Likolo Li Tlokotsing
Batsoali ba romela bana ba bona sekolong ho ea ithuta ho fetang feela ho bala, ho ngola le lipalo. Ba lebeletse hore likolo li fane ka thuto e pharaletseng, thuto e hlomellang bacha ho hōla hoba batho ba baholo bao batsoali ba ka bang motlotlo ka bona. Empa hangata tebello ea bona ha e phethahale. Hobane’ng? Hobane likolo lefatšeng ka bophara li tlokotsing.
LINAHENG tse ngata khaello ea chelete le matichere li beha thuto ea bana kotsing. Ka mohlala, makasine Time o hlokometse hore United States ho theoha ha matla a moruo lilemong tsa morao tjena ho qobeletse likolo tse ling ho lokisa likoahelo ‘tsa libuka tsa khale, li tloheletse siling ho senyeha, li felisitse mananeo a thuto ea bonono le a lipapali, kapa hore a se be teng ka matsatsi a itseng.’
Ka tsela e tšoanang le Afrika mehloli ea thuto e-ea haella. Ho latela Daily Times ea Lagos, naha ea Nigeria e na le karolelano ea tichere e le ’ngoe feela bakeng sa bana ba 70, “moo ho nang le monyetla oa hore tichere e le ’ngoe ho tse ling le tse ling tse tharo e hloka mangolo a tšoanelehang a thuto.” Afrika Boroa—ka ntle ho khaello ea matichere—litlelase tse nang le barutoana ba bangata haholo le merusu ea lipolotiki li tlatsetsa ho seo South African Panorama e se bitsang “boemo ba ho hloka taolo ka ho feletseng likolong tsa ba batšo.”
Bonneteng, likolo tse nang le matichere a nang le mangolo a tšoanelehang a thuto le thepa e lekaneng hase tiiso ea thuto e atlehileng. Ka mohlala, ho tlalehoa hore Austria hoo e ka bang karolo ea boraro ea bana ba lilemo li 14 ha e tsebe motheo oa lipalo kapa ho bala ka mokhoa o loketseng. The Times ea London e hlokomela hore Brithani, lenane la barutoana ba atlehang ho feta litlhahlobo thutong ea lipalo, saense le puo ea semmuso ea sechaba “le fokotsehile haholo ho feta Jeremane, Fora le Japane.”
United States, matichere a tletleba ka hore le hoja barutoana ba fumana matšoao a phahameng litlhahlobong, ba bangata ba sa ntse ba hlōleha ho ngola meqoqo e monate, ho sebetsa lipalo kapa ho lokisetsa lintlha tsa bohlokoa tsa lithuto tse fapaneng kapa boitsebiso. Ka lebaka la sena, ba boholong thutong lefatšeng ka bophara ba boetse ba nahanisisa bocha ka lenaneo la thuto ea sekolo le mekhoa e sebelisoang ho lekanyetsa tsoelo-pele ea barutoana.
Pefo ea Sekolong
Litlaleho li senola tekanyetso e tšosang le e eketsehang ea pefo likolong. Jeremane, seboka sa matichere se ile sa bolelloa hore karolo ea 15 lekholong ea bana ba sekolo “e ikemiselitse ho retelehela pefong—’me karolo ea 5 lekholong ha e tsila-tsile ho etsa liketso tse sehlōhō ka ho feteletseng tsa polao, ka mohlala li ka rahaka motho ea sitoang ho itšireletsa ea rapalletseng fatše.”—Frankfurter Allgemeine Zeitung.
Liketsahalo tse fetelletseng tsa polao li bakile kameho e khōlō. Ho betoa ha ngoanana ea lilemo li 15 ke bacha ba bane ka ntloaneng ea sekolo se phahameng sa Paris ho susumelitse barutoana ho ipelaetsa phatlalatsa ho batla mehato e tiileng haholoanyane ea tšireletseho sekolong. Batsoali ba tšoentsoe ke keketseho ea litlhaselo tse mabifi tsa botona le botšehali, botšosi le pefo ea maikutlo. Liketsahalo tse joalo ha li etsahale Europe feela empa li ntse li e-ja setsi lefatšeng lohle.
Letona la Thuto la Japane le tlaleha ka keketseho ea pefo e akareletsang barutoana ba likolo tsa praemari le tse phahameng. Koranta ea Afrika Boroa The Star, tlas’a sehlooho sa litaba “Liithuti tse Hlometseng ka Lithunya li Laola Likolo,” e tšoantšitse boemo bona likolong tse ngata tsa Soweto le ba “the Wild West [Moeling oa Bophirimela]” oa United States lekholong la bo19 la lilemo. Esita le botumo ba New York City ba pefo ho latela mantsoe a The Guardian ea London, bo fihletse “tekanyo e phahameng haholo ka lebaka la se boletsoeng ke feme ea tšireletso mabapi le liodoro bakeng sa liaparo tse sa keneng likulo bakeng sa bana ba sekolo.”
Brithani le eona e hlasetsoe ke seoa sa pefo ea sekolo. Mosebeletsi oa mokhatlo oa matichere o hlokometse: “Lilemong tse 10 tse fetileng, re bone keketseho ea tloaelo ea ho sebelisa libetsa. Tloaelo ena e etsahala le har’a bacha ’me hase banna feela ba sebelisang libetsa empa le basali ba boetse baa li sebelisa.”
Ha ho makatse hore batsoali ba ’maloa ba entse qeto ea ho ntša bana ba bona sekolong le ho ba rutela lapeng. Ba fumanang mokhoa ona oa ho rutela bana lapeng o sa sebetse hangata ba tšoenyeha ka liphello tse mpe tseo sekolo se nang le tsona baneng ba bona, ’me ba ipotsa hore na ba ka thibela sena joang. Ke’ng seo batsoali ba ka se etsang ho thusa bana ba bona ho sebetsana le mathata ao ba thulanang le ’ona sekolong? Hona ke joang batsoali ba ka sebelisanang le matichere ho tiisa hore bana ba fumana thuto e molemo ka ho fetisisa sekolong? Lihlooho tse latelang li arabela lipotso tsena.