo a Baegepeta e ile ea fihla ’me Baiseraele ba ile ba lokolloa Egepeta. U se u ka inahanela feela hore na Miriame o ne a thusa batho ba habo ka mafolofolo hakae hore ba tsamaee ha ba ntse ba etelloa pele ke Moshe.—Exoda 4:14-16, 27-31; 7:1–12:51.

Hamorao ha ba lelekisoa ke lebotho la Baegepeta Leoatleng le Lefubelu, Miriame o ile a bona ha Moshe ngoan’abo, a otlollela lere la hae holim’a leoatle ’me leoatle le aroha ka lehare. Ha Moshe a etella sechaba pele ’me se tsamaea moo ho ommeng, tumelo ea Miriame ho Jehova e tlameha e ile ea e-ba matla le ho feta. O ne a sebeletsa Molimo ea neng a ke ke a hloloa ke letho le ea phethahatsang litšepiso tsohle tsa hae.—Exoda 14:1-31.

Hamorao ha ba se ba tšeletse ka nģ’ane ho leoatle ba sireletsehile le batho ba habo ’me metsi a leoatle a koahela Faro le lebotho la hae, Miriame o ile a bona hore Jehova o matla ho feta lebotho le matla ka ho fetisisa lefatšeng. Batho ba ile ba susumelletseha ho binela Jehova pina. Kahoo Miriame o ile a etella basali pele ho bina mantsoe ana: “Binelang Jehova kaha o phahame haholo. O lahletse pere le mopalami oa eona ka leoatleng.”—Exoda 15:20, 21; Pesaleme ea 136:15.

Miriame le basali ba Iseraele ba letsa meropa ebile ba bina pina ea tlholo Leoatleng le Lefubelu.

Miriame o ile a susumelletseha ho etella pele basali ba Iseraele ha ba ne ba bina pina ea tlholo Leoatleng le Lefubelu

Ena e ne e le nako e monate ka ho fetisisa bophelong ba Miriame eo a ke keng a e lebala. Paleng ena, Bibele e bitsa Miriame moprofeta. Miriame ke mosali oa pele oa ho bitsoa moprofeta ka Bibeleng. Miriame ke e mong oa basali ba fokolang ka palo ba sebelelitseng Jehova ka tsela ena e khethehileng.—Baahloli 4:4; 2 Marena 22:14; Esaia 8:3; Luka 2:36.

Bibele e re hopotsa hore Jehova o ntse a re shebile ’me o ikemiselitse ho hlohonolofatsa boiteko ba rona, mamello ea rona le takatso ea rona ea ho batla ho mo rorisa. E bang re baholo kapa re banyane, re banna kapa re basali, re ka bontša hore re na le tumelo ho Jehova. Tumelo e joalo ea mo thabisa, ha a e lebale ’me o thabela ho e putsa. (Baheberu 6:10; 11:6) Lena ke lebaka le utloahalang la ho etsisa tumelo ea Miriame.

Miriame Moikhohomosi

Botumo le litokelo li ka tlisa litlhohonolofatso empa hape li ka ba kotsi. Nakong eo sechaba sa Iseraele se lokolloang bokhobeng, Miriame e ne e le mosali ea tsebahalang ka ho fetisisa sechabeng seo. Na o ne a tla itumella hore a ikhohomose kapa a batle ho hlahella? (Liproverbia 16:18) Ka masoabi, o ile a etsa joaloka nakoana.

Likhoeli ka mora hore Baiseraele ba tsoe Egepeta, Moshe o ile a amohela batho ba neng ba tsoa hole, e leng mosali oa hae Zipora, bara ba bona ba babeli le mohoe oa hae, Jethro. Moshe o ile a mo nyala ha a ntse a balehetse Midiane ka lilemo tse 40. Zipora o ne a ile a ea habo Midiane, mohlomong a chakile feela, joale ntate oa hae o ne a se a mo khutlisetsa moo Baiseraele ba neng ba hlomme litente teng. (Exoda 18:1-5) Ak’o nahane feela hore na sechaba sa Baiseraele se ile sa ba sheba joang ha ba fihla. Mohlomong ba bang ba ne ba labalabela ho bona mosali oa monna eo Molimo a neng a mo khethile hore a ba etelle pele ha ba tsoa naheng ea Egepeta.

Na Miriame le eena o ne a thabetse hore Zipora o teng? Mohlomong qalong o ne a thabile. Ho bonahala eka ha nako e ntse e ea o ile a itumella hore boikhohomoso bo mo laole. Mohlomong o ile a tšoha a nahana hore Zipora e se e tla ba eena mosali ea tsebahalang ka ho fetisisa sechabeng sa Iseraele. Ka nako e ’ngoe, Miriame le Arone ba ile ba qala ho bua lintho tse mpe ’me hamorao ba ile ba qetella ba bua ba halefile ebile ba nyefola. Qalong ba ne ba tletleba ka hore Zipora ha se Moiseraele empa ke Mokushe.a Ha nako e ntse e ea, ba ile ba qalella ho tletleba ka Moshe. Miriame le Arone ba ne ba re: “Na Jehova o bua a sebelisa Moshe feela? Na ha a bue a sebelisa le rona?”—Numere 12:1, 2.

Miriame Molepera

Rea bona hore Miriame le Arone ba ne ba se ba e-na le mekhoa e mebe. Ba ne ba sa khotsofalla tsela eo Jehova a neng a sebelisa Moshe ka eona hobane ba ne ba batla matla le taolo e eketsehileng. Na e ne e le hobane Moshe a ba hatella kapa a batla ho ba matla le ho feta? Ke ’nete hore o ne a ntse a etsa liphoso empa o ne a sa ikhohomose kapa hona ho batla ho hlahella. Tlaleho e tsoang ka Bibeleng e re: “Moshe, o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba teng lefatšeng.” Kannete Miriame le Arone ba ne ba fositse ’me sena se ne se etsa hore ba be ka mosing. Joalokaha tlaleho e bolela, “Jehova o ne a mametse.”—Numere 12:2, 3.

Ho e-so ee kae, Jehova o ile a bitsetsa bana bana ba motho tenteng ea pokano. Ho ne ho e-na le leru le hlollang le neng le bontša bo-teng ba Jehova, le ile la theoha ’me la ema monyako. Eaba Jehova oa bua, o khalemela Miriame le Arone, a ba hopotsa ka setsoalle se ikhethang seo a nang le sona le Moshe le ka tšepo e tiileng eo a nang le eona e entseng hore ebe o ile a mo khetha. Jehova o ile a ba botsa a re: “Joale ke hobane’ng ha le sa ka la tšaba ho bua mohlanka oa ka Moshe hampe?” Ha ho potang hore Miriame le Arone ba ne ba thothomela. Jehova o ne a nka hore ha ba sa hlomphe Moshe, ho tšoana hantle le ha ba sa hlomphe eena.—Numere 12:4-8.

Ho bonahala Miriame e le eena ea neng a li hula pele tabeng ena ea ho ba khahlanong le ngoetsi ea habo ebile o ne a susumetsa le Arone hore a mo tšehetse. Sena se tla re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Miriame e le eena ea ileng a fuoa kotlo. Jehova o ile a mo otla ka lepera. Letlalo la hae le ile la e-ba “lesoeu joaloka lehloa” ka lebaka la lefu leo le tšosang. Hang-hang Arone o ile a ikokobelletsa Moshe, a mo kopa hore a ba kopele tšoarelo ho Jehova a re: “Ntho eo re e entseng ke booatla.” Kaha Moshe e ne e le monna ea bonolo, o ile a hoelehetsa ho Jehova, a re: “Ka kopo Molimo, mo folise. Kea o kopa hle!” (Numere 12:9-13) Moshe le Arone ba ne ba utloetse ngoan’abo bona bohloko, sena se bontša hore ba ne ba rata ngoan’abo bona haholo le hoja a ne a etsa liphoso.

Miriame oa Tšoareloa

Jehova o ile a mo hauhela. O ile a folisa Miriame hobane a bakile. Leha ho le joalo, Jehova o ile a re a behelloe ka ntle ho liahelo tsa Iseraele ka matsatsi a supileng. E tlameha ebe Miriame o ile a tlotloloha haholo, kaha batho ba bang ba ne ba tseba hore o tlositsoe liahelong hobane a khalemetsoe. Empa tumelo ea hae e ile ea mo pholosa, o ne a kholisehile hore kaha Jehova ke Ntate oa hae o ne a mo khalemela hobane a mo rata. Kahoo, o ile a mamela Ntate oa hae. O ile a behelloa ka thoko ka matsatsi a supileng ha sechaba se ntse se mo emetse. Miriame o ile a bontša tumelo hape ka hore ka boikokobetso a lumele hore a ‘khutlisetsoe liahelong.’—Numere 12:14, 15.

Jehova o khalemela bao a ba ratang. (Baheberu 12:5, 6) Kaha o ne a rata Miriame haholo, o ile a mo khalemella boikhohomoso. Khalemelo eo e ne e le bohloko, empa e ile ea mo pholosa. O ile a ikokobetsa ’me a amohela khalemelo, kahoo Jehova o ile a mo amohela hape. O ile a tsoela pele a phela ho fihlela leeto la Baiseraele lefeelleng le se le le haufi le ho fela. Ha a hlokahala ba le lefeelleng la Zine sebakeng se bitsoang Kadeshe, o ne a le lilemo tse ka bang 130b. (Numere 20:1) Lilemo tse makholo hamorao, Jehova o ile a bontša hore o ananela Miriame hobane a mo sebelelitse ka botšepehi. O ile a sebelisa moprofeta oa hae, e leng Mikea, hore a hopotse batho ba hae hore o ile a ba ‘lopolla naheng eo e neng e le makhoba ho eona. A romela Moshe, Arone le Miriame hore a ba tataise.’—Mikea 6:4.

Miriame o mong ka tenteng ’me o tšoeroe ke lepera.

Tumelo e ile ea thusa Miriame hore a lule a ikokobelitse ha Jehova a mo khalemela

Re ka ithuta lintho tse ngata bophelong ba Miriame. Re lokela ho sireletsa batho ba sa khoneng ho itšireletsa re be re emele se nepahetseng ka sebete, joalokaha a ile a etsa ha esale ngoana. (Jakobo 1:27) Le rona joaloka eena re lokela ho bolella batho ba bang molaetsa o tsoang ho Molimo. (Baroma 10:15) Joaloka Miriame, re lokela ho qoba mekhoa e kotsi e kang mona le ho halefa. (Liproverbia 14:30) Joaloka eena, re lokela ho ikokobetsa ’me re amohele khalemelo e tsoang ho Jehova. (Baheberu 12:5) Ha re etsa lintho tsena, re tla be re etsisa tumelo ea Miriame hantle.

a Mohlaleng ona oa Zipora, lentsoe “Mokushe” le ne le bolela hore o ne a tsoa Arabia, joaloka Bamidiane ba bang, eseng Ethiopia.

b Bana bana ba motho ba bararo ba ile ba hlokahala ho ea ka tatellano eo ba hlahileng ka eona. Ho hlokahetse Miriame pele, ea e-ba Arone eaba ho qetella Moshe, ba ile ba hlokahala lipakeng tsa nako e ka etsang selemo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela