Ho Sibolla Motso oa Taba
“Hangata ho tepella maikutlo ha bacha ha ho bakoe ke ntho e le ’ngoe feela, empa ho bakoa ke lintho tse ngata tse khathatsang kelello.”—Dr. Kathleen McCoy.
HO TEPELLA ha bacha maikutlong ho bakoa ke eng? Ho ka ’na ha ameha lintho tse ngata. Taba ea pele, liphetoho tsa ’mele le tsa maikutlo tse bakoang ke ho kena bonneng kapa bosaling li ka etsa hore bacha ba feto-fetohe le ho tlala tšabo, ha etsa hore ka ho khetheha ba be le kelello e sekametseng linthong tse nyahamisang. Hape, hangata bacha ba pepesehela maikutlong a nyahamisang ha ba nka hore lithaka tsa bona lia ba koekoetla kapa ba koekoetloa ke motho eo ba hlaoletseng maikutlo a lerato ho eena. Joalokaha re bone sehloohong sa selelekela, bacha ba kajeno ba hōlela lefatšeng le nyahamisang ka bolona. Ka sebele re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’—2 Timothea 3:1.
Ho phaella bothateng bona, bacha ba tobane le likhatello tsa bophelo lekhetlo la pele bophelong ba bona, ’me ha ba na tsebo kapa phihlelo eo batho ba baholo ba nang le eona. Ka hona, hangata bacha ba ba joaloka bahahlauli ba batlang tsela sebakeng seo ba sa se tloaelang—ba tsietsoa ke tikoloho eo ba leng ho eona ’me maemong a mangata ba sa batle ho kōpa thuso. Maemo ana a ka baka ho tepella maikutlong.
Empa ho na le mabaka a mang a mangata a ka etsang hore mocha a tepelle maikutlong. A re hlahlobeng a seng makae.
Ho Tepella Maikutlong le Tahlehelo
Ka linako tse ling ho tepella maikutlong ho bakoa ke ho lahleheloa ho hoholo—mohlomong ho shoeloa ke moratuoa kapa ho lahleheloa ke motsoali e mong ka lebaka la tlhalo. Esita le ho shoa ha phoofolo e ruiloeng ho ka bakela mocha ho nyahama.
Ho boetse ho na le mefuta e sa totobalang hakaalo ea tahlehelo. Ka mohlala, ho fallela sebakeng se secha ho bolela ho siea tikoloho eo motho a e tloaetseng le metsoalle eo a e ratang. Esita le ho finyella pakane eo e leng khale motho a e lebeletse—e kang ho qeta sekolong—ho ka etsa hore motho a ikutloe a lahlehetsoe. Etsoe ho qala bophelo bo bocha ho bolela ho lahleheloa ke boiketlo le tšireletseho ea bophelo ba pele. Joale, ho na le bacha ba lokelang ho mamella mofuta o itseng oa bokuli bo sa foleng. Maemong a joalo, bohloko ba ho ba ea fapaneng le lithaka—mohlomong li bile li mo hlokomoloha—ho ka etsa hore mocha a ikutloe a sa tšoane le ba bang.
Ke ’nete hore bacha ba bangata ba ba le ho lahleheloa ho joalo empa ba sa sithabele ho tlōla tekano. Ba utloa bohloko, ba lle, ba hloname le ho siama—empa ka mor’a nako ba amohela boemo bo bocha. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha bacha ba bangata ba inehela ho tepelleng maikutlo ha ba bang ba khona ho mamella le ho ikamahanya le maemo a macha bophelong? Kaha ho tepella maikutlo ke boloetse bo rarahaneng, ha ho karabo e bonolo bakeng sa potso ena. Empa bacha ba bang ba ka ’na ba hlaseleha habonolo.
Tlatsetso ea Lik’hemik’hale ’Meleng
Litsebi tse ngata tsa mafu a kelello li lumela hore ho se leka-lekane ha lik’hemik’hale bokong ho phetha karolo e khōlō ho tepelleng ha maikutlo.a Ho se leka-lekane ho ka feta ka lefutso, etsoe babatlisisi ba fumane hore bacha ba nang le batsoali ba tepelletseng maikutlong ba mocheng oa hore le bona ba tepelle maikutlong. Buka ea Lonely, Sad and Angry e re: “Hangata bana ba tepelletseng maikutlong bonyane ba na le motsoali a le mong eo le eena a hlokofatsoang ke ho tepella maikutlong.”
Sena se hlahisa potso, Na ka sebele bana ba futsa ho tepella maikutlong kapa ba mpa feela ba hlaheloa ke hona ka lebaka la hobane ba lula le batsoali ba tepelletseng maikutlong? Ho thata ho arabela potso ena kaha boko bo rarahane haholo. Ho joalo le ka mabaka a mang a tlatsetsang ho tepelleng ha mocha maikutlong.
Ho Tepella Maikutlong le Tikoloho ea Lelapa
Ho tepella maikutlong ho ’nile ha bitsoa taba e amang lelapa, ’me e le ka lebaka le utloahalang. Joalokaha ho se ho boletsoe, ho ka ’na ha e-ba le lefutso la ho tepella maikutlong le tlohang lelokong le leng ho ea ho le leng. Empa tikoloho ea lelapa le eona e ka kenya letsoho. Dr. Mark S. Gold oa ngola: “Bana ba hlekefetsoang ke batsoali ba bona ba kotsing e khōlō ea ho tepella maikutlong. Ho joalo le ka bana bao batsoali ba bona ba ratang ho ba tšoaea liphoso nako le nako le ba lebisitseng tlhokomelo mefokolong ea bana ba bona.” Bana ba ka boela ba tepella maikutlong haeba batsoali ba bona ba ba thepetlisa ho tlōla le hona ho bontša ho ameha ka bona ho tlōla tekano. Leha ho le joalo, ho thahasellisang ke hore ’matlisisi e mong o ile a fumana hore bana ba ka ’na ba tepella maikutlong haholoanyane haeba le teng batsoali ba sa bontše ho ba thahasella.
Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore bacha bohle ba tepelletseng maikutlong ba baketsoe ke batsoali ba bona ba sa tsamaiseng lintho hantle. Ho etsa qeto e akaretsang joalo ho ne ho tla etsa hore ho hlokomolohuoe mabaka a mang a mangata a ka tlatsetsang bothateng bona. Leha ho le joalo, maemong a mang, tikoloho ea lelapa e phetha karolo ea bohlokoa. Dr. David G. Fassler oa ngola: “Bana ba phelang malapeng ao ho ’ona ho nang le khohlano e sa feleng pakeng tsa batsoali ba kotsing e khōlō ea ho tepella maikutlong ho feta bana ba tikolohong e se nang likhathatso. Le leng la mabaka ke hore batsoali ba loantšanang ba ameha haholo lintoeng tsa bona hoo ba hlokomolohang litlhoko tsa bana ba bona. Lebaka le leng ke hore batsoali hangata ba loantšana ka bana, e leng se etsang hore bana ba ikutloe ba le molato, ba halefile, ba bile ba hloname.”
Ana ke a mang a mabaka a ka tlatsetsang ho tepelleng ha bacha maikutlong. Ho na le a mang. Ka mohlala, litsebi tse ling li re lintho tse fumanehang tikolohong (tse kang lijo tse sa haheng ’mele, chefo le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le tahi) li ka baka ho tepella maikutlong. Tse ling li supa hore meriana e itseng (e kang li-antihistamine le lithethefatsi tse kokobetsang boikutlo ba kelello ba ho tšoenyeha) le eona e ka tlatsetsa. Hape ho bonahala bana ba nang le tšitiso ea ho ithuta e le bona bao ka ho khetheha ba pepesehetseng ho tepella maikutlong, haholo-holo hobane ho itšepa ha bona hoa fela ha ba hlokomela hore ba sitoa ho tšoara joaloka bana ba bang ba ithutang le bona.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sesosa, ke habohlokoa ho nahana ka potso ena, Bacha ba tepelletseng maikutlong ba ka thusoa joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ba bang ba na le pelaelo ea hore le hoja bakuli ba bangata ba tsoaloa ba e-na le ho se leka-lekane ’meleng, ba bang ba hlaha ba phela hantle empa hamorao ba tepelle maikutlong ha ba hlaheloa ke ketsahalo e bohloko e amang lik’hemik’hale tsa bona bokong.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Tsitsipano lapeng hangata e baka ho tepella maikutlong