Tsa Mona le Mane
◼ “Ho shebella thelevishene letšehare lohle, e leng hona ho entseng hore malapa a se ke a hlola a e-ja hammoho, esita le [likoloeana tsa bana] tse etselitsoeng hore li tsamaee bana ba shebisitsoe pele,” li sitisa batsoali le bana ho ba le puisano. Phello e ’ngoe ea sena ke hore bana ba qalang ho ea sekolong “ba tlala bohale” ha ba sitoa ho itlhalosa.—THE INDEPENDENT, BRITHANI.
◼ Spain, bana ba etsang karolo ea 23 lekholong ke ba matšeo. Fora teng ke bana ba etsang karolo ea 43 lekholong; Denmark ke ba etsang karolo ea 45 lekholong; ha Sweden teng ba etsa karolo ea 55 lekholong.—INSTITUTO DE POLÍTICA FAMILIAR, SPAIN.
◼ Brithani, ho batho ba bang le ba bang ba bararo, a le mong o robala lihora tse ka tlaase ho tse hlano bosiu, e leng ho etsang hore ba “sitoe ho tsepamisa mohopolo hantle, ba lebale kapele [le] ho ba le botho bo feto-fetohang.” Ho se robale ka ho lekaneng ho ka boela ha eketsa menyetla ea hore “motho a be motenya, a tšoaroe ke lefu la tsoekere, a tetebele maikutlong, a hlale kapa a hlaloe, haesitana le ho ameha kotsing e mpe ea koloi.”—THE INDEPENDENT, BRITHANI.
Pefo “Bakeng sa ho Khanna Nako Feela”
Koranta ea Spain, El País, e re: “Liketso tsa bacha ba otlang ba bang le ho ba theola seriti ebe ba nka liketso tseo video ka lifono tsa bona li ntse li eketseha.” Bahlaseluoa ba bang ha ba ke be ba hlaphoheloe ka mor’a ho khakhathoa. Ke hobane’ng ha bacha ba etsa botlokotsebe boo? Makasine ea XL ea hlalosa: “Ha ba bo etse hobane ba batla ho utsoa kapa hobane ba na le khethollo ea morabe kapa hobane ba le sehlopheng sa litlokotsebe. Ba bo etsa bakeng sa ho khanna nako feela—e leng mokhoa o mocha o tšosang.” Vicente Garrido, setsebi sa kelello se sebetsanang ka ho khetheha le liketso tsa botlokotsebe, o re: “Ka linako tse ling ba ee be ba noele, ’me ka linako tse ling ba sa noa. Empa ntho eo kaofela ba tšoanang ka eona ke hore ha ba itšoabele.”
Thahasello e Fokolang Maloetseng a Libaka Tsa Tropike
Ba etsang lipatlisiso ka meriana ba hlokomoloha boholo ba maloetse a libakeng tsa tropike. Hobane’ng? Michael Ferguson, eo e leng setsebi sa baeloji ea limolek’hule Univesithing ea Dundee, Scotland, o re: “Taba e bohloko ke hore . . . indasteri ea meriana ha e batle ho fumana [pheko e ncha].” Lik’hamphani tsa meriana ha li une molemo oa letho licheleteng, kaha li ke ke tsa khutleloa ke chelete eo li e tsetetseng. Lik’hamphani tsena li khetha ho hlahisa meriana e kenyang chelete e ngata ho loantša maloetse a kang lefu la Alzheimer, ho nona haholo le ho hloka matla ha banna liphateng. Ho sa le joalo, makasine ea New Scientist, e re batho ba hakanyetsoang ho “ba milione lefatšeng ka bophara ba bolaoa ke malaria selemo le selemo, empa ho ntse ho e-s’o fumanehe tsela e sireletsehileng le e sebetsang ea ho phekola boloetse boo.”
“Bareki” ba Banyenyane
Ho latela Univesithi ea La Sapienza, e Roma, Italy, bana ba banyenyane ba lilemo li tharo ba ka khona ho khetholla mabitso a lintho tse sa tšoaneng tse rekisoang ’marakeng, ’me ha ba le lilemo li robeli, ba fetoha “bareki.” Ho ea ka La Repubblica, lipapatso tsa TV li phetha karolo e khōlō bophelong ba bona, li ba fetola “bahatelli” ba banyenyane ba laelang batsoali ba bona hore ba reke lintho tse itseng. Koranta eo e bontša hore “bothata ke hore” bana bao “ba qetella ba phela lefatšeng leo e seng la sebele ’me ba lumela linthong tseo e seng tsa sebele, moo e leng tlamo ho ba le ntho leha e le efe e rekisoang (le e rekoang).”
Popi ea “Moimana”
Ka tloaelo, lingaka, baoki le ba bang ba hlokomelang baimana ba ’nile ba koetlisoa ka basali ba baimana. Tlaleho ea Associated Press, e re hona joale, “roboto e etsisang motho ea pepang,” e bitsoang Noelle, e “ea e tloaeleha.” Popi ea “moimana,” eo ho entsoeng hore e be le ho otla ha sebele ha pelo le ho buleha ha molomo oa pōpelo, e ka laoloa hore e etsise mathata a sa tšoaneng ao ba pepang ba bang le ’ona, ha etsoa hore e pepe kapele kapa e nke nako e telele ha e pepa. “Ngoana” oa Noelle a ka hlaha a le mopinki ho bontša hore o phetse hantle kapa a hlaha a le boputsoa bo fifetseng ho bontša hore o haelloa ke oksijene. Ke hobane’ng ha batho ba koetlisoa ka popi? Tlaleho eo ea hlalosa: “Ho molemo ho etsa phoso ka popi e jang chelete e kaalo ka $20,000 [R140 000] ho e-na le ho e etsa ka motho.”