Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/08 leq. 30
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ‘ho Kotsi ho E-na le ho ba Molemo’?
  • Batho ba Lemaletse TV Bhutan
  • Basebetsi ba Sitisoang Mosebetsing oa Bona
  • Mekhoa e Meng ea Phekolo ea Boleng bo Botle ka Ntle ho Tšelo ea Mali
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lero la Bohlokoa ka ho Fetisisa Lefatšeng
    Tsoha!—1990
  • Ho Tsoteha ho Hlollang ha Lisele Tse Khubelu Tsa Mali
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 7/08 leq. 30

Tsa Mona le Mane

◼ “Tsela eo leqhoa [la Arctic] le qhibilihileng ka eona selemong sena [sa 2007] e re emisitse lihlooho kaha ha e le hantle e robile rekoto ka tsela e ke keng ea lekanngoa ha e bapisoa le tsela eo le ’nileng la qhibiliha ka eona lilemong tse fetileng.”—MARK SERREZE, NATIONAL SNOW AND ICE DATA CENTER, U.S.A.

◼ Moifo oa The New Economics Foundation o hakanyelitse hore “haeba batho bohle lefatšeng ba ne ba ka sebelisa lirafshoa tsa lefatše ka tsela e tšoanang le eo batho ba United States ba li sebelisang ka eona, ho ne ho tla hlokahala lipolanete tse 5,3 tsa lefatše hore ho be le lirafshoa tse lekaneng . . . Bakeng sa naha ea Fora le ea Brithani ho ne ho tla hlokahala tse 3,1, Spain tse 3,0, Jeremane tse 2,5, le tse 2,4 bakeng sa Japane.”—REUTERS NEWS SERVICE, BRITHANI.

Na ‘ho Kotsi ho E-na le ho ba Molemo’?

Tlaleho ea Duke University Medical Center, e Durham, North Carolina, U.S.A., e re: “Ho tšela batho mali a bolokiloeng bankeng ea mali ho ka ’na ha e-ba kotsi ho bakuli ba bangata ho e-na le ho ba molemo.” Ho latela liphuputso, bakuli ba tšetsoeng mali “ba atisa ho hlaseloa ke lefu la pelo kapa e hle e eme, ba otloa ke stroke kapa ba hle ba shoe” ho fapana le bakuli ba sa tšeloang mali. Hobane’ng? “Hang ha mali a tsoa ’meleng, nitric oxide e fumanoang liseleng tse khubelu tsa mali e khaotsa ho sebetsa.” Nitric oxide ke ea bohlokoa ho etsa hore methapo ea mali e lule e bulehile e le hore lisele tse khubelu tsa mali li ka isa oksijene liseleng tsohle tsa ’mele. Tlaleho eo e re: “Ho bonahala bakuli ba limilione ba tšeloa mali a seng a se na matla a ho tsamaisa oksijene ’meleng.”

Batho ba Lemaletse TV Bhutan

Ka lilemo tse mashome, ’muso o monyenyane oa Bhutan o lithabeng tsa Himalaya o ne o sa lumelle baahi ba oona hore ba be le lithelevishene. Empa ka mor’a hore baahi ba bangata ba ipelaetse ka hore ba sitiloe ho shebella tlhōlisano ea bolo ea Mohope oa Lefatše ka 1998, ’muso o ile oa lumella hore lithelevishene li be teng ka har’a naha ka 1999. Tlaleho e hlahang Bhutan e re hona joale batho ba ka shebella liteishene tse 40 ’me ba se ba lemaletse lifilimi tsa Hollywood le lipale tse tsoelang pele tsa Maindia. Ho e-na le hore malapa a lule hammoho, a bine le ho qoqa joaloka pele, hona joale a se a bokana hammoho ho shebella TV. Mosali e mong o tletleba ka hore ha a sa na nako ea ho etsa ntho leha e le efe, ho kopanyelletsa le ho rapela. Koranta ea letsatsi le letsatsi ea Qatar e bitsoang The Peninsula e ile ea tlaleha hore o itse: “Ke lula ke nahana ka TV esita le ha ke ntse ke bilikisa lebili le ngotsoeng lithapelo.” Mofuputsi e mong o ile a re: “Empa se tšoenyang batho ba bangata ke hore batho ba tla qala ho reka lintho tse ngata tseo ba sa li hlokeng hobane feela li le teng mafatšeng a mang. ‘Thelevishene le lintho tse bapatsoang ho eona li etsa hore batho ba lakatse ho ba le lintho tseo ba ke keng ba li khona ka lebaka la boemo ba bona ba moruo.’”

Basebetsi ba Sitisoang Mosebetsing oa Bona

Makasine ea New Scientist e re: “Ka linako tse ling mosebetsi oa ofisi o ka bonahala eka ke ho araba lifono tse ngata-ngata tse kenang, ho sebetsana le litemoso se fanoang hammoho le lintho tse ling tse sitisang.” Basebetsing bao ho entsoeng phuputso ho bona, bafuputsi ba fumane hore basebetsi ba liofising ba qeta metsotso e ka bang meraro feela ba etsa mosebetsi oa bona ebe ka mor’a moo ho kenella ntho e ’ngoe e ba sitisang. Kaha ho sitisoa ke lintho tse itseng ho ka ja lihora tse peli letsatsi le leng le le leng, basebetsi ba bang ba phathahaneng ba liofising ba sebelisa k’homphieutha hore e ba thuse ho bona lintho tseo e leng tsa bohlokoa ho tseo e seng tsa bohlokoa. Litlhahiso tseo bohle ba ka li sebelisang li akarelletsa tsena: “Bolella batho ’nete, . . . ba bolelle hore ha u na nako ea ho bua haeba u fela u se na eona, ’me u se ke ua tšaba ho koala melaetsa ea e-mail, fono ea hao le melaetsa e mekhutšoanyane e kenang k’homphieutheng ho fihlela u qetile mosebetsi.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela