Ho Sebelisa Linoha Borapeling—Nakong e Fetileng le Kajeno
BAEGEPETA ba boholo-holo ba ne ba rapela linoha, joaloka Maminoane, e leng baahi ba pele ba Kreta. Baiseraele ba bang ba boholo-holo ba ile ba etsetsa noha ea koporo mahlabelo. Ba bang sechabeng seo ba ile ba chesa libano ka pel’a litšoantšo tsa “lihahabi.”—Ezekiele 8:10-12; 2 Marena 18:4.
Batho ba boholo-holo ba Mexico le bona ba ne ba keneletse ka matla borapeling ba melimo ea linoha. Molingoana ea ka sehloohong oa Bamaya—e leng Itzamná—ka linako tse ling o ne a emeloa ke noha. “Noha e masiba” e bitsoang Quetzalcoatl, e ne e le molimo oa Matoltec oa thuto, setso le filosofi. Maaztec le ’ona a ne a o nka e le molimo oa thuto a bile a o tlotla ka hore ke ’mōpi oa batho. Mabapi le litalenta le likarolo tse ngata tseo molimo eo a li phethang, makasine ea Arqueología Mexicana (Boepolli ba Lintho Tsa Khale Mexico) e re: “Noha e masiba e ’nile ea hlalosoa ka litsela tse ngata, mohlomong le ho feta melingoana e meng.”
Ka lilemo tse makholo, baahi ba Mesoamerica ba ’nile ba rapela noha e masiba. Kajeno, Macora le Mahuichole a Mexico a ntse a lumela ho molimo eo. Ka matsatsi a itseng a mekete ea bolumeli, ho ba le tantši eo batantši ba ikhabisang ka masiba ebe ba tantša joaloka noha. Maquiche a etsa tšebeletso ea kemolo ka hore a tantše a tšoere linoha tse phelang. Machorti, e leng morabe oa Bamaya ba Guatemala, a hlompha ka ho khetheha noha e masiba eo a e amahanyang le bahalaleli ba itseng ba Mak’hatholike.
Potso ke hore na, ’Mōpi oa batho le liphoofolo—ho akarelletsa le linoha—o ikutloa joang ka ho rapeloa ha melimo ea linoha?
Kamoo Molimo a Ikutloang Kateng ka ho Rapela Linoha
Jehova Molimo o ile a fa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele taelo e reng: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše. U se ke ua li inamela kapa ua hlohlelletsoa hore u li sebeletse.”—Exoda 20:4, 5.
Jehova o ne a thibetse batho ba hae ho rapela litšoantšo tsa liphoofolo, tse kang linoha. Kahoo, na ha hoa hlaka hore batho ba batlang ho amoheloa ke eena ba lokela ho qoba ho rapela linoha? Ke hobane’ng ha Molimo a hanela borapeli ba litšoantšo, ho akarelletsa le ho rapela linoha? Lebaka la seo le bonolo: O fa batho, linoha le lintho tsohle tse phelang bophelo. Kaofela ha tsona ke mosebetsi oa matsoho a hae, kahoo ke eena ea lokelang ho rapeloa, eseng lintho tseo a li bōpileng.
Ka mohlala: Nka hore setsebi sa meralo se hahile matlo ’me se a file malapa hore a thabele ho lula ho ’ona. U ne u ka re’ng haeba malapa ao a ne a ka rorisa le ho leboha matlo ao, ho e-na le ho rorisa setsebi seo? Na ho etsa seo e ne e sa tl’o ba booatla, esita le hona ho halefisa setsebi seo sa meralo se seatla se bulehileng? Ka ho tšoanang, ho rapela liphoofolo ho e-na le ho rapela ’Mōpi oa tsona ho halefisa Molimo.
Ka ho hlakileng, batho ba batlang ho amoheloa ke Molimo ba lokela ho ela hloko temoso ea moapostola Johanne, e reng: “Bana ba banyenyane, le itebele litšoantšong tse rapeloang.”—1 Johanne 5:21.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
NA RE LOKELA HO RAPELA RE TŠOERE LINOHA?
● Karolong e ka boroa-bochabela ho United States, batho ba likereke tse seng kae tse phekolang ka tsela ea mohlolo ba tšoara linoha tse chefo li ntse li phela. Batho ba bang ba ithatela ka tsona mahetleng, ha ba bang ba tšoara linoha tse ’maloa ka nako e le ’ngoe. Ho phahamisa linoha le ho li isa koana le koana ho ka etsa hore li tšohe ’me li ba lome. Ho theosa le lilemo, batho ba bang ba rapelang ba tšoere linoha ba ’nile ba longoa ke tsona ’me ba shoa.
Batho ba tšoarang linoha ba re seo ba se etsang se thehiloe ho Mareka 16:17, 18. Mantsoe a mang a litemana tseo a re: “Ba tla tšoara linoha ka matsoho.” Bibele ea King James Version le liphetolelo tse ling tsa khale li ngotse litemana tseo joalokaha eka ke karolo ea taba e hlahang lipuong tsa pele. Phetolelo ea New Revised Standard Version, ea New American Standard Bible le ea New King James Version li bontša hore litemana tseo ha li hlahe libukeng tse ngata tsa khale ka ho fetisisa tse ngotsoeng ka letsoho tsa Kosepele ea Mareka.
Lithuto tsa Bibele ha li lumellane le maikutlo a hore ho tšoara linoha ke karolo e amohelehang borapeling ba ’nete. Bibele e re: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Mohlomong ua lumela hore ’Mōpi oa rōna ea lerato o ne a ke ke a laela barapeli ba hae hore ba etse lintho tse kotsi e le hore ba mo thabise. Mora oa hae, e leng Jesu, o ile a etsa memo ena: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla.” (Matheu 11:28, 29) Ka sebele, ho tšoara linoha ho ka ’nang ha fella ka hore motho a utloe bohloko, a kule esita le ho shoa hase seo Jehova le Jesu ba batlang hore se etsahalle balateli ba bona!
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
REUTERS/Tami Chappell
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Hlooho ea noha e masiba leboteng la tempele ea Maaztec
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Setšoantšo sa Quetzalcoatl, e leng molimo oa Matoltec oa noha e masiba
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 22]
Top: REUTERS/Tami Chappell; bottom: © Leonardo Díaz Romero/age fotostock