Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 1/8 maq. 20-23
  • Seo Bana ba se Hlokang le Seo ba se Batlang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo Bana ba se Hlokang le Seo ba se Batlang
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kameho ka Tlamahano
  • “Mpuise!”
  • “Nchebeng!”
  • ‘Na ke Tla be ke sa Senye Lesea?’
  • Ke Mang ea Hlokomelang Lesea?
  • Kamoo Bophelo ba Lenyalo bo Fetohang ha Ngoana a E-⁠ba Teng
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ka Tsela e Nepahetseng—’Me ho Etsoe ho Tloha Boseeng!
    Tsoha!—1987
  • Ho fa Bana Seo ba se Hlokang
    Tsoha!—2004
  • “Mochine o Matla ka ho Fetisisa Bokahohleng o Khonang ho Ithuta”
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 1/8 maq. 20-23

Seo Bana ba se Hlokang le Seo ba se Batlang

HO TLOHA ha le qeta ho hlaha, lesea le sa tsoa tsoaloa le hloka tlhokomelo e lerato, ho akarelletsa ho pholloa ka bonolo le hore ’mè le ngoana ba thetsane ka ’mele. Lingaka li lumela hore lihora tse 12 tsa pele ka mor’a tsoalo ke tsona tsa bohlokoa haholo. Li bolela hore seo ’mè le ngoana ba se hlokang le seo ba se batlang hang ka mor’a pelehi “hase boroko kapa lijo, empa ke ho pholloa ka bonolo le ho sikoa sefubeng le ho shebana le ho mamelana.”a

Ka tlhaho, batsoali ba thetsa le ho nka lesea la bona, baa le kopa, baa le pholla le ho le sika ka lerato. Lesea lona, le ikutloa le sireletsehile ho batsoali ba lona ’me le arabela tlhokomelong eo ea bona. Matla a tlamahano ena a matla hoo batsoali ba ka etsang boitelo ba ho hlokomela lesea lena ba sa khathale.

Ka lehlakoreng le leng, ka ntle ho tlamahano ena ea botsoali e lerato, lesea le ka fokola ’me la shoa. Ka hona, lingaka tse ling li lumela hore ke habohlokoa hore lesea le fuoe ’m’a lona hang-hang ka mor’a ho belehoa. Li etsa tlhahiso ea hore motsoali le lesea ba lokela ho fuoa bonyane metsotso e 30 ho ea ho e 60 ka mor’a hore lesea le belehoe.

Le hoja ba bang ba buella tlamahano haholo, kamano ena ea pele e ka ’na ea e-ba thata, kapa ea e-ba sieo lipetleleng tse ling. Hangata, masea a sa tsoa tsoaloa a arohanngoa le bo-’m’a ’ona ka lebaka la kotsi ea ho fetisetsa tšoaetso ngoaneng. Leha ho le joalo, bopaki bo bong bo bontša hore lenane la bana ba shoang ka lebaka la tšoaetso ha e le hantle le ka fokotseha ha masea a sa tsoa tsoaloa a sala le bo-’m’a ’ona. Kahoo lipetlele tse eketsehileng li bulehela taba ea hore ho eketsoe nako ea hore ’mè le lesea le sa tsoa tsoaloa ba be hammoho.

Kameho ka Tlamahano

Bo-’mè ba bang ha ba na kamano e haufi-ufi ea maikutlo le masea a bona lekhetlo la pele ha ba a bona. Kahoo baa ipotsa, ‘Na ke tla ba le bothata ba ho ba le tlamahano le lona?’ Ho ke ke ha latoloa hore hase bo-’mè bohle ba ratang masea a bona hang ha ba qala ho a bona. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore motho a tšoenyehe.

Esita leha lerato la ’mè ho lesea le ke ke la e-ba teng hang-hang, le ka ba teng hamorao. ’Mè e mong ea nang le phihlelo o hlokometse: “Ha ho boemo ba ho tsoaloa ha ngoana bo ka atlehisang kapa ba senya kamano ea hao le ngoana oa hao.” Leha ho le joalo, haeba u lebeletse ngoana ’me ho na le lintho tseo u amehileng ka tsona, e ka ’na ea e-ba bohlale ho buisana le ngaka ea hao e pepisang esale pele. Etsa bonnete ba hore u e hlakisetsa seo u se batlang mabapi le hore na u batla ho tloaelana le lesea la hao le sa tsoa tsoaloa neng hona nako e kae.

“Mpuise!”

Ho bonahala ho e-na le linako tse itseng ka ho khetheha tseo masea a batlang ntho e itseng e tobileng. Linako tseo lia fela ka mor’a nakoana. Ka mohlala, boko bo bonyenyane bo khona ho ithuta puo habonolo, esita le tse ngata. Empa nako e ntle ea ho ithuta puo ho bonahala e qala ho koaleha ha ngoana a e-ba lilemo tse ka bang hlano.

Ha ngoana a e-ba lilemo li 12 ho ea ho tse 14, ho ithuta puo e ’ngoe e ka ba phephetso e khōlō. Ho latela ngaka ea mafu a kelello a bana Peter Huttenlocher, ke nakong eo “ho teteana le palo ea moo methapo ea boko e teanang teng libakeng tsa puo bokong li fokotsehang.” Ho hlakile hore lilemo tse seng kae tse qalang tsa bophelo ke nako ea bohlokoa bakeng sa ho tseba puo e itseng!

Masea a finyella bohlale ba ho ithuta ho bua joang, boo e leng ba bohlokoa haholo nakong ea ho hōla ha bona tsebong le maikutlong? Haholo-holo ke ka ho buisana le batsoali. Masea ka ho khetheha a arabela ha motho e mong a etsa ho hong. Barry Arons oa Massachusetts Insti­tute of Technology oa hlokomela: “Lesea . . . le etsisa lentsoe la ’m’a lona.” Leha ho le joalo, ho thahasellisang ke hore masea ha a etsise melumo eohle. Joalokaha Arons a bolela, lesea “ha le natse lerata la bethe ea lona le bileng teng ka nako e le ’ngoe le lentsoe la ’m’a lona.”

Batsoali ba tsoang limelong tse sa tšoaneng ba bua le masea a bona ba sebelisa tsela e tšoanang e nang le morethetho o bitsoang “Puo ea Bana.” Ha motsoali a bua ka tsela e bontšang lerato, ho otla ha pelo ea lesea hoa eketseha. Ho lumeloa hore ho bua le lesea ka tsela ena ho potlakisa ho nyalanya mantsoe le lintho tseo ho buuoang ka tsona. Le sa re letho, ho joalokaha eka lesea le re: “Mpuise!”

“Nchebeng!”

Ho sibolotsoe hore hoo e ka bang selemong sa pele, lesea le ba le katamelano ea maikutlo le motho e moholo ea le hlokomelang, eo hangata e leng ’m’a lona. Ha lesea le ikutloa le sireletsehile tlamahanong ena, le tloaela batho ba bang hamolemo ho feta masea a se nang tlamahano ea botsoali. Ho lumeloa hore tlamahano e joalo le ’m’a lona e lokela e be e le teng nakong eo ngoana a leng lilemo li tharo.

Ho ka ’na ha etsahala’ng ha lesea le hlokomolohuoa nakong ee e mahlonoko eo kelello ea lona e amohelang tšusumetso e tsoang ka ntle ka tsela e phahameng? Martha Farrell Erickson, ea ileng a beha bo-’mè ba 267 le bana ba bona leihlo ka lilemo tse fetang 20, o fane ka maikutlo ana: “Butle-butle ho hlokomolohuoa ho felisa mafolofolo a ngoana ho fihlela [ngoana] a se a se na takatso ea ho ba le kamano le ba bang kapa ho tseba ho hong ka lefatše.”

Ka boiteko ba ho hlakisa maikutlo a hae mabapi le liphello tse kotsi tsa ho hlokomolohuoa maikutlong, Dr. Bruce Perry oa Texas Children’s Hospital, o re: “Haeba u nkōpa hore ke nke ngoana ea likhoeli li 6 ’me ke khethe pakeng tsa ho roba lesapo le leng le le leng le ’meleng oa hae kapa ho mo hlokomoloha maikutlong ka likhoeli tse peli, ke ne ke tla re ho ka ba molemo ho roba lesapo le leng le le leng le ’meleng oa lona.” Hobane’ng? Ho latela maikutlo a Perry, “masapo a ka fola, empa haeba lesea le lahleheloa ke monyetla oa likhoeli tse peli tsa bohlokoahali tsa ho susumetsa boko ba lona, u tla ba le boko bo ferekaneng ka ho sa feleng.” Hase bohle ba lumelang hore tšenyo e joalo ke e ke keng ea lokisoa. Leha ho le joalo, liphuputso tsa saense li bontša hore tikoloho e entšang maikutlong ke ea bohlokoa bakeng sa kelello ea lesea.

Buka e reng Infants, e re: “Ka bokhutšoanyane [masea] a loketse ho rata le ho ratoa.” Ha lesea le lla, hangata le kōpa batsoali ba lona hore: “Nchebeng!” Ke habohlokoa hore batsoali ba arabele ka tsela e mosa. Ka ho buisana ho joalo, lesea lea hlokomela hore le khona ho tsebisa ba bang seo le se hlokang. Le ithuta ho theha likamano tsa botsoalle le ba bang.

‘Na ke Tla be ke sa Senye Lesea?’

U ka ’na ua botsa, ‘Haeba ke arabela nako le nako ha lesea le lla, na ke tla be ke sa le senye?’ Mohlomong. Maikutlo a fapana haholo tabeng ena. Kaha ngoana e mong le e mong oa ikhetha, ka kakaretso batsoali ba lokela ho lekanyetsa hore na ba sebelisa mokhoa ofe o sebetsang hamolemohali. Leha ho le joalo, liphuputso tse ling tsa morao tjena li bontša hore ha lesea le sa tsoa hlaha le lapile, le solasola, kapa le utloile bohloko, tsela eo ’mele oa lona o arabelang ka eona khatellong ea kelello e ntša lihormone tsa khatello eo. Le bontša hore ha lea thaba ka ho lla. Ho thoe ha motsoali a arabela ’me a fa lesea seo le se hlokang, motho eo e moholo o qala ho haha bokong ba lesea marangrang a lisele tse le thusang ho ithuta ho ithōlisa. Hape, ho latela Dr. Megan Gunnar, lesea le fumaneng tlhokomelo le ba le lihormone tsa khatello ea kelello tse fokolang. ’Me esita leha le ka la koata, le phakisa le khaotsa ho ba tlas’a khatello eo.

Erickson o re: “Ha e le hantle, masea ao kamehla a ileng a tsotelloa hang ha a lla, haholo-holo nakong ea likhoeli tse 6-8 a phela, ha e le hantle ha a lle haholo joaloka a sa kang a tsotelloa ha a lla.” Hape ke habohlokoa ho arabela ka litsela tse sa tšoaneng. Haeba u arabela ka tsela e tšoanang lekhetlo ka leng, joaloka ho le fepa kapa ho le nka, le ka hla la senyeha. Ka linako tse ling, ho bua feela mantsoe a itseng ha le lla e ka ba ho lekaneng. Kapa ho lulella haufi le lesea le ho bua le lona ka bonolo u buela tsebeng ho ka sebetsa. Ka lehlakoreng le leng, ho le tšoara-tšoara ka mahetleng kapa mpeng ho ka sebetsa.

“Mosebetsi oa ngoana ke ho lla.” Ke kamoo maele a Bochabela a buang kateng. Ho ngoana, ho lla ke tsela e ka sehloohong ea ho bolela hore na u batla eng. U ne u tla ikutloa joang haeba u ne u ka hlokomolohuoa nako le nako ha u batla ho hong? Kahoo, lesea la hao, le ke keng la iketsetsa letho ntle tlhokomelo, le ne le tla ikutloa joang haeba le ne le sa natsoe ha le batla tlhokomelo? Feela, ke mang ea lokelang ho arabela ha le lla?

Ke Mang ea Hlokomelang Lesea?

Palo ea sechaba haufinyane tjena United States e senotse hore karolo ea 54 lekholong ea bana, ho tloha ha ba tsoaloa ho fihlela ba fihla sehlopheng sa boraro, hangata ba hlokomeloa ka tsela e itseng ke batho ba bang ntle ho batsoali ba bona. Malapa a mangata a ka ’na a hloka hore ’mè le ntate ba sebetse e le hore ba khone ho iphelisa. ’Me bo-’mè ba bangata ba ea phomolong ea ha e le baimana, haeba ho khoneha, ho ea hlokomela lesea la bona le sa tsoa tsoaloa ka libeke tse seng kae kapa likhoeli. Empa ke mang ea tla hlokomela lesea leo ka mor’a moo?

Ke ’nete hore ha ho na melao e thata-thata e laolang ho etsa liqeto tse joalo. Leha ho le joalo, ho molemo ho hopola hore ngoana o ntse a ka hlaseloa habonolo nakong ena ea bohlokoahali ea bophelo ba hae. Batsoali ka bobeli ho hlokahala hore ba nahane ka ho teba ka taba ena. Ha ba etsa qeto ea hore na ba etse’ng, ba tlameha ho nahanela mahlakore ’ohle ka hloko.

Dr. Joseph Zanga oa American Acad­emy of Pediatrics, o re: “Ho ntse ho hlaka haholoanyane hore esita le mananeo a tlhokomelo ea bana a molemohali a re hōlisetsang bana ha a nkele nako eo bana ba e hlokang sebaka ho bo-’m’a bona le bo-ntat’a bona.” Litsebi tse ling li bontšitse ho ngongoreha ka masea a likerecheng ka hore ha a na kamano le bahlokomeli ka tsela eo a e hlokang.

Bo-’m’e ba bang ba sebetsang, ka ho hlokomela seo bana ba bona ba se hlokang, ba entse qeto ea hore ba tla lula hae ho e-na le hore ba fe batho ba bang bana ba bona hore ba ba hlokomele maikutlong. Mosali e mong o ile a re: “Ke putsitsoe ka khotsofalo eo ke lumelang ka tieo hore ha ho mosebetsi o mong o neng o ka mpha eona.” Ke ’nete hore likhatello tsa moruo ha li lumelle bo-’mè bohle hore ba etse liqeto tse joalo. Batsoali ba bangata ha ba na khetho haese ho isa bana kerecheng, kahoo ba etsa boiteko bo eketsehileng ba ho hlokomela bana ba bona le ho ba fa lerato ha ba le hammoho. Ka ho tšoanang, batsoali ba bangata ba se nang balekane ebile ba sebetsa, ba na le khetho e fokolang tabeng ena ’me ba etsa boiteko bo ikhethang ho hōlisa bana ba bona ’me liphello e ba tse molemo.

Ho ba motsoali e ka ba mosebetsi o thabisang, o tletseng nyakallo. Leha ho le joalo, ke mosebetsi o thata, o hlokang boiteko. U ka atleha joang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Letotong la lihlooho tsena, Tsoha! e hlahisa maikutlo a litsebi tse hlomphehang tsa tlhokomelo ea bana, kaha se fumanoeng ka mofuta ona oa tlhokomelo se ka ba molemo le ho beha batsoali leseling. Leha ho le joalo, ho tlameha ho lumeloa hore maikutlo a joalo hangata aa fetoha kapa a ntlafatsoa nako le nako, ho fapana le litekanyetso tsa Bibele tseo Tsoha! e li tšehetsang ka botlalo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]

Masea a Thōtseng

Lingaka tse ling Japane li re ho na le palo e ntseng e eketseha ea masea a sa lleng kapa hona ho bososela. Ngaka ea bana Satoshi Yanagisawa e ba bitsa masea a thōtseng. Ke hobane’ng ha masea a khaotsa ho ntša maikutlo a ’ona? Lingaka tse ling li lumela hore boemo boo bo ba teng hobane masea a amohuoa ho ba le kamano le batsoali ba ’ona. Boemo boo bo bitsoa boikutlo ba ho hloka thuso bo qobeletsoeng. Khopolo e ’ngoe e bolela hore ha tlhokahalo ea puisano e hlokomolohuoa kapa e utloisisoa hampe, masea a qetella a tetse.

Haeba lesea le sa fuoe ntho e le susumetsang ka tsela e nepahetseng ka nako e loketseng, karolo ea boko ba lona e etsang hore le be le kutloelo-bohloko e ka ’na ea se ke ea hōla, ke kamoo ho boletseng Dr. ­Bruce Perry, hlooho ea lefapha la phekolo ea mafu a kelello Texas Children’s Hospital. Maemong a ho hlokomolohuoa maikutlong ka ho feteletseng, matla a hore lesea le ikutloe le e-na le kutloelo-bohloko a ka ’na a lahlehela ruri. Dr. Perry o lumela hore maemong a mang tšebeliso e mpe ea lithethefatsi kapa tahi le ho ba mabifi ha bacha li ka amahanngoa le liphihlelo tse joalo tsa ho hlokomolohuoa ha e ne e sa le masea.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Tlamahano pakeng tsa motsoali le lesea e ea matlafala ha ba buisana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela