Na Molimo o Teng?—Bo-rasaense ba Bang Baa Araba
MOPROFESA oa fisiks oa Massachusetts Institute of Technology, Ulrich J. Becker, ha a ne a bua ka boteng ba Molimo o ile a re: “Nka ba teng joang ka ntle ho ’mōpi? Ha ke e-s’o ka ke utloa karabo leha e le efe e kholisang e kileng ea fanoa.”
Na see se khahlanong le pono ea hae ea saense? Karabelo e susumelletsang motho ho nahana ka ho teba ea moprofesa eo e bile e reng, “Haeba u hlokometse hore na lenaka le le leng la ‘oache’ le tsamaea joang—u ka inahanela hore na a mang kaofela ’ona a tsamaea joang, empa ha u na tokelo ea hore u re ho inahanela hoo ha hao ke ha saense, ’me ho molemo ho se arabe potso ea hore na ke mang ea tiisitseng seporing sa eona.”
Ho fapana le maikutlo a ba bang, banna ba bangata ba hlomphuoang ba saense ha ba hane khopolo ea hore Molimo o teng—Moqapi e Moholo ea bōpileng bokahohle le batho.
Nahana ka mehlala e meng e ’meli tabeng ena. Ha moprofesa oa lipalo, John E. Fornaess oa Univesithi ea Princeton a ne a botsoa maikutlo a hae ka boteng ba Molimo, o ile a arabela: “Ke lumela hore Molimo o teng le hore Molimo o hlophisa bokahohle likarolong tsohle, ho tloha linthong tse nyenyane tsa motheo ho ea linthong tse phelang le ho li-supercluster tsa lihlopha tsa linaleli.”
Henry Margenau, moprofesa oa fisiks oa Univesithi ea Yale, o itse o kholisehile hore melao ea tlhaho e thehiloe ke Molimo, a eketsa: “Molimo o ile a hlahisa bokahohle moo ho neng ho se na letho ka tsela e bileng ea etsa hore ho be le nako.” Joale o ile a bolela hore bukeng ea The Mystery of Life’s Origin, bo-rasaense ba bararo ba hlalosa hore tlhaloso e khotsofatsang ea hore na bophelo bo qalehile joang ke ea hore ’Mōpi o teng. Ha a tšehetsa pono ena, molepi oa linaleli, Fred Hoyle o boletse hore ho lumela hore sele ea pele e hlahile ka tšohanyetso ho tšoana le ho lumela hore sefefo se matla se puputlang sebakeng se tletseng likarolo tse hasaneng hohle tsa sefofane sa Boeing 747 se ka bōpa sefofane se seng sa 747.
Ho ka phaelloa mantsoe ana a mongoli oa Bibele Pauluse likarabong tsena: “Litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo tsa hae tsa ka ho sa feleng.”—Baroma 1:20.
E, ruri Molimo o teng! Empa ke hobane’ng ha a lumella boemo boo bo bobe boo lefatše le leng ho bona hona joale? Morero oa hae ke ofe ka lefatše? Na re ka tseba hantle hore na Molimo oa ’nete ke mang?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
“Haeba u hlokometse hore na lenaka le le leng la ‘oache’ le tsamaea joang—u ka inahanela hore na a mang kaofela ’ona a tsamaea joang, empa . . . ho molemo ho se arabe potso ea hore na ke mang ea tiisitseng seporing sa eona”