Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/08 maq. 11-14
  • Ho Hlahloba Litho Tse ka Hare Tsa ’Mele—Motho a sa Buuoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlahloba Litho Tse ka Hare Tsa ’Mele—Motho a sa Buuoe
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • X-ray Radiography
  • Computed Tomography
  • Positron-Emission Tomography
  • Magnetic Resonance Imaging
  • Ultrasound Imaging
  • Theknoloji ea ka Moso
  • Ho Buuoa ka Ntle ho Thipa
    Tsoha!—1998
  • Na Saense e Tla Phekola ho Kula Lefatšeng?
    Tsoha!—2007
  • Setsebi sa Fisiks se Hlalosa Tumelo ea Sona
    Tsoha!—2014
  • U na le Tokelo ea Ho Khetha
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 11/08 maq. 11-14

Ho Hlahloba Litho Tse ka Hare Tsa ’Mele—Motho a sa Buuoe

KA LEBAKA la tsoelo-pele e teng tsebong ea lik’homphieutha, lipalo le saense, ha ho sa hlokahala hore motho a buuoe ha a hlahlojoa maloetse a itseng. Ho phaella mokhoeng oa ho nka litšoantšo ka X-ray, o ’nileng oa sebelisoa ka lilemo tse fetang 100, mekhoa e meng ea tsoelo-pele e akarelletsa ho sebelisa mochine oa computed tomography (CT), oa positron-emission tomography (PET), oa magnetic resonance imaging (MRI) le oa ultrasound imaging kapa sonography.a Mekhoa ee e sebetsa joang? E ka baka likotsi life ’meleng? Hona e na le melemo efe?

X-ray Radiography

O sebetsa joang? Mahlaseli a X-ray a makhutšoanyane ho feta a khanya e tloaelehileng ’me a khona ho phunyelletsa ’meleng. Ha karolo e itseng ea ’mele e nkoa X-ray, litho tse tiileng tse kang masapo, li tšoara mahlaseli ana ’me li hlaha li khanya setšoantšong sa X-ray, se bitsoang radiograph. Litho tse bonolo li hlaha li le thokoa. Li-X-ray li atisa ho sebelisetsoa ho hlahloba mathata kapa maloetse a meno, masapo, matsoele le sefuba. E le hore ngaka e bone phapang pakeng tsa litho tse bonolo tse atamelaneng, e ka ’na ea enta mokuli ka dae e bitsoang radiopaque. Matsatsing ana litšoantšo tsa X-ray li se li nkoa ka k’homphieutha li be li shejoe ho eona.

Likotsi: Ho na le monyetla o fokolang oa hore lisele tse ling le likarolo tse ka hare tsa ’mele li senyehe, empa hangata kotsi eo e fokola haholo ha e bapisoa le melemo e bang teng.b Basali bao e ka ’nang eaba ke baimana ba lokela ho bolella ngaka ka seo pele ba nkoa X-ray. Lidae tse sebelisoang ho hlakisa litšoantšo, tse kang iodine li ka ’na tsa kulisa batho ba bang. Bolella ngaka kapa motho ea u nkang litšoantšo haeba u kulisoa ke iodine kapa mefuta e itseng ea tlhapi e nang le eona.

Melemo: Ho nka litšoantšo ka X-ray hoa potlaka, hangata ha ho utloise motho bohloko, ho batla ho le litšenyehelo li tlaase ebile li nkeha habonolo. Kahoo, ho molemo haholo ho li nka ha ho hlahlojoa matsoele le ha ho hlahlojoa bakuli maemong a tšohanyetso. Ka mor’a hore ho nkoe X-ray, ha ho mahlaseli a kotsi a salang ’meleng, ’me hangata ha ho be le mathata a hlahang ka mor’a moo.c

Computed Tomography

O sebetsa joang? Mochine oa CT o sebelisa mokhoa o tsoetseng pele haholo le mahlaseli a mangata a X-ray hammoho le mechine e meng e khethehileng e hlahlobang. Mokuli o robatsoa tafoleng e kenang ka har’a mochine. Mahlaseli a mangata a manyenyane le mechine e hlahlobang a hlahisa litšoantšo ha a ntse a potoloha ’mele oa mokuli. Mokhoa ona o ’nile oa tšoantšoa le ho hlahloba lofo ea bohobe ka ho bo seha lilae tse tšesaane haholo ’me li nkoe setšoantšo. K’homphieutha e kopanya litšoantšo tseo, ebe e fana ka boitsebiso bo bongata bo bontšang boemo ba litho tsa ’mele karolong e itseng. Mechine ea morao-rao e nka setšoantšo se le seng se haraneng, kahoo e qeta kapele. Kaha mochine oa CT o ntša litšoantšo tse qaqileng haholo, hangata o sebelisoa ha ho hlahlojoa sefuba, mpa le masapo, le ha ho hlahlojoa mefuta e sa tšoaneng ea kankere le maloetse a mang.

Likotsi: Hangata mochine oa CT o sebelisa mahlaseli a matla ho feta a X-ray e tloaelehileng. Ho pepesehela mahlaseli ana khafetsa ho eketsa monyetla o monyenyane, le hoja o lokela ho nkeloa hloohong, oa hore motho a tšoaroe ke kankere, ’me sena se lokela ho nahanoa ka hloko ha se bapisoa le melemo e ka bang teng. Batho ba bang baa kula ha ba entoa ka lidae tse hlakisang litšoantšo, tseo ka tloaelo li nang le iodine; ’me seo se ka ’na sa etsa hore bakuli ba bang ba be le mathata liphiong. Haeba batsoetse ba ka entoa ka dae ena, ba lokela ho qeta lihora tse 24 pele ba ka anyesa masea.

Melemo: Mechine ea CT ha e utloise motho bohloko ebile ha ho hlokahale hore a buuoe, ’me e fana ka boitsebiso bo bongata boo k’homphieutha e ka bo sebelisang ho hlahisa litšoantšo tse bontšang mahlakore a mararo. Mechine eo e batla e potlaka ebile ho bonolo ho e sebelisa ’me e ka pholosa bophelo ba batho ka ho bontša likotsi tseo ba nang le tsona ka hare. Mechine ea CT ha e ame litho tsa maiketsetso tse kentsoeng ’meleng oa mokuli.

Positron-Emission Tomography

O sebetsa joang? Ha mokuli a hlahlojoa ka mochine oa PET, o entoa ka motsoako o ntšang mahlaseli, o kopantsoeng le oo ka tlhaho motho a nang le oona ’meleng, oo hangata e bang glucose. Motsoako oo o etsa hore lisele li hlahise setšoantšo. Mochine oa PET o itšetleha ka molao-motheo oa hore lisele tse nang le kankere li sebelisa glucose e ngata ho feta lisele tse ling, ka hona, li hohela motsoako o mongata o ntšang mahlaseli. Ka lebaka leo, lisele tse kulang li ntša mahlaseli a mangata, a hlahellang ka ’mala o sa tšoaneng kapa a khanyang ka tsela e ikhethang setšoantšong sa ho qetela.

Le hoja mechine ea CT le ea MRI e bontša sebōpeho le boemo ba litho tsa ’mele le lisele, mochine oa PET oona o bontša kamoo litho tseo li sebetsang kateng, kahoo o bontša liphetoho tse bang teng esale qalong. Mochine oa PET o ka sebelisoa hammoho le oa CT, e le hore setšoantšo se hlahise boitsebiso bo qaqileng le ho feta. Leha ho le joalo, mochine oa PET o ka ’na oa hlahisa setšoantšo se fosahetseng haeba bakuli ba jele nakong e itseng pele ba hlahlojoa ka oona kapa haeba tsoekere e maling a bona e phahame kapa e theohile haholo, mohlomong ka lebaka la lefu la tsoekere. Ho feta moo, kaha motsoako o sebelisoang o felloa ke matla kapele, ke habohlokoa hore tlhahlobo e etsoe ka potlako.

Likotsi: Kaha motsoako o sebelisoang o ntša mahlaseli a fokolang haholo o bile o felloa ke matla kapele, mokuli o pepesetsoa mahlaseli a fokolang. Empa o ka lematsa lesea le ntseng le le ka pōpelong. Kahoo, basali bao e ka ’nang eaba ke baimana ba lokela ho bolella ngaka le basebetsi ba nkang litšoantšo. Basali ba lilemong tsa ho ba le bana ba ka ’na ba kōptjoa hore ba fane ka mali le mosese ho hlahloba hore na ke baimana kapa che. Haeba mochine oa PET o sebelisoa hammoho le oa CT, joale mokuli o lokela ho nahana le ka likotsi tse ka ’nang tsa bakoa ke mochine oa CT.

Melemo: Kaha mochine oa PET ha o bontše feela sebōpeho sa litho le lisele empa o boetse o bontša hore na li sebetsa hantle hakae, mochine ona o ka sibolla mathata le pele liphetoho tse ka bonoang ke mochine oa CT kapa oa MRI li hlahella sebōpehong sa lisele.

Magnetic Resonance Imaging

O sebetsa joang? Mochine oa MRI o sebelisa matla a khoheli le maqhubu a seea-le-moea (eseng X-ray) hammoho le k’homphieutha ho hlahisa litšoantšo tse bontšang boitsebiso bo bongata ba hoo e batlang e le likaroloana tsohle tse ka hare tsa ’mele. Litšoantšo tsena li nolofalletsa lingaka hore li hlahlobe motho ka tsela e pharaletseng le hore li fumane maloetse ao li neng li ke ke tsa a fumana ha li sebelisa mekhoa e meng. Ka mohlala, mochine oa MRI ke o mong oa mechine e seng mekae e nkang litšoantšo e khonang ho phunyelletsa lesapong, kahoo ke sesebelisoa se babatsehang se khonang ho hlahloba boko le lisele tse ling.

Bakuli ha baa lokela ho sisinyeha nakong eo ho nkoang litšoantšo. Kaha mokuli o nkoa setšoantšo ha a ntse a kenngoa ka mochineng o moqotetsane, bakuli ba bang ba ikutloa e ka baa bipetsana. Leha ho le joalo, morao tjena ho entsoe mechine e bulehileng ea MRI bakeng sa bakuli ba boi kapa ba batenya. Hoa utloahala hore lintho tse nang le tšepe tse kang lipene, lioache, mabenyane, likama tse tšoarang moriri le lizipi tsa tšepe, hammoho le likarete tsa ho reka ka mokitlane le lintho tse ling tse ka tšoaroang ke makenete ha li lumelloe ka phaposing ea ho nkela litšoantšo.

Likotsi: Haeba ho sebelisoa dae e hlakisang litšoantšo, ho na le monyetla o fokolang oa hore motho a tšoaroe hampe ke dae eo, empa kotsi eo ea fokola ha e bapisoa le ea lidae tse nang le iodine tse atisang ho sebelisoa ha ho nkoa li-X-ray le ha ho sebelisoa mochine oa CT. Ho seng joalo, ha ho na likotsi tse ling tse tsejoang tseo mochine oa MRI o ka li bakelang mokuli. Leha ho le joalo, ka lebaka la matla a oona a maholo a khoheli, bakuli ba kentsoeng litho tsa maiketsetso kapa litšepe tse itseng hobane ba ne ba tsoile likotsi ba ka ’na ba sitoa ho hlahlojoa ka MRI. Kahoo haeba ho thoe u hlahlojoe ka mochine oa MRI, etsa bonnete ba hore u bolella ngaka le ba sebetsang ka mochine ona hore u kentsoe lintho tseo.

Melemo: Mochine oa MRI ha o sebelise mahlaseli a ka bakang kotsi, ’me o molemo haholo tabeng ea ho hlokomela mathata a teng lithong tsa ’mele, haholo-holo tseo e ka ’nang eaba li siruoe ke masapo.

Ultrasound Imaging

O sebetsa joang? Mokhoa ona oo hape o bitsoang ultrasound scanning, kapa sonography, ha e le hantle o sebelisa maqhubu a molumo ao batho ba ke keng ba a utloa. Ha maqhubu a fihla moo ho bang le phetoho liseleng tsa setho—mohlomong karolong ea sona e ka holimo—ho ba le molumo. K’homphieutha e hlahloba molumo oo, ebe e bontša mahlakore a mabeli kapa a mararo a setho seo, a kang botebo ba sona, boholo ba sona, sebōpeho haesita le boleng ba sona. Maqhubu a molumo o tlaase a hlahisa litšoantšo tsa litho tse poteletseng; maqhubu a molumo o holimo a lumella lingaka hore li hlahlobe bokaholimo ba litho tse kang mahlo le letlalo, mohlomong a bile a li thusa hore li fumane boloetse ba kankere ea letlalo.

Hangata motho ea hlahlobang o sebelisa mochine o tšoaroang ka letsoho o bitsoang transducer. Ka mor’a hore a silile letlalong ka moriana, o tsamaisa transducer karolong eo a batlang ho e hlahloba, ’me ka mor’a moo setšoantšo se hlaha k’homphieutheng. Haeba ho hlokahala, motho a ka ’na a kenngoa mochine o monyenyane o hokeletsoeng ho transducer hore o hlahlobe likarolo tse itseng tse ka hare.

Mokhoa o mong o bitsoang Doppler ultrasound o sebelisetsoa ho hlahloba phallo ea mali. Mokhoa ona o ka boetse oa thusa ho fumana litho tse nang le boloetse le lihlahala, tse atisang ho ba le methapo ea mali e meholo ka tsela e sa tloaelehang.

Litšoantšo tsa ultrasound li thusa lingaka ho fumana maloetse a sa tšoaneng le ho tseba lisosa tsa matšoao a ’ona, ho akarelletsa mathata a pelo, likotola tse matsoeleng kapa boemo ba lesea le e-s’o hlahe. Ka lehlakoreng le leng, kaha moea o sitisa maqhubu a ultrasound ho feta, mokhoa ona ha o sebetse hantle likarolong tse ling tsa mpa. Ho phaella moo, litšoantšo li ka ’na tsa tsoa li sa hlaka ka tsela e tšoanang le ea tse nkiloeng ho sebelisoa mekhoa e meng, e kang ea X-ray.

Likotsi: Le hoja ka kakaretso ho batla ho bolokehile ho sebelisa ultrasound maemong a loketseng, e ntša matla a itseng a ka senyang lisele, ho akarelletsa tsa lesea le e-s’o hlahe. Ka hona, motho o lokela ho tseba hore litšoantšo tsa ultrasound tse nkoang nakong ea boimana li na le likotsi tse itseng.

Melemo: Mokhoa ona o fumaneha hohle, ha o hloke hore motho a buuoe, ebile o batla o le litšenyehelo li tlaase. O boetse o hlahisa setšoantšo se ka bonoang hona hoo.

Theknoloji ea ka Moso

Hajoale, bafuputsi ba tsepamisitse maikutlo tabeng ea ho ntlafatsa theknoloji e seng e ntse e le teng. Ka mohlala, bafuputsi ba ntse ba ntlafatsa mechine ea MRI e sebelisang matla a khoheli a fokolang ho feta a mechine e ntseng e sebelisoa hajoale, kahoo ho fokotsoa litšenyehelo haholo. Theknoloji e ’ngoe e ncha e ntseng e ntšetsoa pele ke ea molecular imaging (MI). Kaha e reretsoe hore e bone liphetoho tse bang teng ’meleng ka har’a limolek’hule, ho bonahala eka MI e tla thusa tabeng ea hore maloetse a hlokomeloe kapele a be a phekoloe.

Ho etsa tlhahlobo ka mechine ea theknoloji e hlahisang litšoantšo ho fokolitse liopereishene tse ngata tse neng li utloisa batho bohloko, li le kotsi li bile li sa hlokahale. Sena se thusa hore ho fumanoe boloetse ka potlako bo be bo phekoloe ’me ho ka ’na e-ba le liphello tse molemo. Leha ho le joalo, mechine ena e turu, e meng e ja limilione tsa liranta.

Ho hlakile hore ho thibela maloetse ho molemo ho feta ho a fumana le ho a phekola. Kahoo, leka hore u lule u phetse hantle ka ho ja lijo tse matlafatsang, u ikoetlise kamehla, u phomole ka ho lekaneng ’me u be le boikutlo bo nepahetseng bophelong. Liproverbia 17:22 e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tomography ke mokhoa o sebelisoang ho hlahisa litšoantšo tse bontšang mahlakore a mararo a litho tse ka hare tsa ’mele. Lentsoe lena le tsoa lentsoeng tomo, e bolelang “karolo,” le graphein, e bolelang “ho ngola.”

b Ho bapisa hore na mekhoa ena e ntša mahlaseli a matla hakae, bona lebokose le reng, “E Ntša Mahlaseli a Mangata Hakae a Kotsi?”

c Sehlooho sena se mpa se tšohla mekhoa ea ho hlahloba bakuli ka ho nka litšoantšo, likotsi tsa hona le melemo ea hona. Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo bala libuka tse buang ka taba ena ka ho khetheha kapa u botse litsebi tse hlahlobang ka ho nka litšoantšo.

[Lebokose le leqepheng la 13]

E NTŠA MAHLASELI A MANGATA HAKAE?

Letsatsi le letsatsi re pepesetsoa mahlaseli a seng makae, ebang ke a tsoang sepakapakeng kapa linthong tse ling tsa tlhaho tse kang khase ea radon. Ho bapisa lintlha tse latelang ho ka ’na ha u thusa hore u tsebe likotsi tse ka ’nang tsa hlahisoa ke liteko tse itseng tsa bongaka. Litekanyo tsena li entsoe ka karolelano ea li-millisievert (mSv).

Ha motho a tsamaea lihora tse hlano ka sefofane, ke a 0,03 mSv

Matsatsing a leshome, re pepesetsoa mahlaseli a tlhaho a tikolohong a 0,1 mSv

Lekhetlo ka leng ha motho a hlahlojoa meno ka X-ray, ke mahlaseli a 0,04-0,15 mSv

Lekhetlo ka leng ha motho a hlahlojoa sefuba ka X-ray e tloaelehileng, ke a 0,1 mSv

Lekhetlo ka leng ha motho a hlahlojoa matsoele ka X-ray, ke a 0,7 mSv

Lekhetlo ka leng ha motho a hlahlojoa sefuba ka CT, ke a 8,0 mSv.

Haeba u lokela ho hlahlojoa, u se ke ua tsoafa ho kōpa ngaka kapa motho ea etsang tlhahlobo hore a u bolelle ka ho toba hore na tlhahlobo eo e ntša mahlaseli a makae kapa u mo botse ka ntho leha e le efe eo u amehileng ka eona.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

X-ray

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

CT

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Philips

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

PET

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy Alzheimer’s Disease Education and Referral Center, a service of the National Institute on Aging

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

MRI

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Ultrasound

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela