Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 1/8 maq. 12-14
  • Ho Thoe’ng Haeba a ka Hana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thoe’ng Haeba a ka Hana?
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na o ne a U Loketse?
  • Seo U ka se Etsang ka Maikutlo a Hao
  • Jehova—Motsoalle le Motšehetsi
  • E-ba ea Leka-lekaneng
  • Nka mo Bolella Joang Hore na ke Ikutloa Joang?
    Tsoha!—2004
  • Nka mo Hana Joang?
    Tsoha!—2001
  • Ke Lokela ho Tšoara Ngoanana ea Nthahasellang Joang?
    Tsoha!—2005
  • Nka Mamella Maikutlo a Lerato le Felileng Joang?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 1/8 maq. 12-14

Bacha Baa Botsa . . .

Ho Thoe’ng Haeba a ka Hana?

U NE u mo nka e le motsoalle oa hao. Empa joale lintho tsa fetoha, ua qala ho mo rata ka tsela e fapaneng. Mohlomong mekhoa ea hae e metle kapa tsela eo a neng a bososela le uena ka eona ha le bua, ke tsona tse entseng hore a u khahle. Leha ho le joalo, nako ea feta ’me eaba ha a bontše thahasello ea hore le ratane. Joale ua mo botsa hore na ha a rate ha le ka hōlisa kamano ea lōna hore le se ke la ba metsoalle feela. Ka masoabi a maholo, a hana ka tieo empa e le ka tsela e mosa.a

Ha ho pelaelo hore u utloile bohloko. Empa u se ke ua fetelletsa lintho; leka ho bona lintho ka tsela ea sebele. Ke ’nete hore mohlankana o itse ha a na thahasello ea hore le ratane. Hopola, qeto ea hae ha e bolele hore ha u sa le motho oa bohlokoa, leha e le hona hore e bolela hore ba bang ha ba sa u rata le ho u hlompha. Ha e le hantle, e ka ’na eaba qeto eo a e entseng ha e amane le uena empa e amana le lipakane tsa hae le lintho tseo a li nkang e le tse tlang pele bophelong ba hae.

Haeba u Mokreste, u tla hopola hape hore ‘Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa hao le lerato leo u ileng ua le bontša bakeng sa lebitso la hae.’ (Baheberu 6:10) Sonjab o beha taba tjena: “U ntse u le oa bohlokoa. U motho oa bohlokoa oa lesoha ho Jehova.” Kaha Ea Phahameng ka ho Fetisisa le ba bang ba u nka u le oa bohlokoa, ke hobane’ng ha u batla ho inka u se ua bohlokoa?

U ntse u ka ikutloa u hlōlehile kapa ua ba le tšabo ea hore mohlomong ha ho motho ea ka u nyalang. Empa taba ea hore ha u “tšoanelehe” ho mohlankana enoa hona joale ha e bolele hore ho motho e mong u ntse u sa “tšoanelehe.” (Baahloli 14:3) Kahoo, ho e-na le hore u inke u hlōtsoe ho batleng molekane ea tšoanelehang oa lenyalo, hlokomela hore boiteko ba hao bo u hlahiselitse molemo o itseng: U tsebile hore mohlankana enoa hase ea u loketseng. Hobane’ng re bua joalo?

Na o ne a U Loketse?

Bibele e laela banna hore ba ‘rate basali ba bona joaloka ’mele ea bona.’ (Baefese 5:28) Hape e laela banna hore ba ‘abele [basali ba bona] tlhompho.’ (1 Petrose 3:7) Joale, boemong bona e ka ’na eaba mohlankana enoa o u ananela joaloka motsoalle oa hae. Empa ha e le hantle, ho hana ha hae ho bontšitse hore mothating ona ha aa ikemisetsa ho u rata le ho u hlompha joaloka mosali oa hae. O na le tokelo ea ho etsa khetho eo. Nahana ka sena: Haeba ke kamoo a ikutloang kateng, na ka sebele e ne e tla ba monna ea u loketseng? Nahana hore na u ne u tla hloka thabo hakaakang haeba u nyetsoe ke motho ea sa u rateng le ea sa u baballeng joalokaha Mangolo a laela!

Hape ho ka thusa ho hlahloba mohlankana enoa bocha, kaha joale tšepo ea ho ratana le eena e felile. Ka linako tse ling ho nkeha ke maikutlo a lerato ho foufatsa motho mefokolong ea botho le ea moea eo e ka ’nang eaba batho ba bang ba e bona ka ho hlaka. Ka mohlala, na o ne a sa lemohe hore maikutlo a hao ka eena aa hōla, kapa o ne a ntse a bona empa a khothalletsa maikutlo a hao hore a hōle ka ho ntšetsa pele setsoalle sa lōna? Haeba o ne a lemohile, na see ha se bontše hore ha a e-s’o lokele ho ba monna oa Mokreste ea nahanelang, ea nang le kutloelo-bohloko? Haeba ho joalo, ke hantle hore ebe u lemohile seo, le hoja ho ka ba bohloko.

Maikutlo a Marcia a ile a phahamisoa ke ha mohlankana e mong a ne a mo bontša thahasello e khethehileng. Ha Marcia a mo botsa hore na o ikemiselitse eng, o ile a mo bolella hore ha a na thahasello ea ho ba le kamano le eena. Ke eng e ileng ea mo thusa hore a sebetsane le ho soetseha hoo? O re, “Ho nahana ka kelello, eseng ka maikutlo, ho ile ha nthusa hore ke laole tsela eo ke ikutloang ka eona.” Ho hopola seo Mangolo a se hlokang ho banna ho ile ha mo thusa hore a lemohe hore o ne a sa finyelle lintho tse hlokoang. Sena se ile sa mo thusa hore a hlōle ho hlonama ha hae.

Andrea le eena o ile a ba le phihlelo e tšoanang le mohlankana e mong. Hamorao o ile a lemoha hore liketso tsa mohlankana eo ho eena li ne li senola hore ha a e-s’o hōle ka ho lekaneng kelellong. O ile a hlokomela hore o ne a e-s’o lokele ho nyala, ’me o leboha Jehova hore ebe o ile a mo bula mahlo hore a bone seo. O re, “Ke lumela hore Jehova a ka u sireletsa maemong a ka u utloisang bohloko, empa u lokela ho mo tšepa.” Ke ’nete hore maemong a mangata mohlankana o itšoara hantle ’me a hane ka mabaka a utloahalang. Boemong leha e le bofe, u ka sebetsana ka katleho joang le maikutlo ao u salang le ’ona?

Seo U ka se Etsang ka Maikutlo a Hao

Pelo ea hao e ka ’na ea hloka nako hore e amohele taba ea hore o hanne. Ho nkile nako hore maikutlo a lerato a be teng, ’me hore a fele le hona ho tla nka nako. Ke ka seoelo maikutlo a lerato a ka felisoang hang-hang joaloka ho tima lebone la motlakase. Ka matsatsi a mang a tla ba matla haholo! U se ke ua itenehela. Ha nako e ntse e feta, maikutlo ao le ’ona a tla feta. Empa haeba u batla hore maikutlo ao a fele kapele, qoba ho lula u nahana ka lintho tse tsosang maikutlo ao.

Ka mohlala, qoba ho inyatsa ka mantsoe kapa liketso tseo u ileng ua li etsa ha u ne u bolella mohlankana kamoo u ikutloang kateng. Haeba u sa laole maikutlo a joalo, u ka qetella u lumela hore ha e le hantle ha aa hana, kapa ua nahana hore ho leka mokhoa o mong ho ka sebetsa. Amohela ’nete ea hore u ke ke ua fetola tsela eo a ikutloang ka eona. Ho ka etsahala hore karabo ea hae e ne e ntse e tla tšoana le haeba u ne u lekile mokhoa o mong o fapaneng.

Ho nahana ka ntho e ke keng ea etsahala e ka ba leraba le leng. U ipona u se u phela le eena ’me le thabile. Menahano e joalo e ka bonahala e thoba maikutlo, empa hase ea sebele. Ha e fela, maikutlo a hao a bohloko a khutla hape ’me u boela u sareloa. Lebili lena la thabo e lateloang ke masoabi a maholo le ka ba teng ka nako e telele ntle le ha u ka leka ka matla ho le felisa.

Loanela ho ntša menahano ea lintho tse ke keng tsa etsahala ka kelellong. Ha e fihla, ema ’me u ke u otlolle maoto ho se hokae. Etsa mosebetsi oa matsoho—ntho e ’ngoe e ka faposang kelello ea hao menahanong eo. Tsepamisa mohopolo linthong tse u hahang, eseng linthong tse u nyahamisang. (Bafilipi 4:8) Qalong sena se ka ba thata, empa ka mor’a nako, u ka hlōla ntoa ena ’me ua ba le khotso.

Tšehetso ea metsoalle e haufi-ufi e ka thusa. (Liproverbia 17:17) Leha ho le joalo, Sonja oa hlokomelisa: “Hase bohlale hore metsoalle ea hao e be masoha kaofela, e be lithaka tsa hao le ba nang le takatso ea ho nyaloa kaofela. U boetse u hloka metsoalle e hōlileng, e ka u thusang ho bona lintho ka tsela ea sebele.” Hape hopola, ho na le motho ea ka u thusang ka ho fetisisa hore u hlōle bohloko boo.

Jehova—Motsoalle le Motšehetsi

Ha monna e mong ea tšepahalang oa boholo-holo a ne a tobane le ho soetseha, o ile a rapela Jehova hore a mo thuse. Phello? O ile a ngola: “Neng le neng ha ke tšoenyehile ’me ke khathatsehile, u ua ntšelisa le ho etsa hore ke thabe.” (Pesaleme ea 94:19, Today’s English Version) Jehova o tla u tšelisa le ho u matlafatsa haeba u mo rapela u e-na le tumelo. Andrea o ile a etsa joalo. O re, “Thapelo ke ea bohlokoa haholo ho u thusa hore bohloko bo fele ’me u tsoele pele le bophelo.” Sonja le eena o re ka thapelo, “E u thusa hore u itšepe ho sa tsotellehe hore na ba bang baa u rata kapa che.”

Ha ho motho ea ka utloisisang ka ho feletseng tsela eo u ikutloang ka eona, empa Jehova eena o oa utloisisa. O bōpile batho ba e-na le takatso ea ho rata le ho ratoa lenyalong. O tseba matla a maikutlo a lerato, ’me o tseba ho a laola. A ka u thusa hore u fete bohloko bo boholo ba pelo, kaha 1 Johanne 3:20 e re: “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.”

E-ba ea Leka-lekaneng

Lenyalo e ka ba mohloli oa thabo e khōlō, empa hase ’ona feela mohloli. Thabo e fumanoa ke bohle ba sebeletsang Jehova, ’me hase ba lenyalong feela ba e fumanang. Masoha a na le menyetla e itseng e fetang ba lenyalong ka litsela tse itseng. Ha ba na “matšoenyeho nameng” a boletsoeng ho 1 Bakorinthe 7:28. Matšoenyeho ana a bolela khatello le mathata a hlahelang banyalani bohle. Masoha a boetse a na le tokoloho e eketsehileng ’me a ka sebelisa bophelo ba ’ona habonolo haholoanyane tšebeletsong ea Jehova. Ke ka hona Bibele e rutang: “Ea fanang ka bosoha ba hae lenyalong o etsa hantle, empa ea sa faneng ka bona lenyalong o tla etsa hamolemo haholo.” (1 Bakorinthe 7:38) Esita le haeba u na le takatso e matla ea ho nyaloa, ho thuisa ka lithuto tsena tsa Bibele ho ka u thusa hore u be ea leka-lekaneng le ho leka ka matla ho thabela boemo ba hao ba hona joale.

Metsoalle e u lakaletsang botle e ka ’na ea u bolella, “U se ke ua khathatseha, ka letsatsi le leng u tla fumana motho ea ikhethang.” ’Me ke ’nete hore ho hanoa ke motho a le mong ha ho bolele hore u tla lula u le lesoha. Leha ho le joalo, mocha e mong oa Mokreste ea bitsoang Candace o beha taba tjena: “Ke tšepa Jehova. Ha kea lebella hore a nthabise ka ho mpha monna. Empa kea tseba hore o tla mpha seo ke se hlokang ho koala sekheo seo.” Ho nahana ka tsela e nepahetseng tjena ho mo thusitse hore a fete bohloko ba ho soetsoa ke motho eo a neng a mo rata.

Lefatšeng lena, hangata boiteko ba ho ba leferehong le motho e mong ha bo atlehe, ’me ho joalo le ka manyalo a mangata. Haeba u tšepa Jehova ’me u mamela keletso ea hae, a ka u thusa hore u tlose ho soetseha hoo ka ho ba le thabo. U ka ba le phihlelo e tšoanang le ea Davida ea ileng a ngola: “Jehova, takatso eohle ea ka e ka pel’a hao, ho feheloa ha ka ha hoa pateha ho uena. Etsoe ke ile ka u letela, Jehova; u ile ua araba, Jehova Molimo oa ka.”—Pesaleme ea 38:9, 15.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sehlooho se reng “Bacha Baa Botsa . . . Nka mo Bolella Joang Hore na ke Ikutloa Joang?” (November 8, 2004) se hlalositse hore linaheng tse ling, tloaelo ea sebaka e ka ’na ea se lumelle mosali hore a ferehe monna. Le hoja Bibele e se khahlanong le sena, e khothalletsa Bakreste hore ba qobe ho khopisa ba bang. Ka hona, ba ratang ho fumana tlhohonolofatso ea Molimo ba etsa hantle ha ba mamela keletso ea Bibele qetong eo ba e etsang.—Matheu 18:6; Baroma 14:13; 1 Bakorinthe 8:13.

b Mabitso a mang a fetotsoe.

[Litšoantšo tse leqepheng la 14]

Sebelisa hamolemo thuso eo Molimo a fanang ka eona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela