Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/10 leq. 4
  • Lifofane Tse Nang le Enjene

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lifofane Tse Nang le Enjene
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sefofane se BIle Teng Joang?
    Tsoha!—1999
  • Senotlolo sa Katleho ke Sefe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lintho Tsa Tlhaho li Bile Teng Pele
    Tsoha!—2010
  • Ho Ameha ka Tšireletseho
    Tsoha!—2002
Tsoha!—2010
g 3/10 leq. 4

Lifofane Tse Nang le Enjene

KA LILEMO tse makholo, batho ba ’nile ba batla litsela tsa ho fofa. Empa motho ha a na mesifa e matla e ka mo phahamisetsang moeeng. Ka 1781, James Watt o ile a qapa enjene ea mashala e neng e khona ho pota-potisa mokerenke, ’me ka 1876, Nikolaus Otto a ntšetsa pele khopolo eo, a etsa enjene e itsamaisang. Joale motho o ne a se a e-na le enjene e neng e ka fofisa mochine. Empa o ne o tla etsoa ke mang?

Wilbur le Orville Wright bao e leng bana ba motho, haesale ba batla ho fofa ho tloha esale bashanyana ba ithutang ho fofisa lik’haete. Hamorao, ba ile ba ithuta tsebo ea boenjiniere ka ho etsa libaesekele. Ba ile ba elelloa hore bothata bo boholo tabeng ea ho fofisa ke ho etsa mochine o laoloang. Sefofane se sitoang ho tsitsa moeeng ha se na thuso joaloka baesekele e sa laoleheng. Wilbur o ile a shebella maeba ha a fofa ’me a hlokomela hore aa sekama ha a tjeka, joaloka mopalami oa baesekele. O ile a etsa qeto ea hore linonyana li thinya le ho boloka botsitso ka hore li sothe mapheo a tsona lintlheng. A ntan’o ba le khopolo ea ho etsa lepheo le ka sothehang.

Ka 1900, Wilbur le Orville ba ile ba etsa sefofa-sebakeng se nang le mapheo a sothehang. Ba ile ba qala ho se fofisa e le k’haete ’me hamorao ba se fofisa se e-na le mofofisi. Ba ile ba elelloa hore se hloka lintho tse tharo tsa motheo ho se laola ha se ea holimo kapa tlaase, ha se sekama le ha se tjeka. Empa ba ile ba nyahamisoa ke hore mapheo ao a ne a sa khone ho se phahamisetsa holimo ka ho lekaneng, kahoo ba ile ba etsa thanele ea moea ’me ba etsa liteko ka mapheo a makholo a libōpeho tse sa tšoaneng, ho fihlela ba fumana a sebōpeho se loketseng, boholo bo loketseng le moetso o loketseng. Ka 1902, ba ile ba etsa sefofa-sebakeng se secha, ’me ba ithuta ho se tsitsisa moeeng. Na joale ba ne ba ka se kenya enjene?

Qalong, ba ile ba tlameha ho iketsetsa enjene. Ka seo ba ithutileng sona ha ba etsa thanele ea moea, ba ile ba rarolla qaka ea ho qapa bentamine. Qetellong, ka la 17 December, 1903, ba ile ba lumisa enjene, bentamine ea bilika ’me sefofane sa phahama, sa fofa moeeng o batang haholo. Orville o ile a re: “Re finyelletse takatso eo re bileng le eona ha re sa le bashanyana. Re ithutile ho fofa.” Bara bana ba motho ba ile ba tuma lichabeng. Empa ho tlile joang hore ba khone ho fofa? Ha e le hantle, ba thusitsoe ke lintho tsa tlhaho.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

“Sefofane” sa bara ba Wright, Carolina Leboea, U.S.A., ka 1903 (foto e bontšang se etsahetseng)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela