Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/09 leq. 29
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntoa Pakeng Tsa Litau le Batho
  • Ho Epolloa Meliko ea Egepeta ea Boholo-holo
  • Pampiri e Thata Joaloka Tšepe
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ho Etsa Lintho Tsa Maiketsetso—Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—1996
  • Daniele ka Sekoting sa Litau
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Tsoha!—2009
g 3/09 leq. 29

Tsa Mona le Mane

◼ Phuputso e pharaletseng e entsoeng ka lintho tse phelang mepopotlong ea likorale e bontša hore tse etsang karolo ea 32,8 lekholong tseo ho entsoeng phuputso ka tsona “li kotsing e khōlō ea ho fela” ka lebaka la ho fetoha ha tlelaemete kapa ho itšunya-tšunya ha batho.—SCIENCE, U.S.A.

◼ Ho bana ba fetang 2 000 ba nang le mathata a ho hema ba hlahlobiloeng lefapheng la kokelo ea bana sepetleleng sa Athene, Greece, ho fumanoe hore ba ka etsang “karolo ea 65 lekholong ba ’nile ba pepesehela mosi oa [koae] ka lebaka la motsoali e mong kapa bobeli ba bona.”—KATHIMERINI—KHATISO EA SENYESEMANE, GREECE.

◼ “Theko e ntseng e phahama ea oli, litšenyehelo tse holimo tsa bophelo, . . . litlokotsi tsa tlhaho tse tlang khafetsa li bontša kamoo re leng kotsing kateng: ho totobetse hore ha ho na seo re ka se etsang ho rarolla mathata ana hajoale kapa nakong e tlang.”—LLUÍS MARIA DE PUIG, MOPRESIDENTE OA SEBOKA SA PARAMENTE SA LEKHOTLA LA EUROPE.

◼ Poland, ha bashanyana ba etsang karolo ea 17 lekholong le banana ba etsang karolo ea 18 lekholong, ba le lilemo li 15 ba se ba lekile ho sebelisa lithethefatsi.—ŻYCIE WARSZAWY, POLAND.

Ntoa Pakeng Tsa Litau le Batho

Koranta e ’ngoe ea Cape Town e bitsoang Africa Geographic e re ha batho ba ntse ba eketseha Afrika, seo se fokotsa libaka tseo liphoofolo tse hlaha li phelang ho tsona ’me se “atisa ho qholotsa ntoa.” Litau ka ho khetheha, “ho bonahala li nahana hore batho ke liphofu tsa tsona.” Ka mohlala, Tanzania litau li ’nile tsa bolaea bonyane batho ba 70 selemo ka seng ho tloha ka 1990. Koranta eo e tlaleha hore maemong a mang, litau li bile “li hlasela batho ka ho khetheha, li ba lata ba lutse mathuleng esita le ho rusolla marulelo a joang le mabota a sa tieang a mobu.”

Ho Epolloa Meliko ea Egepeta ea Boholo-holo

Baepolli ba lintho tsa khale ba Univesithi ea Chicago ba sebetsang karolong e ka boroa ea Egepeta, ba epolotse lisiu tse supileng tsa boholo-holo, tseo e leng tsona tse khōlō ka ho fetisisa tse tsejoang naheng eo. Lintho tse entsoeng ka matsoho tse fumanoeng haufi le moo li nolofalelitse baepolli ba lintho tsa khale ho fumana hore meliko eo ke ea pakeng tsa 1630 le 1520 B.C.E. Haeba nako eo e nepahetse, seo se bolela hore lisiu tseo ke tsa mehleng ea Moshe. Meliko ena e chitja, e hahiloeng ka litene tsa seretse, e bophara ba limithara tse 5,5 ho isa ho tse 6,5 mohlomong le bolelele ba limithara tse ka bang 7,5, e ne e le karolo ea setsi sa moo sa ho aba lijo. Tlaleho eo ea univesithi e bontša hore meliko ena e ne e le litsi “tseo ho neng ho bokelloa chai e tsoang masimong a phuleng ea Nile ’me e sebelisoa ke ’muso. Lijo-thollo li ne li sebelisoa e le chelete, ’me li fa bo-faro matla.” Tlaleho eo e phaella ka ho re “kaha lijo-thollo li ne li sebelisoa e le chelete, meliko eo e ne e sebetsa e le libanka ebile e le mohloli oa lijo.”

Pampiri e Thata Joaloka Tšepe

Bafuputsi univesithing ea Royal Institute of Technology, Sweden, ba qapile mokhoa oa ho hlahisa pampiri ka tsoekere e ka har’a lehong e le sireletsang hore le lule le le thata ka tsela ea lona ea tlhaho. Tsela e tloaelehileng eo ho etsoang pampiri ka eona ho sebelisoa lehong, e senya tsoekere ena e ka har’a lehong ’me e fokotsa matla a lona haholo. Empa thimi eo ea Maswedishe e ile ea atleha ho arola metsoako e ka har’a lehong le sitsoeng e sebelisa lik’hemik’hale, ea ntan’o kopanya tsoekere eo ea lehong le metsi e sebelisa mochine o kopanyang. Ha metsoako eo e sa senyehang e ntšoa ka metsing ’me e kopanngoa le tsoekere, ho ile ha hlaha pampiri e thata e batlang e tšoana le tšepe e sebelisoang mohahong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela