Tsa Mona Le Mane
◼ Phuputsong e ’ngoe e sa tsoa etsoa “ho fumanoe hore ho Mabrithani a 10, a tšeletseng a lumela hore bolumeli bo fetohile ntho e arolang batho.”—THE CATHOLIC HERALD, BRITHANI.
◼ Ho na le mochine o moholo ka ho fetisisa lefatšeng o fehlang motlakase ka mahlaseli a letsatsi, Portugal. O na le matlapa a solar a nkang sebaka se boholo ba lihekthere tse 250 ’me o tla khona ho fehla motlakase o ka fepelang malapa a ka bang 30 000.—EL PAÍS, SPAIN.
◼ Lefatšeng ka bophara, selemo le selemo bacha ba ka bang 900 000 ba shoella likotsing—ka mantsoe a mang ho shoa ba fetang 2 000 letsatsi ka leng. Lisosa tse ka sehloohong ke likotsi tsa ’mileng, ho khangoa ke metsi le ho cha.—DIE WELT, JEREMANE.
◼ “Le hoja lilemong tsa morao tjena, sekhahla seo meru e senyehang ka sona se fokotsehile, lefatše le ntse le lahleheloa ke moru oa lisekoere k’hilomithara tse 200 ka letsatsi.”—MOKHATLO OA MACHABA A KOPANENG OA LIJO LE TEMO, ITALY.
◼ Ka January 2009, masholu a mahlano a likepeng a ile a khangoa ke metsi nakoana ka mor’a hore ho tlalehoe hore a fuoe $3 000 000 (U.S.) (R24 000 000) e le hore a lokolle sekepe sa oli sa Saudi. Setopo sa lesholu le leng se ile sa fumanoa lebōpong, se e-na le $153 000 (R1 224 000) ka polasetiking e neng e le ka pokothong ea sona.—ASSOCIATED PRESS, SOMALIA.
Bacha ba Nka Hore Lithaka Tsa Bona Lia Tefisoa
Ho latela koranta e ’ngoe e bitsoang de Volkskrant, bacha ba Netherlands “ba nka hore lithaka tsa bona lia tefisoa” le hore “li babatsoa haholo hoo li inkelang holimo, e leng se etsang hore li sitoe ho nahanela batho ba bang.” Koranta eo e tlaleha hore har’a bacha ba lilemo li 16 ho ea ho tse 24, “ba 2 ho ba 3 . . . ba nka hore litokelo tsa bacha ha li tsamaisane le boikarabelo boo ba nang le bona.” Bacha ba bangata ba nahana hore “bacha ba batla lintho tse ngata . . . ’me ke ka seoelo ba ipotsang ka seo ba ka se etsang e le hore ba tsoele sechaba molemo.”
Bana ba Iketsetsa Lijo Tsa Motšehare
Mosuoe-hlooho oa sekolo se seng sa Japane o ile a batla litsela tsa ho etsa hore batsoali le bana ba qete nako e eketsehileng ba le hammoho, ’me sekolo sa amohela khopolo ea hae ea hore bana ba iketsetse lik’hafothini hang ka khoeli. Hona joale likolo tse makholo li etsa se tšoanang. Koranta ea Japane e bitsoang IHT Asahi Shimbun e re: “Bana ha baa lebelloa hore ba iketsetse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bobona ho tloha qalong. Bana ba sehlopheng ka seng ba na le pakane eo ba lokelang ho e finyella. Bana ba lihlopheng tse tlaase ba kōpa ba malapa abo bona hore ba ba thuse ka lijo tseo ba ka li nkang le ho reka lintho tseo ba tla li etsa ka tsona. . . . Ha ba lihlopheng tse phahameng bona, sepheo e le hore ba etse moralo oa lijo tse nang le phepo e nepahetseng.” Phello ke efe? Koranta eo e re: “Likolo li tlalehile hore bana ba ntlafalitse tsebo ea bona ea ho pheha, ha ho sa qhaloa lijo tse ngata ’me malapa a na le ntho e ’ngoe eo a ka buang ka eona.” Bana le bona ba re “ba ithutile ho ananela seo batsoali ba bona ba ba etsetsang sona.”
Tlhoekiso Ntlheng e ka Boroa ea Lefatše
Selemong se fetileng, e le karolo ea lenaneo le khethehileng la ho hlokomela tikoloho, litsebi tsa Marussia tse ntlheng ea lefatše li ile tsa tlosa litšila tsa boima ba lithane tse 360 Antarctica, e le ho hloekisa sebaka seo. Litšila tse neng li lahletsoe haufi le libaka tseo ho etsoang liphuputso ho tsona Ntlheng e ka Boroa ea Lefatše li ne li akarelletsa thepa ea mohaho e sa sebelisoang, mechine e robehileng le meqomo e sa tšelang ea peterole. Makasine ea Russia e bitsoang Itogi, e re: “Ho latela tokomane e buang ka ho sireletsoa ha lintho tse phelang ntlheng e ka boroa ea lefatše le tikoloho ea tsona, naha e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho tlosa litšila tsa eona. Batho ba ikitlaetsang ka ho fetisisa tabeng ea ho phetha boikarabelo ba bona ke Majapane.”