Seo ba Bang ba se Buileng
Fora “Lipaki Tsa Jehova ke baahi ba hlomphang melao ea Rephabliki. . . . Ha li sokele tsamaiso ea sechaba. Lia sebetsa, li ntša makhetho, li kenya letsoho ntlafatsong ea moruo oa naha ebile li fana ka liphallelo. Hoa thabisa ho bona batho bana ba merabe le litso tse sa tšoaneng ba kopane hammoho ka khotso. . . . Haeba batho bohle e ne e le Lipaki Tsa Jehova, rōna mapolesa re ne re tla felloa ke mosebetsi.”—’Muelli oa mokhatlo oa mapolesa, Fora.
Ukraine “Batsoali ba Lipaki Tsa Jehova ba ruta bana ba bona melao-motheo e phahameng ea boitšoaro. Ba ba ruta hore ba qobe boitšoaro, liketso esita le boikutlo boo [le hoja] bo amoheleha lefatšeng la kajeno, bo ka ntšang bana kotsi le ho ntša batho ba bang kotsi. Ka lebaka leo ba lemosa bana ka likotsi tsa ho sebelisa lithethefatsi, ho tsuba le ho sebelisa tahi hampe. Ba elelloa bohlokoa ba ho ba batho ba tšepahalang le ba sebetsang ka thata. . . . Batsoali ba Lipaki Tsa Jehova ba ruta bana boitšoaro bo khabane hore ba hlomphe ba boholong, ba hlomphe batho ba bang le ho hlompha thepa ea bona le hore e be baahi ba mamelang molao.”—The History of Religion in Ukraine, e hlophisitsoeng ke Moprofesa Petro Yarotskyi.
Italy “Ba ne ba le 30 000 ’me ba lutse ba khutsitse Lebaleng la Lipapali Tsa Olimpiki . . . Ho ne ho se na litšila tse lahletsoeng fatše, ho se na lerata, kapa motho ea hoeletsang. Bona ke boemo bo neng bo le Lebaleng la Lipapali Tsa Olimpiki maobane . . . Ho ne ho se na ea etsang lipontšo tse tsoileng tseleng, ho se na ea tsubang, ho se na makotikoti [a joala]. Batho ba ne ba phetlile Libibele feela, ba ngola lintlha le bana ba lutse ba khutsitse.”—L’Unità, ha e tlaleha ka kopano ea Lipaki Tsa Jehova, Roma.
Brithani “Modiakone e Moholo oa Cheltenham o boletse hore [Kereke ea Chache] e hloka lihlopha tsa batho ba inehetseng ba etelang ba bang joaloka Lipaki Tsa Jehova.”—The Gazette, Gloucester Diocese.
Netherlands Batho ba ahileng haufi le Holo ea ’Muso motseng oa Leeuwarden ba ile ba fa Lipaki lengolo le reng: “Re rata ho le leboha ka tsela e ntle eo le tlatselitseng ka eona ponahalong ea Noorderweg [Tsela ea Noorder]. Batho ba lōna ba lula ba apere hantle ebile ba na le mekhoa e metle. Bana ba itšoere hantle, ha ho mohla batho ba baholo ba pakang likoloi moo ba sa lokelang, ha ba lahlele litšila seterateng ’me pel’a Holo ea ’Muso ho lula ho hloekile ho bile ho le makhethe. Re tšepa hore le tla ’ne le be baahelani ba rōna ka nako e telele, kaha re thabela ho ba le lōna.”
Mexico Elio Masferrer, e leng moprofesa le mofuputsi Sekolong sa Sechaba sa Thuto e Mabapi le Batho le Histori, o boletse hore Lipaki li thusitse batho “ba bileng le maqakabetsi malapeng, a kang a ho betoa, ho hlekefetsoa, ho lemalla tahi le lithethefatsi.” O boletse hore lithuto tsa Lipaki “li fa batho ba ikhalalang seriti” le ho ba nolofalletsa “ho phela ba se na mathata a tebileng ka hore ba etse lintho tse khahlisang Molimo.”—Koranta ea Excélsior.
Brazil Koranta e ’ngoe e ile ea tlaleha: “Ka sebele mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova oa ikhetha. Libaka tseo li kopanelang ho tsona li lula li hloekile. Lintho tsohle li hlophisitsoe hantle . . . Ha li qhalana, sebaka seo li neng li le ho sona se sala se hloekile ho feta pele. Ha ho ntse ho fanoa ka lipuo, hoa khutsa. Ha ho na ea sutumetsang ba bang kapa ea ba theselang. Batho ba bontša mekhoa e metle. . . . Ka sebele ke bolumeli bo hlophisehileng. Li tseba se boleloang ke ho rapela Molimo.”—Comércio da Franca.
Lipaki Tsa Jehova li lumela ka tieo hore ’Mōpi o tseba melao-motheo eo batho bao a ba bōpileng ba lokelang ho phela ka eona ho feta motho leha e le ofe. (Esaia 48:17, 18) Kahoo, Lipaki lia mo tlotlisa ha ba bang ba babatsa tsela eo li itšoereng ka eona. Jesu o ile a re: “Leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lōna ea maholimong.”—Matheu 5:16.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Batsoali ba Lipaki Tsa Jehova ba ruta bana boitšoaro bo khabane . . . le hore e be baahi ba mamelang molao”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
“. . . Batho bana ba merabe le litso tse sa tšoaneng ba kopane hammoho ka khotso . . . ”