Na ke Lokela ho Noa Aspirin Letsatsi ka Leng Kapa Che?
Ketsahalo e latelang e hlalositsoeng ke ngaka, ke ’nete e etsahalang bophelong. Ka bomalimabe, e bontša bothata bo bang teng khafetsa.
LELAPA lohle le ne le tšoenyehile. Joale le eona ngaka e ne e se e tšoenyehile. Ngaka eo e ile ea re: “Haeba a sa khaotse ho tsoa mali kapele, re ka ’na ra tlameha ho nahana ka ho mo tšela mali.”
Ka libeke tse ’maloa, monna enoa o ne a tsoa mali ka maleng, ’me ho ne ho boletsoe hore bothata ke ho ruruha ka mpeng, kapa ho ruruha qati. Ngaka e ferekaneng maikutlo e ile ea botsa: “U tiisehile hore ha ho na meriana e meng eo u e noang?”
Monna eo o ile a re: “Che. Ke noa feela moriana ona o rekisoang ka molao ntle ho lengolo la ngaka bakeng sa lefu la ka la masapo le manonyeletso.”
Ngaka e ile ea qahamisa litsebe ka potlako. “E re ke o bone.” Ha e hlahlobisisa metsoako ea oona, e ile ea fumana seo e neng e se batla. Acetylsalicylic acid! Bothata bo ile ba raroloha. Ha mokuli a khaotsa ho noa moriana oo o nang le aspirin ’me a fuoa o nang le tšepe le meriana e meng ea ka mpeng, mali a ile a khaotsa ho tsoa ’me butle-butle tekanyo ea lisele tsa mali ea khutlela setloaeling.
Ho Tsoa Mali ho Bakoang ke Meriana
Ho tsoa mali ka mpeng ho bakoang ke meriana ke bothata bo tebileng bo tobaneng le lingaka kajeno. Le hoja ho ka ’na ha thoe ke meriana e mengata, boholo ba mathata a joalo bo bakoa ke meriana e phekolang lefu la masapo le manonyeletso le e kokobetsang bohloko. Ena e kopanyelletsa mofuta oa meriana e bitsoang nonsteroidal anti-inflammatory drugs, kapa NSAIDS. Mabitso a ka ’na a fapana ho ea ka linaha.
Aspirin e teng merianeng e mengata e rekisoang ka molao ntle ho lengolo la ngaka, ’me linaheng tse ngata batho ba noang aspirin letsatsi ka leng ba eketsehile lilemong tsa morao tjena. Hobane’ng?
Ho Chesehela Aspirin
Ka 1995, Harvard Health Letter e ile ea tlaleha hore “ho sebelisoa ha aspirin kamehla ho pholosa bophelo.” Ba qotsa liphuputso tse ’maloa tsa lefatšeng ka bophara, tse ’nileng tsa phetoa ka makhetlo ho tloha ka nako eo, babatlisisi ba ile ba etsa qeto: “Hoo e ka bang motho e mong le e mong ea kileng a hlaseloa ke lefu la pelo kapa stroke, a tšoaroa ke letšoea, kapa ea seng a kile a buuoa mothapo oa pelo, o lokela ho noa halofo ea pilisi ea aspirin ho ea ho pilisi e feletseng letsatsi ka leng, ntle le haeba ’mele oa hae o sa lumellane le sethethefatsi seo.”a
Babatlisisi ba bang ba bolela hore banna le basali ba ka holimo ho lilemo tse 50, ba leng kotsing ea ho hlaseloa ke lefu la pelo, ba ka tsoeloa molemo ke ho noa aspirin letsatsi ka leng. Ho feta moo, ho na le liphuputso tse bolelang hore ho noa aspirin letsatsi ka leng ho ka fokotsa kotsi ea ho tšoaroa ke kankere ea mala le hore ho e noa haholo ka nako e telele ho ka thusa ho theola tekanyo ea tsoekere maling ho batho ba nang le lefu la tsoekere.
Aspirin e sebetsa joang hore e hlahise melemo ee? Le hoja ho sa tsejoe tsohle, bopaki bo bontša hore aspirin e hlapolla li-platelet tsa mali, ka hona, e sitisa mali hore a etse mahloele. Mohlomong sena se thibela ho kibeha ha methapo e menyenyane e tsamaisang mali ho ea pelong le bokong, ’me ka tsela ena e thibele tšenyo e ka bang teng lithong tsa bohlokoa.
Tlas’a melemo ena eo ho nahanoang hore aspirin e fana ka eona, ke hobane’ng ha e se motho e mong le e mong ea e noang? Lebaka le leng ke hore ho sa ntsane ho e-na le ho hongata ho sa tsejoeng. Esita le eona tekanyetso ea hore na ho nooe e kae ha ea hlaka. Lipuello li qala ka hore ho nooe pilisi e tloaelehileng habeli ka letsatsi, ho isa ho noeng e fokolang joaloka aspirin ea bana ho tlōlisoa letsatsi. Na tekanyo eo basali ba lokelang ho e-noa e lokela ho fapana le ea banna? Lingaka ha li tiisehe ka sena. Le hoja aspirin e kupelitsoeng hore e e’o qhalanela ka maleng e ka ’na ea nkoa e le molemo ka tsela e itseng, ho sa ntse ho phehisanoa khang ka molemo oa aspirin e fokolitsoeng matla a asiti.
Mabaka a ho ba Hlokolosi
Le hoja ha e le hantle aspirin e le metsoako ea lintho tsa tlhaho—Maindia a Amerika a ile a fumana metsoako ea aspirin makhapetleng a sefate sa moluoane—e na le liphello tse ngata tse bohloko. Ntle le hore e baka tahlehelo ea mali ho batho ba bang, ho boetse ho na le mathata a mang a ka bakoang ke aspirin, ho kopanyelletsa le phello e ka bang teng ho motho eo ’mele oa hae o hananang le aspirin. Ka ho hlakileng, hase bohle ba ka noang aspirin letsatsi le leng le le leng.
Leha ho le joalo, motho ea kotsing ea ho hlaseloa ke lefu la pelo kapa stroke, kapa ea kotsing e khōlō e hlokomelehang, a ka ’na a batla ho botsa ngaka ea hae ka likotsi hammoho le melemo e ka bakoang ke ho noa aspirin letsatsi ka leng. Ka sebele, mokuli o tla batla ho etsa bonnete ba hore ha a na bothata ba ho tsoa mali, hore ’mele oa hae ha o hanane le aspirin, le hore ha a na mathata a ka maleng. Ho ka buisanoa le ngaka ka mathata a mang a ka ’nang a hlaha kapa ka ho sebelisa meriana e itseng pele ho qaloa phekolo.
Joalokaha re hlokometse pejana, aspirin le meriana e tšoanang le eona e beha motho kotsing ea ho lahleheloa ke mali. ’Me ho lahleheloa ke mali ho joalo ho ka ’na ha potella, ha se ke ha bonahala ka pele ’me butle-butle, ha eketseha ha nako e ntse e feta. Meriana e meng le eona e hloka ho hlahlobisisoa hantle, haholo-holo meriana e meng e thibelang ho ruruha. Etsa bonnete ba hore u tsebisa ngaka ea hao haeba u sebelisa e meng ea eona. Maemong a mangata, e ka ba bohlale ho khaotsa ho noa meriana eo pele u buuoa. Mohlomong le ho hlahlojoa nako le nako laboratoring ho ka thusa bakeng sa ho beha leihlo tekanyo ea mali a hao.
Haeba re batla ho itšireletsa mathateng a ka hlahang kamoso, re tla mamela maele a Bibele: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa; empa ea leebelo eena o ea pele, ’me o oela tsietsing.” (Liproverbia 22:3) Tabeng ena e amanang le meriana, e se eka re ka ba har’a ba masene e le hore re se ke ra oela tsietsing ka bophelo ba rōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! ha e buelle mofuta o itseng ka ho khetheha oa phekolo ea meriana.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]
Ba ka ’Nang ba Nahana ho Noa Aspirin Letsatsi ka Leng
● Batho ba nang le lefu la methapo ea pelo kapa bao methapo e ka sehloohong ea mali, e fetang molaleng, e patisaneng.
● Batho ba kileng ba tšoaroa ke stroke se bakoang ke mahloele a mali kapa tlhaselo ea nakoana e kang ea stroke.
● Banna ba ka holimo ho lilemo tse 50 ba leng kotsing ea tse ling tsa tse latelang tse ka bakang lefu le amang pelo le methapo: ba tsubang, ba nang le khatello ea methapo ea mali, lefu la tsoekere, k’holesterole e phahameng, k’holesterole e tlaase ea HDL, ho nona ho feteletseng, ho noa joala ho tlōlisa, ho ba le e mong lapeng ea kileng a tšoaroa ke lefu la pelo (pele a e-ba le lilemo tse 55) kapa stroke, le eo boholo ba nako a lutseng fatše.
● Basali ba ka holimo ho lilemo tse 50 ba nang le mafu a mabeli kapa ho feta a behang bophelo kotsing.
U ka ’na ua rata ho buisana le ngaka ea hao pele u ka etsa qeto tabeng ena.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mohloli: Consumer Reports on Health