Pono ea Bibele
Na Lipuisano Tsa Lichaba li Tla Tlisa Khotso ea Lefatše?
NA U ka rata ho bona lintoa tsohle li felile? Ruri e tlameha ebe ho na le tharollo e itseng pakeng tsa linaha lintoeng tsa mebuso le tsa machaba. Ba bangata ba na le maikutlo a hore haeba baeta-pele ba lefatše ba ne ba ka sebelisana, ntoa e ne e ka fela. Leha ho le joalo, u nyahamisitsoe ke liphello tse bileng teng ka mor’a lipuisano tse joalo. Ka lilemo tse makholo, baemeli ba mebuso ba ’nile ba tiisa lilekane, ba fihlela liqeto le ho tšoara liboka tsa baemeli ba mebuso, empa ke lintho tse seng kae feela tse rarolotsoeng ka ho feletseng.
Bibele e na le ho hongata hoo e ho buang ka lipuisano tsa lichaba le khotso. E arabela lipotso tse latelang: Ke lintho life tseo hona joale li sitisang lipuisano tsa lichaba hore li tlise khotso? Na Bakreste ba lokela ho kopanela lipuisanong tsa lichaba? Khotso ea sebele e tla qetella e fumanoe joang?
Khotso e Thibeloa ke Eng?
Litlaleho tse ’maloa tsa Bibele li bontša kamoo ho teana ha batho ka ho toba ho ka tlisang khotso. Ka mohlala, ka masene ’ohle Abigaile o ile a kholisa Davida le lebotho la hae hore ba se iphetetse lelapeng la hae. (1 Samuele 25:18-35) Jesu o ile a etsa mohlala ka morena ea neng a se na mokhoa oa ho itšireletsa haese feela hore a rome manģosa hore a e’o phaphatha khotso. (Luka 14:31, 32) E, Bibele ea lumela hore lipuisano tse ling li ka rarolla liqhoebeshano. Joale ke hobane’ng ha hangata lipuisano tsa khotso li sa atlehe?
Ka nepo Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehla ea rōna e tla ba e likhathatso. Ka lebaka la tšusumetso e khopo ea Satane Diabolose, batho ba ne ba sa tl’o ‘bulehela tumellano leha e le efe’ empa e ne e tla ba “ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso.” (2 Timothea 3:3, 4; Tšenolo 12:12) Ho phaella moo, Jesu o ile a profeta hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo ne bo tla tšoauoa ka “lintoa le litlaleho tsa lintoa.” (Mareka 13:7, 8) Ke mang ea ka latolang hore lintho tsee li atile ka bongata bo boholo? Ka hona, na hoa makatsa hore ebe boiteko ba lichaba ba ho buisana ka khotso bo atisa ho ipaka e le lefeela?
Hape, nahana ka ntlha ena: Le haeba baemeli ba mebuso ba ka leka ka matla ho qoba liqhoebeshano, sepheo sa bona se ka sehloohong ke ho fumanela sechaba sa bona melemo e itseng. Eo ke eona ntlha ea bohlokoa lipuisanong tsa lipolotiki. Na Bakreste ba lokela ho itšunya-tšunya litabeng tse joalo?
Bakreste le Lipuisano Tsa Lichaba
Bibele ea eletsa: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.” (Pesaleme ea 146:3) Sena se bolela hore baemeli ba mebuso ea lefatše ha ba na mokhoa kapa ’ona matla a ho tlisa litharollo tsa ka ho sa feleng, ho sa tsotellehe hore na boikemisetso ba bona ke bofe.
Ha Jesu a ne a le nyeoeng ka pel’a Ponse Pilato, o ile a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, joale, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” (Johanne 18:36) Hangata mehato ea ho finyella khotso e senngoa ke lehloeo la lichaba le ke boithati ba lipolotiki. Ka hona, Bakreste ba ’nete ba qoba ho kopanela lintoeng tsa lefatše lena le boitekong ba lona ba ho tšoara lipuisano.
Na see se bolela hore Bakreste ha ba tsotelle ebile ha ba thahaselle litaba tsa lefatše? Na ha ba na kutloelo-bohloko ka mahlomola a batho ba bang? Che. Ho fapana le hoo, Bibele e hlalosa barapeli ba ’nete ba Molimo e le batho ba “feheloang le ba bobolang” ka lebaka la lintho tse mpe tse etsahalang ho ba potoloha. (Ezekiele 9:4) Bakreste ba mpa ba tšepile Molimo hore e be eena ea tlisang khotso joalokaha a e tšepisitse. Na u nka hore ho fela ha ntoa ke eona khotso? ’Muso oa Molimo o tla e felisa joang kapa joang. (Pesaleme ea 46:8, 9) Empa ho phaella moo, o tla etsa bonnete ba hore baahi bohle ba lefatše ba lula ba sireletsehile le ho ba le boiketlo ka ho feletseng. (Mikea 4:3, 4; Tšenolo 21:3, 4) Le ka mohla khotso ea boemo bo phahameng joalo e ke ke ea finyelloa ka lipuisano tsa lichaba kapa ka boiteko ba batho ka mekhatlo “ea poloko ea khotso.”
Boprofeta ba Bibele hammoho le liketsahalo tsa nako e fetileng li bontša ka ho hlaka hore ho tšepa hore lipuisano tsa lichaba li tla tlisa khotso ho ka lebisa masoabing. Ba tšepileng Jesu Kreste bakeng sa khotso ba bile ba tšehetsa ’Muso oa Molimo ba tla bona ha takatso ea bona ea ho ba le khotso ea sebele e phethahala. Ho feta moo, ba tla e thabela ka ho sa feleng!—Pesaleme ea 37:11, 29.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]
Ho sa tsotellehe sepheo sa bona, baemeli ba mebuso ea lefatše ha ba na mokhoa kapa ’ona matla a ho tlisa litharollo tsa ka ho sa feleng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 14]
Bottom: Photo by Stephen Chernin/Getty Images