Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 8/8 maq. 16-17
  • Na Bonohe ba Linaleli bo Senola Bokamoso ba Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bonohe ba Linaleli bo Senola Bokamoso ba Hao?
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bonohe ba Linaleli ke Eng?
  • Pale e Telele ea ho Hlōleha
  • Bo Khahlanong le Thuto ea Bibele
  • Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na Bolepi ba Linaleli bo Lokela ho Susumetsa Bophelo ba Hao?
    Tsoha!—2000
  • Linaleli Li U Tšoaretse Eng?
    Tsoha!—1994
  • Na Bonohe bo ka re Thusa ho Tseba Bokamoso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 8/8 maq. 16-17

Pono ea Bibele

Na Bonohe ba Linaleli bo Senola Bokamoso ba Hao?

UKA ntlafatsa bophelo ba hao joang ’me u atlehe ha u ntse u phehelletse ho fumana lerato le chelete? Batho ba bangata ba retelehela bonoheng ba linaleli bakeng sa karabo. Letsatsi le leng le le leng batho ba limilione ba sheba linaleli tsa bonohe tse likoranteng ka tšepo ea hore ka moso ba tla atleha. Esita le baeta-pele ba lefatše ba ’nile ba tsebahala ka ho tataisoa ke linaleli bakeng sa ho etsa liqeto.

Na bonohe ba linaleli bo ka tšeptjoa? Linohe tse sebelisang linaleli li noha joang? Na Bakreste ba lokela ho lumella lihloliloeng tsa leholimo hore li laole tsela eo ba phelang ka eona?

Bonohe ba Linaleli ke Eng?

Ho latela The World Book Encyclopedia, bonohe ba linaleli “bo thehiloe tumelong ea hore lihloliloeng tsa leholimo li ipōpa ka tsela e ka senolang botho ba motho kapa bokamoso ba hae.” Linohe tsa linaleli li bolela hore boemo boo lipolanete li leng ho bona ha motho a hlaha hammoho le matšoao a tsela eo lihloliloeng tsa leholimo li tsamaeang ka eona li ka susumetsa tsela eo motho a tla phela ka eona.a Ha lihloliloeng tsena tsa leholimo li eme ka tsela e itseng, ka linako tse itseng, ho thoe li ka noha bokamoso ba batho.

Ho lumela bonoheng ba linaleli ke ntho ea boholo-holo. Lilemo tse ka bang likete tse ’nè tse fetileng, Bababylona ba ile ba qala ho noha bokamoso ho latela hore na letsatsi le hokae, khoeli hammoho le lipolanete tse hlano tse bonahalang haholo. Ba ne ba bolela hore lihloliloeng tsena tsa leholimo li ntša matla a itseng a amang boitšoaro ba batho. Hamorao ba ile ba kenyelletsa matšoao a tsela eo lihloliloeng tsa leholimo li tsamaeang ho eona ha ba noha.

Pale e Telele ea ho Hlōleha

Bibele e totobatsa kamano e teng pakeng tsa Babylona le bonohe ba linaleli, ’me ka makhetlo a ’maloa e bua ka linohe tsa linaleli tsa Bababylona. (Daniele 4:7; 5:7, 11) Mehleng ea moprofeta Daniele, bonohe ba linaleli bo ne bo atile Kalde (Babylonia) hoo linohe tsa linaleli li neng li bitsoa feela “Bakalde.”

Daniele ha aa ka a bona feela tšusumetso eo bonohe ba linaleli bo neng bo e-na le eona ho Bababylona, empa o ile a boela a bona le ho hlōleha ha linohe tseo tsa linaleli ho noha hore motse o ne o tla oa. (Daniele 2:27) Hlokomela seo moprofeta Esaia a neng a ile a se bolela ka nepo esale pele lilemo tse makholo a mabeli pele ho moo. O ile a ngola ka ho phoqa: “E-re linohe tsa hao li tle li u pholose—batho ba ithutang linaleli, ba etsang ’mapa ea libaka tsa leholimo le ho u bolella khoeli le khoeli se tla u etsahalla. . . . Ba ke ke ba khona le ho ipholosa.”—Esaia 47:13, 14, Today’s English Version.

Ka ho totobetseng, linohe tsa linaleli tsa Bababylona li ile tsa sitoa ho noha hore motse oa tsona o ne o tla oa esita leha ho se ho setse lihora tse ’maloa pele seo se etsahala. Esita leha kahlolo ea Molimo ka boeena e se e hlaha leboteng la ntlo ea borena ea Morena Belshatsare, linohe tsa linaleli li ile tsa sitoa ho hlalosa se boleloang ke mongolo oo.—Daniele 5:7, 8.

Kajeno linohe tsa linaleli li ntse li hlōleha ho bolela esale pele liketsahalo tsa bohlokoa. Ka mor’a hore ba hlahlobe liketsahalo tse 3 000 tseo linohe tsa linaleli li neng li ile tsa li bolela esale pele, R. Culver le Philip Ianna, bao ka bobeli e leng bafuputsi ba saense, ba ile ba fihlela qeto ea hore e ne e le karolo ea leshome feela lekholong ea lintho tseo ba li boletseng esale pele tse neng li nepahetse. Mofuputsi leha e le ofe ea nang le tsebo o ne a ka etsa hantle ho feta bona.

Bo Khahlanong le Thuto ea Bibele

Leha ho le joalo, baprofeta ba Baheberu ha baa ka ba hana bonohe ba linaleli hobane feela bo hlōleha ho bolela esale pele bokamoso ka nepo. Molao oo Molimo a ileng a o fa Moshe ka ho toba o ne o lemosa Baiseraele hore ba se shebe lipontšo mabapi le nako e tlang. Molao o ne o re: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang . . . ea sebelisang bonohe . . . kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang. . . . E mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 18:10, 12.

Le hoja ho sa boleloa bonohe ba linaleli ka ho toba lengolong leo, ho hlakile hore lintho tse thibetsoeng li akarelletsa mokhoa ona. Encyclopædia Britannica e bolela hore bonohe ba linaleli ke “mofuta oa bonohe bo akarelletsang ho bolela esale pele liketsahalo tsa lefatše le tsa batho ka ho sheba le ho hlalosa linaleli, Letsatsi, Khoeli le lipolanete.” Mefuta eohle ea bonohe—ebang ho sebelisoa linaleli kapa lintho tse ling—ke ho tlōla molao oa Molimo. Hobane’ng? Ho na le lebaka le utloahalang.

Ho e-na le hore re nke hore ho atleha ha rōna kapa ho hlōleha ha rōna ho bakiloe ke linaleli, Bibele e bolela ka ho hlaka hore “leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” (Bagalata 6:7) Molimo o nka e mong le e mong oa rōna a ikarabella bakeng sa liketso tsa rōna, kaha re na le bolokolohi ba ho ikhethela. (Deuteronoma 30:19, 20; Baroma 14:12) Ke ’nete hore re ka ’na ra hlaheloa ke kotsi kapa ra kula ka lebaka la lintho tseo ho seng matleng a rōna ho li laola. Empa Mangolo a hlalosa likoluoa tse joalo e le ka lebaka la “nako le ketsahalo e sa lebelloang,” eseng ka lebaka la bonohe ba linaleli.—Moeklesia 9:11.

Mabapi le likamano tsa batho, Bibele e re khothalletsa hore re ikapese ka litšoaneleho tse kang qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, tiisetso le lerato. (Bakolose 3:12-14) Litšoaneleho tsena ke senotlolo sa ho theha botsoalle bo sa feleng le ho matlafatsa manyalo. “Ho tšoanelana ho etsoang ka bonohe ba linaleli” hase tataiso e ka tšeptjoang ea ho khetha molekane oa lenyalo. Bernard Silverman, setsebi sa kelello, o ile a hlahloba linaleli tsa bonohe tsa matsatsi a tsoalo a banyalani ba 3 500, ao karolo ea 17 lekholong ea bona e ileng ea qetella e hlalane. Ha aa ka a fumana tlhalo e le tlaase manyalong a batho ba nyalaneng hobane ‘ba tšoanelana ka linaleli tsa bonohe.’

Ho hlakile hore bonohe ba linaleli ha bo tšepahale ebile boa lahla. Bo ka re etsa hore re behe linaleli molato ho e-na le ho ipeha oona ha re etsa liphoso. Ka holim’a tsohle, Lentsoe la Molimo le bo nyatsa ka ho hlakileng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Matšoao a tsela eo lihloliloeng tsa leholimo li tsamaeang ho eona ke lihlopha tse 12 tse fapaneng tsa linaleli tse sebelisoang ke linohe tsa linaleli.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela