Ho Tšepa Molimo ho Ile ha Ntšehetsa
JOALOKAHA HO BOLETSE RACHEL SACKSIONI-LEVEE
HA MOLEBELI A NTSE A NKOTLA KA MAKHETLO MAHLONG HOBANE KE HANNE HO SEBETSA MOO HO ETSOANG TENG LIKAROLO TSA LIFOFANE TSE LIHANG LIBOMO TSA MANAZI, MOLEBELI E MONG O ILE A RE HO EENA: “HOJA OA TLOHELA. MA-‘BIBELFORSCHER’ ANO A KA MPA A INEHELLA HO OTLELOA LEFU BAKENG SA MOLIMO OA ’ONA.”
SENA se etsahetse ka December 1944 Beendorff, kampong ea basali ea mosebetsi o boima e haufi le merafo ea letsoai ka leboea Jeremane. E-re ke hlalose hore na ho tlile joang hore ke be moo le hore na ke ile ka khona joang ho pholoha likhoeli tsa ho qetela tsa Ntoa ea II ea Lefatše.
Ke tsoaletsoe lelapeng la Bajuda Amsterdam, Netherlands, ka 1908, ’me ke oa bobeli bananeng ba bararo. Ntate e ne e le mobentši oa litaemane, ’me ho ne ho le joalo le ka Bajuda ba bang ba bangata ba Amsterdam pele ho Ntoa ea II ea Lefatše. O ile a hlokahala ha ke le lilemo li 12, ’me ka mor’a moo, Ntate-moholo o ile a tla lula le rōna. Ntate-moholo e ne e le Mojuda ea inehetseng ’me o ne a etsa bonnete ba hore re hōlisoa tumellanong le meetlo ea Sejuda.
Ke ile ka latela mohlala oa Ntate ’me ka ithuta mosebetsi oa ho seha litaemane, ’me ka 1930 ke ile ka nyaloa ke e mong eo ke neng ke sebetsa le eena. Re ile ra ba le bana ba babeli—Silvain eo e neng e le moshanyana ea ratang ho leka sena le sane, le Carry, ngoananyana ea motle ea neng a se na likhathatso. Ka bomalimabe, lenyalo la rōna ha lea ka la tšoarella. Ka 1938, nakoana ka mor’a hore re hlalane, ke ile ka nyaloa ke Louis Sacksioni eo le eena a neng a bentša litaemane. Ka February 1940, morali oa rōna, Johanna, o ile a hlaha.
Le hoja Louis e ne e le Mojuda, o ne a sa phele ho lumellana le litumelo tsa bolumeli ba hae. Kahoo, re ile ra khaotsa ho keteka mekete ea Sejuda eo ha ke sa le ngoana ke neng ke e nka e le e hlollang. Bonneteng, ke ne ke e hloloheloa, empa ka pelong ke ile ka tsoela pele ke lumela ho Molimo.
Ho Fetola Bolumeli
Mathoasong a 1940, selemo seo ka sona Majeremane a ileng a qala ho hapa Netherlands, mosali e mong o ile a nketela lapeng ’me a bua le ’na ka Bibele. Ke ne ke sa utloisise boholo ba lintho tseo a li buang, empa neng le neng ha a tla ke ne ke amohela sengoliloeng. Leha ho le joalo, ke ne ke sa bale seo a se siileng hobane ke ne ke sa batle letho le buang ka Jesu. Ke ne ke rutiloe hore e ne e le Mojuda ea koenehileng.
Joale ka letsatsi le leng ke ile ka eteloa ke monna e mong. Ke ile ka mo botsa lipotso tse kang “Ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a bōpa batho ba bang ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe? Ke hobane’ng ha ho e-na le masisa-pelo a makaale? Ke hobane’ng ha batho ba hloeane le ho loantšana?” O ile a nkholisa hore haeba ke ne ke e-na le mamello, o ne a tla arabela lipotso tseo tsa ka ka Bibele. Ka hona, re ile ra hlophisa thuto ea lehae ea Bibele.
Leha ho le joalo, ke ile ka ’na ka hana khopolo ea hore Jesu e ne e le Mesia. Empa ka mor’a hore ke rapelle taba ena, ke ile ka qala ho bala boprofeta bo buang ka Mesia ka Bibeleng, ka bo bona ka leihlo le fapaneng. (Pesaleme ea 22:7, 8, 18; Esaia 53:1-12) Jehova o ile a ’nolofalletsa hore ke bone hore boprofeta boo bo phethahetse ka Jesu. Monna oa ka o ne a sa thahaselle seo ke neng ke ithuta sona, empa ha aa ka a kena-kenana le qeto ea ka ea ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Ho Ipata—Le Hoja ke ne ke Ntse ke Bolela
Ho hapa ha Jeremane Netherlands e ne e le nako e kotsi ho ’na. Eseng feela hobane ke ne ke le Mojuda, batho bao Majeremane a neng a ba kenya likampong tsa mahloriso, empa ke ne ke boetse ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova, e leng mokhatlo oa bolumeli oo Manazi a neng a leka ho o felisa. Leha ho le joalo, ke ile ka lula ke le mafolofolo, ke qeta lihora tse 60 ka khoeli ke bolella ba bang ka tšepo ea ka e ncha ea Bokreste.—Matheu 24:14.
Mantsiboea a mang ka December 1942, monna oa ka ha aa ka a khutlela hae ka mor’a mosebetsi. Hamorao ke ile ka utloa hore o ile a tšoaroa mosebetsing, eena le basebetsi-’moho le eena. Ha kea ka ka hlola ke mo bona hape. Lipaki-’moho le ’na li ile tsa nkhothalletsa hore ke eo ipata hammoho le bana ba ka. Ke ile ka khona ho ea lula le morali e mong oabo rōna oa Mokreste karolong e ’ngoe ea Amsterdam. Kaha ho ne ho le kotsi haholo ho lula sebakeng se le seng re le bane, ke ile ka tlameha ho siea bana ba ka le batho ba bang.
Hangata ke ne ke pholoha ho tšoaroa ka sobana la nale. Mantsiboea a mang Paki e ’ngoe e ne e nkisa sebakeng se secha sa ho ipata ka sethuthuthu sa eona. Leha ho le joalo, lebone la sethuthuthu sa hae le ne le sa sebetse, ’me re ile ra emisoa ke mapolesa a mabeli a Madache. A ile a nkhantša ka litoche tsa ’ona mahlong ’me a bona hore ke Mojuda. Ka lehlohonolo, a ile a re feela: “Akofang—empa le tsamaee ka maoto.”
Ho Tšoaroa le ho Hlahleloa Chankaneng
Hoseng ho hong ka May 1944, ha ke ne ke le haufi le ho qala tšebeletso ea ka, ke ile ka tšoaroa—eseng hobane ke le Paki, empa hobane ke le Mojuda. Ke ile ka isoa chankaneng ea Amsterdam, moo ke ileng ka qeta matsatsi a leshome teng. Joale ke ile ka tsamaisoa le Bajuda ba bang ka terene ho ea kampong ea nakoana e Westerbork, karolong e ka leboea-bochabela ho Netherlands. Ho tloha moo, Bajuda ba ne ba isoa Jeremane.
Ha ke le Westerbork, ke ile ka kopana le mor’abo monna oa ka le mora oa hae, bao le bona ba neng ba tšoeroe. E ne e le ’na feela Paki har’a Bajuda, ’me ke ile ka rapela Jehova kamehla hore a ntšehetse. Matsatsi a mabeli hamorao, ’na, mor’abo monna oa ka le mora oa hae kaofela re ne re lutse ka tereneng e tsamaisang likhomo ’me re le haufi le ho qala leeto le eang Auschwitz kapa Sobibor, e leng likampo tseo ho bolaeloang batho ho tsona Poland. Ka tšohanyetso, lebitso la ka le ile la bitsoa, ’me ke ile ka isoa tereneng e fapaneng—terene e tloaelehileng ea baeti.
Ka tereneng eo ho ne ho e-na le bao e kileng ea e-ba basebetsi-’moho le ’na ba sebetsanang le litaemane. Basebetsi ba ka bang lekholo ba litaemane ba ile ba isoa Bergen-Belsen, karolong e ka leboea Jeremane. Hamorao, ke ile ka utloa hore tsebo eo ea ka e ne e pholositse bophelo ba ka kaha Bajuda ba neng ba rometsoe Auschwitz le Sobibor hangata ba ne ba e-ea ka ho toba liphaposing tsa ho khangoa ka khase. Ke sona se ileng sa etsahala ka monna oa ka, bana ba ka ba babeli le beng ka ’na ba bang. Leha ho le joalo, ka nako eo ke ne ke sa tsebe hore na ho etsahetse’ng ka bona.
Bergen-Belsen, rōna ba sehang litaemane re ne re filoe bolulo kampong e khethehileng. E le ho bolokela matsoho a rōna mosebetsi o hlokang tlhokomelo e khōlō oo re neng re o etsa, ho ne ho sa hlokahale hore re etse mesebetsi e meng. E ne e le ’na feela Paki sehlopheng sa rōna, ’me ke ile ka bolella Bajuda bao ka sebete ka tumelo ea ka e ncha. Leha ho le joalo, ba ile ba nkuka ke le mokoenehi, feela joalokaha moapostola Pauluse a ne a talingoa joalo lekholong la pele la lilemo.
Ke ne ke se na Bibele, ’me ke ne ke hlolohetsoe lijo tsa moea. Ngaka e ’ngoe ea Mojuda kampong moo e ne e e-na le eona, ’me re ile ra chenchana, ka e fa lingoathoana tse ’maloa tsa bohobe le botoro ’me eona ea mpha Bibele. Ke ile ka qeta likhoeli tse supileng le ‘sehlopha seo sa litaemane’ Bergen-Belsen. Ha ho bapisoa le ba bang, re ne re tšoeroe hantle, ’me seo se ile sa etsa hore batšoaruoa ba bang ba Bajuda ba re hloee. Leha ho le joalo, qetellong ho ile ha fumaneha hore ha ho sa na litaemane tseo re ka sebetsang ka tsona. Ka hona, ka la 5 December, 1944, basali ba ka bang 70 ho rōna ba Bajuda re ile ra isoa kampong ea basali ea mosebetsi o boima Beendorff.
Ho Hana ho Etsa Libetsa
Merafong e haufi le kampo, limithara tse ka bang 400 ka tlas’a lefatše, batšoaruoa ba ne ba abetsoe mosebetsi oa ho etsa likarolo tsa lifofane tse lihang libomo. Ha ke hana ho etsa mosebetsi ona, ke ile ka otloa ka matla ka makhetlo a ’maloa. (Esaia 2:4) Molebeli o ile a nkharumela a re ho ka ba molemo ha nka ka tla ke ikemiselitse ho sebetsa ka le hlahlamang.
Ka le hlahlamang, ha kea ka ka itlaleha ha ho baloa mabitso, ke ile ka sala kampong. Ke ne ke kholisehile hore ke tl’o thunngoa, ka hona, ke ile ka rapela Jehova hore a mputse bakeng sa tumelo ea ka. Ke ile ka lula ke pheta pesaleme ea Bibele: “Ke tšepile Molimo. Nke ke ka tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng?”—Pesaleme ea 56:11.
Ho ile ha hlahlojoa kampo ’me ka ntšetsoa ka ntle. Ke eona nako eo e mong oa balebeli a ileng a nteteka khafetsa, a ntse a mpotsa: “Ke mang eo ea sa u lumelleng hore u sebetse?” Nako le nako ke ne ke re ke Molimo. Ke ha molebeli e mong a tla mo bolella: “Hoja oa tlohela. Ma-Bibelforschera ano a ka mpa a inehella ho otleloa lefu bakeng sa Molimo oa ’ona.” Mantsoe a hae a ile a ’matlafatsa haholo.
Kaha mosebetsi oa ho hloekisa matloana o ne o etsoa ke batho ba fuoeng kotlo ’me e ne e le mosebetsi o litšila ka ho fetisisa oo nka o nahanang, ke ile ka ithaopela ho etsa oona. Ke ile ka thabela kabelo eo kaha e ne e le mosebetsi oo nka o etsang ka letsoalo le khutsitseng. Hoseng ha letsatsi le leng, molaoli oa kampo ea neng a tšajoa haholo ke e mong le e mong o ile a fihla. O ile a ema ka pel’a ka ’me a re: “Ke uena Mojuda ea sa batleng ho sebetsa?”
Ke ile ka araba: “Ua mpona hore ke ntse ke sebetsa.”
“Empa u ke ke ua sebeletsa ntoa, na ha ho joalo?”
Ke ile ka araba: “E. Molimo ha a batle seo.”
“Empa u tla be u sa kenye letsoho ho bolaeeng akere?”
Ke ile ka mo hlalosetsa hore haeba ke kenya letsoho ho etseng libetsa, ke tla be ke hatakela letsoalo la ka la Bokreste.
O ile a nka lefielo leo ke neng ke le tšoere ’me a re: “Ke ntse nka u bolaea ka lefielo lena, na ha ho joalo?”
Ke ile ka araba: “E, u ka mpolaea ka lona, empa lefielo ha lea etsetsoa ho bolaea. Sethunya ke sona se etselitsoeng ho bolaea.”
Re ile ra bua ka ho ba ha Jesu Mojuda le hore le hoja ke le Mojuda, ke ne ke fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha a tsamaea, batšoaruoa-’moho le ’na ba ile ba tla ho ’na, ba makaletse hore ke ile ka ba le sebete sa ho bua le molaoli eo oa kampo ke sa tšoha. Ke ile ka ba bolella hore e ne e se taba ea sebete, empa ke khonne hobane Molimo a mphile matla a ho etsa joalo.
Ho Pholoha Matsatsi a ho Qetela a Ntoa
Ka la 10 April, 1945, ha mabotho a Selekane a ne a atamela Beendorff, re ile ra tlameha ho ema lebaleng letsatsi lohle bakeng sa hore ho bitsoe mabitso a rōna. Ka mor’a moo, basali ba ka bang 150 ho rōna ba ile ba qhobelloa ka litereneng tsa likhomo, ntle ho lijo kapa metsi. Literene li ile tsa tsamaea li e-ea sebakeng se sa tsejoeng, ’me re ile ra nyolosa le ho theosa ka pel’a mabotho a ntoa ka matsatsi a mangata. Ba bang ba batšoaruoa ba ile ba fenetha batšoaruoa ba bang e le hore ho ka ba le sebaka se eketsehileng ka makarecheng, ’me ka lebaka leo, basali ba bangata ba ile ba hlaseloa ke lefu la methapo. Ho tšepa ha ka hore Jehova o tla ntlhokomela ke eona ntho e ileng ea nthusa hore ke mamelle.
Ka letsatsi le leng, terene ea rōna e ile ea ema pel’a kampo ea banna, ’me re ile ra lumelloa hore re theohe. Ba seng bakae ba rōna re ile ra fuoa linkho hore re e’o kha metsi kampong. Ha ke fihla pompong, ke ile ka qala ka ho noa metsi nako e telele, ka mor’a moo, ka tlatsa nkho. Ha ke khutla, basali ba ile ba nkhorohela joalokaha eka ke liphoofolo tse hlaha. Nkho eo e ile ea rahoa ’me metsi oohle a qhalana. Litho tsa SS (balaoli ba phahameng ba sesole sa Hitler) li ne li eme moo ’me li itja litšeho. Matsatsi a 11 hamorao, re ile ra fihla Eidelstedt, kampo e motseng oa Hamburg. Halofo ea batho ba neng ba le sehlopheng sa rōna e ne e bolailoe ke ho nyolosetsa ha leeto leo.
Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke le Eidelstedt, ke ne ke balla basali ba ’maloa Bibele. Ka tšohanyetso, molaoli oa kampo o ile a ema fensetereng. Re ne re hlile re tšohile hobane Bibele e ne e le buka e thibetsoeng kampong. Molaoli eo o ile a kena, a nka Bibele eo ’me a re: “Hona ke Bibele, akere?” Ke ile ka imoloha haholo ha a e khutlisa ’me a re: “Ha e mong oa basali bana a ka shoa, joale u tla tlameha ho bala ho itseng ho eona.”
Ho Kopana Hape le Lipaki Tse Ling
Ka mor’a ho lokolloa ha rōna matsatsi a 14 hamorao, ba mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu ba ile ba re isa sekolong se haufi Malmö, Sweden. Re ile ra behoa moo thōko le batho ba bang nakoana. Ke ile ka kōpa mohlokomeli e mong oa rōna hore a tsebise Lipaki tsa Jehova hore ke ne ke le moo kampong ea baphaphathehi. Matsatsi a ’maloa hamorao, ho ile ha bitsoa lebitso la ka. Ha ke bolella mosali ea neng a tlile hore ke Paki, o ile a qalella ho lla. Le eena e ne e le Paki! Ka mor’a hore maikutlo a hae a kokobele, o ile a mpolella hore Lipaki tsa Sweden li ne li lula li rapella bara le barali babo tsona ba Bakreste ba leng likampong tsa mahloriso tsa Manazi.
Ho tloha letsatsing leo, morali eo oeso o ne a ntlisetsa kofi le ho itseng ho monate letsatsi le leng le le leng. Ka mor’a hore ke tlohe kampong eo ea baphaphathehi, ke ile ka isoa sebakeng se haufi le Göteborg. Lipaki tsa teng li ile tsa hlophisa ho nketsetsa moketjana o motle mantsiboeeng a mang. Le hoja ke ne ke sa utloisise puo ea bona, ho ne ho ama maikutlo ho boela ke pota-potoa ke bara le barali beso.
Ha ke sa le moo Göteborg, ke ile ka fumana lengolo le tsoang ho Paki e Amsterdam le mpolellang hore bana ba ka, Silvain le Carry, hammoho le beng ka ’na bohle, ba ne ba ile ba tšoaroa ’me ha baa ka ba hlola ba khutla. Ho ne ho pholohile morali oa ka Johanna feela le ngoan’eso oa ho fela oa ngoanana. Haufinyane tjena ke sa tsoa bona lebitso la mora oa ka le la morali oa ka lethathamong la mabitso a Bajuda ba ileng ba bolaoa ka khase Auschwitz le Sobibor.
Mosebetsi oa ka Mor’a Ntoa
Ha ke se ke khutletse Amsterdam ’me ke kopane le Johanna, eo ka nako eo a neng a le lilemo li hlano, ke ile ka kena tšebeletsong ka potlako. Ka linako tse ling ke ne ke kopana le bao e neng e le litho tsa NSB, Mokha oa Madache oa National-Socialist, e leng mokha oa lipolotiki o neng o sebelisana le Majeremane. Ke oona o neng o thusitse hore hoo e ka bang lelapa lohle la ka le bolaoe. Ke ile ka tlameha ho loantša lehloeo e le hore ke tsebe ho ba bolella litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ke ile ka lula ke ipolella hore Jehova ke eena ea bonang lipelo le hore qetellong, ke eena ea tla ahlola, eseng ’na. ’Me ke ile ka putsetsoa seo hakaakang!
Ke ile ka qala thuto ea Bibele le mosali e mong eo monna oa hae a neng a le chankaneng ka lebaka la ho sebelisana le Manazi. Ha ke ne ke hloa litepisi ho ea ntlong ea bona, ke ne ke utloa baahelani ba re: “Bonang! Mojuda eane o boetse o etela batho ba NSB.” Empa, ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea monna oa hae ea neng a le chankaneng ea neng a hloile Bajuda, mosali enoa le barali ba hae ba bararo kaofela e ile ea e-ba Lipaki tsa Jehova.
Hamorao, se ileng sa nthabisa ke ha morali oa ka Johanna a nehela bophelo ba hae ho Jehova. ’Na le eena re ile ra fallela moo tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso e leng khōloanyane teng. Re ile ra thabela litlhohonolofatso tse ngata tsa moea. Hona joale ke lula torotsoaneng e ka boroa ho Netherlands, moo ke kopanelang mosebetsing oa ho bolela le phutheho hangata kamoo nka khonang kateng. Ha ke hetla morao, seo nka se bolelang feela ke hore ha ke e-s’o ka ke ikutloa ke lahliloe ke Jehova. Kamehla ke ’nile ka bona Jehova le Mora oa hae ea ratoang, Jesu, ba e-na le ’na, esita le linakong tse thata ka ho fetisisa.
Nakong ea ntoa, ke ile ka lahleheloa ke monna oa ka, bana ba ka ba babeli le boholo ba beng ka ’na. Leha ho le joalo, tšepo ea ka ke hore haufinyane ke tla boela ke ba bone kaofela lefatšeng le lecha la Molimo. Ha ke le mong ’me ke hopola seo ke fetileng ho sona, ka thabo le kananelo ke nahana ka mantsoe a mopesaleme: “Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang, lea ba pholosa.”—Pesaleme ea 34:7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso leo Lipaki tsa Jehova li neng li tsebahala ka lona Jeremane.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Bajuda ba tlosoa kampong e Westerbork ba isoa Jeremane
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Herinneringscentrum kamp Westerbork
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ke na le bana ba ka Carry le Silvain bao ka bobeli ba ileng ba bolaoa nakong ea Polao e Sehlōhō
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ha re ne re le sebakeng se thōko le batho Sweden
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Karete ea boitsebiso ea nakoana ea ho khutlela naheng ea heso
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
’Na le morali oa ka Johanna kajeno