Tsa Mona le Mane
◼ “Kamano e teng pakeng tsa pefo e hlahisoang mecheng ea phatlalatso le e teng bophelong ba sebele [bacheng] e batla e le matla joaloka e teng pakeng tsa ho tsuba le ho ba le kankere ea matšoafo.”—THE MEDICAL JOURNAL OF AUSTRALIA.
◼ Ho fumanoe bopaki bo bontšang hore ’mankhane o jang litholoana, o jeoang likarolong tse ling tsa Afrika, “e ka ’na eaba o na le vaerase ea Ebola.”—MACLEANS, CANADA.
◼ Boitsebiso bo tsoang ofising ea moeletsi oa ’muso litabeng tsa molao Mexico bo sibolla hore lilemong tse robeli tse fetileng, bonyane bana ba ka bang 130 000 naheng eo ba ’nile ba koeteloa ’me ba rekisoa, ba sebelisetsoa ho kopanela liphate kapa ba sebelisoa ka thata, kapa hona ho retloa ebe ho rekisoa litho tseo.—MILENIO, MEXICO.
Lilemo Tse 12 Ntloana-tšoana—Lebaka?
Lipaki Tsa Jehova tse tharo li qetile lilemo tse 12 li koaletsoe ntloana-tšoana Sawa, Eritrea, e Afrika Bochabela. Ha ho qoso e entsoeng khahlanong le tsona, ’me ha ho mohla nyeoe e kileng ea lula. Li haneloa ho ba le baeti, esita le litho tsa malapa a tsona. Hobane’ng? Hobane li hana ho ea bosoleng. Molao oa Eritrea ha o na tokisetso e ’ngoe bakeng sa ba hanang ho kenela sesole ka lebaka la letsoalo. Ha bahlankana ba tšoaroa, ba koalloa kampong ea sesole, moo ba atisang ho khakhathoa le ho hlokofatsoa ka litsela tse fapa-fapaneng.
Na Inthanete e Beha Liphoofolo Tse Hlaha Kotsing?
The New York Times ea botsa: “Na ebe Inthanete e potlakisa ho timela ha litlou tsa Afrika?” Babuelli ba bang ba polokeho ea liphoofolo ba lumela hore ho joalo le hore mefuta e meng e mengata le eona e kotsing. Ho boleloa hore khoebo ea mokunyata Inthaneteng e eketsehile ha litšebeletso tsa Inthanete li ntse li eketseha. Ha ho etsoa lipatlisiso Mecheng ea Boitsebiso ea puo ea Senyesemane nakong ea likhoeli tse tharo, ho ile ha fumanoa “lintho tse fetang 6 000 tse entsoeng ka liphoofolo tse hlaha tse rekisoang ka mokunyata kapa tseo ho ka etsahalang hore ha li molaong,” ho akarelletsa likhetla tsa sekolopata, lintho tse betliloeng ka lesapo la tlou hammoho le mangau a matšo a ntseng a phela.
Mokhoa oa ho Futhumatsa o sa Bakeng Tšilafalo
Koranta ea Spain, El País, ea tlaleha: “Mokhoa oa ho futhumatsa ka libeso tsa lipete tsa tholoana ea mohloaare o qalile ho sebetsa.” Libeso tsena li futhumatsa matlo le metsi mahaeng a ka bang 300 Madrid. Ho besa ka lipete tsa tholoana ea mohloaare ho theko e tlaase ho feta ea oli ka liphesente tse 60 le ho feta ea mashala ka liphesente tse 20. Ha li bake tšilafalo moeeng kaha carbon dioxide e tsoang ha li tuka e tšoana le e tsoang ha li bola ka tsela ea tlhaho. Molemo o mong oa tsona ke hore li fumaneha habonolo. Lipete tsa tholoana ea mohloaare li sala ha ho tlhotloa oli tholoaneng ea mohloaare, ’me Spain e tsebahala e le eona e ipetsang pele ka tlhahiso ea oli ea tholoana ea mohloaare.
Li-noodle Tse Qetileng Lilemo Tse 4 000
The New York Times e tlaleha hore bo-rasaense ba bolela hore ba epolotse seo ba se bitsang “li-noodle tsa khale ka ho fetisisa lefatšeng.” Li-noodle tsena li tšesaane, li tšehla ’me li bolelele ba lisenthimithara tse 50, ’me li entsoe ka nyalothe ea Chaena. Li fumanoe ka sejaneng sa letsopa se koetsoeng, limithara tse tharo ka tlas’a mahoholi a haufi le Nōka ea Huang e Chaena leboea-bophirimela. Ho ea ka makasine ea Nature, ho ka etsahala hore sebaka seo se ile sa senngoa ke ho sisinyeha ha lefatše le “meroallo e senyang” lilemong tse 4 000 tse fetileng. Ha e le tabeng ea hore na pasta e simoloha Italy, Bochabela bo Hare kapa Bochabela, e mong oa ba e sibolotseng, ho ea ka Times, e leng Houyuan Lu oa Chinese Academy of Sciences, o re: “Se fupulitsoeng se sibolotse taba ea hore tlhahiso ea pele ea li-noodle e bile Chaena.”