Maloetse a Tšoaetsanoang—A Kotsi Empa a ka Thibeloa
LE HOJA litšisinyeho tsa lefatše tse senyang le likhohola tse bakang likoluoa e le tsona tse hlahellang lihloohong tsa litaba, ke ka seoelo ho ata ho khutsitseng ha maloetse a tšoaetsanoang ho hapang thahasello ea mecha ea litaba. Leha ho le joalo, polelo e ntšitsoeng bakeng sa khatiso ka June 2000 ea Red Cross/Red Crescent, e re: “Palo ea mafu a bakoang ke maloetse a tšoaetsanoang (a kang AIDS, malaria, maloetse a amanang le matšoafo le letšollo) e imenne ka makhetlo a 160 ho feta palo ea batho ba ileng ba shoa ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho selemong se fetileng. ’Me boemo bo ntse bo mpefala le ho feta.”
Ho na le lisosa tse peli tse khōlō tseo ho boleloang hore ke tsona tse ikarabellang bakeng sa lipalo tsena tse nyarosang. Se seng ke ho ata ho sa khaotseng ha AIDS, e bolaeang batho ba 300 hora e ’ngoe le e ’ngoe. Mookameli oa Lenaneo la Likoluoa oa Mokhatlo oa Machaba oa Sefapano se Sefubelu le Mokhatlo oa Khoeli e khubelu, Peter Walker o re: AIDS “ha e sa le boloetse, ke koluoa. Boloetse bo atileng ka tsela ena bo bolaea basebetsi ’me bo thefula moruo.” Sesosa se seng ke ho senyeha ha tsamaiso ea bophelo bo botle, ho fellang ka hore maloetse a neng a jele setsi mehleng e fetileng a boee sekoele, maloetse a kang lefuba, mokaola le malaria. Ka mohlala, naha e ’ngoe ea Asia hona joale e tlaleha batho ba bacha ba 40 000 ba tšoeroeng ke lefuba selemo se seng le se seng. Naheng e ’ngoe ea Europe Bochabela, tšoaetso ea mokaola e eketsehile ka makhetlo a 40 lilemong tse leshome tse fetileng.
Leha ho le joalo, ntho e makatsang ke hore le hoja maloetse a tšoaetsanoang e se e le likoluoa, a har’a likoluoa tse ka thibeloang ka ho feletseng. Ha e le hantle, tlaleho e bolela hore boholo ba mafu a limilione tse 13 a bakiloeng ke maloetse a tšoaetsanoang ka 1999 “a ka be a ile a thibeloa ka tšenyehelo ea US$ 5 [R40] motho ka mong bakeng sa phekolo.” Hoja mebuso ea lefatše e ne e ikemiselitse ho sebelisa R40 ho motho e mong le e mong bakeng sa tlhokomelo ea bophelo bo botle—chelete e neng e tla sebelisoa kaofela e ne e tla ba liranta tse limilione tse likete tse 230—ak’u nahane hore na ho ka be ho thibetsoe ho shoa ha batho ba bangata hakaakang ho sa hlokahaleng!
Le hoja ena e le chelete e ngata haholo, hase letho ha e bapisoa le chelete e sebelisoang ke lefatše litšebeletsong tse ling. Ka mohlala, selemong se seng ho tse sa tsoa feta, chelete e ileng ea sebelisoa ke sesole lefatšeng lohle e ile ea ba ka holimo ho liranta tse libilione tse 7—ka karolelano e ne e le R1 120 ho motho a le mong. Ak’u nahane feela hore na ho sebelisoa chelete e ngata hakaakang ho lokisetsoa ntoa ho e-na le hore e sebelisetsoe ho thibela ho ata ha maloetse! Mohlomong ho thibela ho ata ha maloetse a tšoaetsanoang ke ntho eo motho a ke keng a e finyella—eseng hobane a haelloa ke chelete, empa ka mabaka a mang a tebileng. Etsoe mebuso ea batho e sitoa le ho etelletsa pele lintho tse lokelang ho tla pele.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 12]
X ray: New Jersey Medical School—National Tuberculosis Center
Photo of man coughing: WHO/Thierry Falise