Likotsi Tsa ho Kōpa Li-lift ho Beng ba Makoloi a Fetang ka Tsela
KA MONGOLLI OA TSOHA! AUSTRALIA
Ka letsatsi le leng la lehlabula le chesang la 1990, Paul Onions oa Brithani ea lilemo li 24, ea neng a jere mokotla oa bohahlauli, o ne a tsamaea a ntse a kōpa li-lift ho beng ba makoloi a fetang ka tsela Tseleng e Khōlō ea Hume, Sydney e ka boroa, Australia. Paul o ile a thaba ha motho e mong eo a sa mo tsebeng a ema ’me a mo palamisa. O ne a sa tsebe hore ho kena ka koloing eo ho ne ho tla batla ho felisa bophelo ba hae.a
A SA lemohe kotsi, Paul o ile a lula setulong se ka pele koloing ’me a qoqa le mokhanni. Ka metsotso e seng mekae feela mokhanni eo ea neng a bonahala a le mosa o ile a ba mabifi a ba a rata ho pheha khang. Joale ka tšohanyetso, mokhanni eo o ile a emisa koloi ka thōko ho tsela ’me a re o batla ho nka lik’hasete tsa ’mino ka tlas’a setulo. Ho e-na le ho ntša lik’hasete, o ile a ntša sethunya—seo a ileng a supa Paul ka sona sefubeng.
A hlokomoloha taelo ea mokhanni ea hore a lule a tsitsitse, Paul o ile a fasolla lebanta la pholoso ’me a tsoa ka koloing a betseha, ’me a matha la ntšoekhe tseleng eo e khōlō. Mokhanni o ile a mo lelekisa ka maoto, a ntse a bonoa hantle ke bakhanni ba bang ba likoloi tse fetang. Qetellong o ile a mo tšoara, a mo shoba ka sekipa ’me a mo lihela fatše. Paul o ile a ithutlolla ’me a mathela ka pel’a vene e neng e e-tla, a qobella mokhanni oa eona ea neng a tšohile, eo e neng e le ’mè le bana ba hae, hore a eme. Ha Paul a kōpa ka tieo, ’mè eo o ile a mo lumella ho kena, a rutla vene ho tšela mōla oa tsela ’me a hata lefura. Ke hamorao moo mohlaseli eo oa Paul a ileng a tsebahatsoa e le ’molai oa batho ba bangata ea neng a bolaile bahahlauli ba supileng, bao ba bang ba bona ba neng ba tsamaea ka bobeli.
Ke eng e ileng ea etsa hore bahlaseluoa baa ba ipiletse ho ’molai eo? Nyeoeng ea ’molai eo, moahloli o ile a hlokomela: “Mohlaseluoa ka mong o ne a sa le monyenyane. Ba ne ba le lipakeng tsa lilemo tse 19 le tse 22. E mong le e mong o ne a le hōle le hae, e leng ho neng ho etsa hore [’molai] a fihlele qeto ea hore ba ne ba ke ke ba fumanoa ka potlako haeba ho itseng ho ba hlahela.”
Tokoloho ea ho Itsamaela Feela
Ho tsamaea linaheng tse ling kajeno ho se ho etsoa ke batho ba bangata ho feta kamoo ho neng ho le ka teng lilemong tse ’maloa tse fetileng. Ka mohlala, nakong ea lilemo tse hlano, palo ea Maaustralia a etelang Asia e eketsehile ka makhetlo a imenneng habeli. Moo ba batlang ho ba le phihlelo kapa ho leka ho itseng ka ho ipeha kotsing, bacha ba bangata ba ka tlaase ho lilemo tse 20 le ba sa tsoa kena lilemong tsa batho ba baholo ba palama lifofane tse ba theolang sebakeng se hōle le moo ba eang teng. Boholo ba bahahlauli bana ba rera ho kōpa li-lift ho beng ba makoloi a fetang ka tsela e le ho fokotsa litšenyehelo. Ka bomalimabe, likarolong tse ngata tsa lefatše, ho kōpa li-lift ho beng ba makoloi a fetang ka tsela ha ho sa thahasellisa ka tsela eo ho kileng ha e-ba ka eona pele, ebile ha e sa le mokhoa o sireletsehileng oa ho tsamaea—e-bang ke ho ba kōpang ho palamisoa kapa ba ba palamisang.
Boikutlo bo nepahetseng le ho chesehela ho tsamaea li ke ke tsa emela habonolo feela tjee bohlale bo tsitsitseng, bo ka sebelisoang. Bukana e ngoletsoeng malapa a ntseng a batla bana ba ’ona ba nyametseng ea hlokomela: “Thahasello eo bacha ba nang le eona ea ho tsamaea hangata e bolela hore bacha bao ba tsamaea ba e-s’o ka ba e-ba boemong bo loketseng ka ho feletseng bakeng sa ho nka leeto, ba bile ba sa utloisise ka ho feletseng likotsi tse ka hlahang kapa boikarabelo boo ba bo jarang.”
Bukana eo ea phaella: “Batho ba tsamaeang ka lihlopha tse lokiselitsoeng tsa ho bona libaka, ba tsamaeang ka mabaka a khoebo kapa ba latelang litataiso tsohle tse fanoeng bakeng sa leeto, ke ka seoelo ba nyamelang. E-bang ke Australia kapa naheng e ’ngoe, ho bonahala boholo ba batho bao qetellong ho thoe’ng ba nyametse e le ba jarang mekotla ea bohahlauli le ho tsamaea ka mekhoa e se nang litšenyehelo tse boima.”
Hore na motho o tsamaea a kōpa li-lift ho beng ba makoloi a fetang ka tsela kapa che, ho tsamaea ntle ho litataiso tse fanoeng bakeng sa leeto—le hoja ho khahla ba bang ba sa rateng ho ikutloa eka ba tantelletsoe ka melao—ho ka pepesetsa motho kotsing haholoanyane. Ha beng ka motho ea tsamaeang kapa metsoalle ba sa tsebe hore na o hokae, ha ba boemong ba ho fana ka thuso e kaalo haeba ho ka hlaha boemo ba tšohanyetso. Ka mohlala, ho thoe’ng haeba mohahlauli a qetella a akhehile sepetlele ’me hae ho se motho ea tsebang moo a leng hona teng?
Ho ba le Mecha ea Puisano
Bukeng ea hae ea Highway to Nowhere, moqolotsi oa litaba oa Brithani, Richard Shears, o ile a ngola ka batho ba nyametseng ba supileng ba neng ba tsamaea ba ntse ba kōpa li-lift ho beng ba makoloi a fetang ka tsela, bao “ka tšohanyetso ba neng ba khaolitse ho buisana le litho tsa malapa a bona le metsoalle.” Ke ’nete hore qalong litho tsa malapa li ka ’na tsa se ke tsa tseba hore na beng ka tsona ba nyametse kapa ba mpa ba sa buisane le tsona feela. Sena se ka ’na sa etsa hore li be lesisitheho ho bolella ba ikarabellang ha li sa utloe ho ba tsamaileng.
Moroetsana e mong ea neng a tsamaea a ntse a kōpa li-lift ho beng ba makoloi a fetang ka tsela, hangata moqoqo oa hae o ne o khaoha ha chelete e fela a ntse a bua le batsoali ba hae thelefonong. Ha batsoali ba hae ba hetla morao, ba khothalletsa malapa a mang hore a fe bana ba ’ona likarete tsa ho founa kapa ba lokisetse mekhoa e meng ea hore ba founele hae. Le hoja sena e ka ’na eaba se ne se ke ke sa pholosa bophelo ba moroetsana eo, hangata ho buisana khafetsa le ba hae ho ka thusa ea tsamaeang hore a qobe, kapa bonyane a sebetsane le mathata a fokolang.
E ka ’na eaba batho ba supileng ba neng ba jere mekotla ea bohahlauli ba ileng ba lahleheloa ke bophelo ba bona ba ne ba balile libuka tsa ba nkang maeto tse bitsang Australia e ’ngoe ea linaha tse sireletsehileng ka ho fetisisa lefatšeng bakeng sa batho ba tsamaeang ba kōpa li-lift ho beng ba makoloi a fetang ka tsela. Leha ho le joalo, ho bonahala ho tsamaea u kōpa li-lift ho beng ba makoloi a fetang ka tsela e le ho ipeha kotsing ho sa hlokahale—esita le haeba ho tsamauoa ka bobeli kapa esita le haeba e le naheng “e sireletsehileng ka ho fetisisa.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho lokela ho hlokomeloe hore libakeng tse ling ho kōpa li-lift ho beng ba makoloi a fetang ka tsela ke tlōlo ea molao.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Batsoali ba ka qoba ho ameha ho sa hlokahaleng ka ho fa bana ba bona likarete tsa ho founa kapa ho lokisetsa mekhoa e meng ea hore ba founele hae