Litaba li ka Senyeha Hokae?
KE HO sa utloahaleng ho lebella hore mathata a ke ke a e-ba teng lenyalong. Esita le banyalani ba tšoanelanang ba ntse ba sa tšoanelane ka ho phethahetseng. Kahoo, joang kapa joang ho tla hlaha mathata a itseng. Feela joalokaha mafome a senya lesenke le hoja le pentiloe, ho na le lintho tse ngata tse ka senyang lenyalo. Hore re utloisise seo re ka se etsang ho ntlafatsa lenyalo, a re qaleng ka ho hlahloba lintho tse ling tse ka senyang litaba.
Linako Tsa Khatello e Khōlō
Bibele e ile ea bolela esale pele hore batho ba bangata mehleng ea rōna e ne e tla “ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, . . . ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso.” (2 Timothea 3:2-4) Litšobotsi tse joalo li ka eketsa ho se utloisisane le ho se buisane hantle, ’me tsa etsa hore batho ba bue lintho tse se nang kelello, tseo ho leng bonolo hore batho ba sa phethahalang ba li bue.
Mofuputsi e mong o re: “Historing, ena ke nako e ferekanyang batho ba bangata ba lenyalong. Ka lehlakoreng le leng . . . , re na le boitsebiso bo bongata haholo ba hore na re ka matlafatsa manyalo a rōna joang . . . Athe ka lehlakoreng le leng re tobane le mathata a mangata a amang batho le a lichelete a etsang hore re thatafalloe ho ba le manyalo a nang le thabo.”
Ho Lebella Lintho Tseo e Seng Tsa Sebele
Setsebi se seng litabeng tsa manyalo se hlalosa hore “e ’ngoe ea lintho tse khōlō tse bakang ho se khotsofale lenyalong ke ho lebella lintho tseo e seng tsa sebele.” Banyalani ba bangata baa nyahama ha ba hlokomela hore lenyalo ha le kamoo ba neng ba nahanne kateng le hore balekane ba bona ha ba joalokaha ba ne ba nahana. Ba soabisoa haholo ke liphoso tsa balekane ba bona tseo ba neng ba sa li hlokomele pele kapa ba soabisoa ke mefokolo e tebileng ho feta kamoo ba neng ba nahanne kateng.
Leha ho le joalo, Bibele e bolela ka ho toba hore lenyalong ho ka ba le “bohloko le matšoenyeho.” (1 Bakorinthe 7:28, The New English Bible) Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore kamanong ea batho ba babeli ba sa phethahalang, mefokolo ea bona e tla hlahella ha nako e ntse e ea.
Ho phaella moo, batho ba bangata ba sa shebeng lintho ka tsela ea sebele ba lebella hore ho be le thabo manyalong a bona empa ba sa sebeletse hore e be teng. Kaha baa be ba foufalitsoe ke lerato ha ba nyalana, ba nahana hore e tla ba thabo feela lenyalong, ha ba nahane hore ba lokela ho e sebeletsa. Ha ba hlokomela hore lenyalo ha le kamoo ba neng ba nahanne kateng, mohlomong seo se etsa hore ba soetsehe ba be ba ferekane. Hangata, ha ba chabeloa ke ’nete ea bophelo, ba soetseha le ho feta haeba ba ne ba lebeletse mohlolo ka lenyalo.
Mathata a Puisano
Ke liphoso life tsa puisano tseo banyalani ba lokelang ho li qoba e le hore kamano ea bona lenyalong e tiee le ho feta? Banyalani ba bang ba na le tloaelo ea ho bua feela empa ba sa ele hloko seo e mong a se buang. Ho e-na le hore ba buisane ka tsela e mofuthu le e bontšang lerato, ba buisana ka bokhutšoanyane e le hore feela bophelo bo ’ne bo tsoele pele. Ho e-na le hore ba buisane ka bolokolohi le ka morero oa ho finyella se itseng, ba lula ba ngangisana ka sena le sane, esita le ka lintho tse sa reng letho. Ho utloisisa hampe seo e mong a se buang ho baka ho se utloisisane; ’me ha e mong a hlaba e mong ka mantsoe, seo se ka etsa hore e mong a khaotse ho mo buisa.
Ka masoabi, banyalani ba bangata ha ba hlokomele lintho tse ntle tseo balekane ba bona ba li etsang, ’me le haeba ba li hlokomela ha ba ba bolelle hore baa li ananela. Ho phaella moo, mehleng ea kajeno eo ka tloaelo banyalani ka bobeli ba sebetsang, basali ba bangata ba halefisoa ke hore ebe ke bona ba etsang mosebetsi o mongata oa lapeng ho phaella mosebetsing oa bona oa boipheliso. Ho feta moo, basali ba bangata ba nyetsoeng ba nka hore litlhoko tsa bona tsa maikutlo lia hlokomolohuoa.
U ka etsa’ng hore lenyalo la hao le atlehe? Ak’u hlahlobe keletso e latelang e molemo eo Bibele e fanang ka eona.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Banyalani ba bang ba na le tloaelo ea ho bua feela empa ba sa ele hloko seo e mong a se buang
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Ba bangata ba lebella hore ho be le thabo manyalong a bona empa ba sa e sebeletse