Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/10 maq. 12-15
  • Lefu la Sebete la Mofuta oa B—’Molai ea sa Hlokomeleheng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefu la Sebete la Mofuta oa B—’Molai ea sa Hlokomeleheng
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ho Tlile Joang Hore ke be le HBV?”
  • Batho ba Lokela ho ba le Kutloisiso ka Lona
  • Motho o Lokela ho Phomola
  • Ho Phela a Tšoeroe ke Lefu la Sebete la Mofuta oa B
  • Litšelo Tsa Mali—Li Sireletsehile Hakae?
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • “Ke Ile ka Nahana Hore Tšelo ea Mali ke Bophelo, E Seng Lefu”
    Tsoha!—1987
  • Aids—Mokhoa oa ho e Loantša
    Tsoha!—1998
  • Lebaka Leo AIDS e Bolaeang ka Lona Hakana
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 8/10 maq. 12-15

Lefu la Sebete la Mofuta oa B​—’Molai ea sa Hlokomeleheng

“Ke ne ke le lilemo li 27, ke qeta ho nyala ’me ke shebahala hantle ke bile ke ikutloa ke phetse hantle. Ke ne ke sebetsa ka thata mosebetsing ha ka nako e tšoanang ke jere boikarabelo bo bongata phuthehong ea heso ea Lipaki Tsa Jehova. Ke ne ke sa hlokomele hore lefu la sebete la mofuta oa B le ne le qalile ho senya sebete sa ka.”—Dukk Yun.

SEBETE se sefa lintho tse chefo maling ’me se phetha mesebetsi e meng ea bohlokoa e ka bang 500. Ke ka lebaka leo lefu la sebete—e leng ho ruruha ha sona—ho ka kulisang motho. Motho a ka tšoaroa ke lefu la sebete haeba a noa joala haholo kapa a ka ba sebakeng se nang le lintho tse chefo. Leha ho le joalo, hangata le bakoa ke likokoana-hloko. Bo-rasaense ba tseba likokoana-hloko tse hlano tse le bakang ’me ba lumela hore ho na le tse ling tse ka bang tharo.—Sheba lebokose le ka tlaase mona.

E ’ngoe ea likokoana-hloko tseo tse hlano, e bakang lefu la sebete la mofuta oa B (HBV), e bolaea batho ba ka bang 600 000 ka selemo, e leng palo e lekanang le ea batho ba bolaoang ke lefu la malaria. Batho ba fetang libilione tse peli—e leng hoo e batlang e le karolo ea boraro ea baahi ba lefatše—ba tšoaelitsoe kokoana-hloko ea HBV, ’me ba bangata baa hlaphoheloa ka mor’a likhoeli. Leha ho le joalo, ba ka bang limilione tse 350 bona ha ba fole. Bophelong bohle ba bona, ebang ba na le matšoao kapa che, ba tla lula ba e-na le monyetla oa hore ba tšoaetse ba bang.a

Ha phekolo e loketseng ea meriana e qalelloa kapele, e ka thusa ho sireletsa sebete sa batho ba bang ba nang le HBV e sa foleng hore se se ke sa senyeha haholo. Empa ba bangata ha ba tsebe hore ba na le tšoaetso ea eona, kaha HBV e ka bonoa feela ka ho etsa tlhahlobo ea mali e khethehileng. Esita le litlhahlobo tse tloaelehileng tsa hore na sebete se sebetsa hantle li ka ’na tsa se ke tsa bontša bothata. Kahoo HBV e ka ba ’molai ea sa hlokomeleheng, ea hlaselang a sa fane ka temoso. Matšoao a ka ’na a se ke a bonahala esita leha ho fetile lilemo tse mashome motho a tšoaelitsoe. Nakong eo, e ka ’na eaba sebete sa hae se se se thatafetse kapa se e-na le kankere. Mafu ana a bolaea motho a le mong ho ba bane ba nang le kokoana-hloko ea HBV.

“Ho Tlile Joang Hore ke be le HBV?”

Dukk Yun o re: “Ke qalile ho ba le matšoao ha ke le lilemo li 30. Ke ne ke e-na le letšollo, eaba ke ea ngakeng ea Sekhooa, empa e ile ea phekola matšoao feela. Eaba ke ea ngakeng ea moetlo ea Asia, e ileng ea mpha moriana oa mala. Lingaka tseo ka bobeli ha lia ka tsa ntlhahlobela lefu la sebete. Kaha letšollo le ne le sa khaotse, ke ile ka khutlela ngakeng ea Sekhooa.b E ile ea mphaphatha mpeng ka lehlakoreng le letona, e leng se ileng sa nkutloisa bohloko. Teko ea mali e ile ea tiisa seo e neng e se belaella—ke ne ke e-na le kokoana-hloko ea lefu la sebete la mofuta oa B. Ke ile ka tšoha haholo! Ho ne ho se mohla nkileng ka tšeloa mali kapa ho phela ka boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate.”

Ka mor’a hore Dukk Yun a tsebe hore o na le HBV, mosali oa hae, batsoali ba hae le banab’abo ba ile ba etsa liteko tsa mali ’me kaofela ha bona ba ne ba e-na le masole a ’mele a loantšang HBV. Leha ho le joalo, tsamaiso ea ’mele ea bona ea ho itšireletsa mafung e ne e tlositse kokoana-hloko eo. Na ebe Dukk Yun o ne a fumane HBV ho e mong oa bona? Na kaofela ha bona ba ne ba fumane kokoana-hloko eo mohloling o le mong? Ha ho motho ea tsebang hantle. Ha e le hantle, ho batho ba etsang hoo e ka bang karolo ea 35 lekholong ba nang le eona, e ntse e le pharela hore na ba e fumane joang. Leha ho le joalo, taba e tsebahalang ke hore lefu la sebete la mofuta oa B ha le futsoe ’me ha ho bonolo hore le tšoaetsanoe ka litšebelisano tse tloaelehileng kapa ho ja lijo hammoho. Ho fapana le moo, HBV e tšoaetsanoa ha mali kapa maro a tsoang ’meleng, a kang peō ea botona, maro a tsoang sethong sa botšehali kapa mathe a motho ea nang le tšoaetso a kena maling a motho e mong le leqebeng kapa lereng le ka hanong kapa ka nkong.

Batho ba bangata ba ntse ba tsoela pele ho tšoaetsoa HBV ka ho tšeloa mali a silafetseng, haholo-holo linaheng tseo mali a sa hlahlobeloeng HBV ka botlalo kapa a sa hlahlojoeng ho hang. HBV e jaleha ka makhetlo a 100 ho feta HIV, e leng kokoana-hloko e bakang AIDS. Esita le karolo e nyenyane haholo ea mali a nang le tšoaetso, a kang a lehareng, a ka fetisa HBV, ’me mali a omeletseng a ka fetisa tšoaetso esita le ka mor’a beke kapa ho feta.c

Batho ba Lokela ho ba le Kutloisiso ka Lona

Dukk Yun o re: “Ha ba k’hamphani eo ke neng ke sebetsa ho eona ba tseba hore ke na le HBV, ba ile ba mpeha ka ofising e nyenyane, hōle le basebetsi-’moho ba bangata.” Ho tloaelehile ho tšoara batho joalo, ’me seo se ka ’na sa bakoa ke ho se utloisise tsela eo kokoana-hloko ena e jalehang ka eona. Esita le batho bao u ka nkang hore ba na le tsebo ba ka ’na ba ferekanya lefu la sebete la mofuta oa B le la mofuta oa A, le tšoaetsanoang habonolo, le hoja lona le se kotsi hakaalo. Ho feta moo, kaha HBV e ka tšoaetsanoa ka ho kopanela liphate, batho ba nang le eona ba ka nkoa e le ba se nang boitšoaro, le hoja ba itšoere hantle.

Ho hloka kutloisiso le ho tlala lipelaelo ho ka baka mathata a tebileng. Ka mohlala, libakeng tse ngata batho ba nang le HBV, ebang ba bacha kapa ba hōlile, baa khetholloa, le hoja ho sa hlokahale. Baahelani ha ba lumelle bana ba bona ho bapala le bona, likolo li hana ho ba amohela ’me bahiri ba qoba ho ba hira. Kaha ba tšaba ho khetholloa, seo se etsa hore batho ba se ke ba etsa liteko tsa HBV kapa ba se ke ba bolela hore ba na le lefu leo. Ba bang ba bile ba beha bophelo ba bona bo botle ba ka moso kotsing esita le ba malapa a bona ho e-na le hore ba bue ’nete. Kahoo, boloetse bona bo kotsi bo ka fetisetsoa le melokong e latelang.

Motho o Lokela ho Phomola

Dukk Yun o re: “Le hoja ngaka ea ka e ile ea re ke phomole ka ho feletseng, ka mor’a likhoeli tse peli ke ile ka khutlela mosebetsing. Liteko tsa mali le tsa mochine oa CT ha lia ka tsa bontša hore sebete sa ka se thatafetse, kahoo ke ile ka nahana hore ke folile.” Lilemo tse tharo ka mor’a moo, k’hamphani eo Dukk Yun a neng a e sebeletsa e ile ea mo romela motseng o mong o moholo, moo a ileng a phela a le tlas’a khatello ea kelello le ho feta. Kaha o ne a lokela ho lefa melato le ho hlokomela lelapa, o ile a tsoela pele ho sebetsa.

Likhoeling tse seng kae, lenane la likokoana-hloko maling a Dukk Yun le ne le eketsehile haholo ’me a qala ho ikutloa a khathetse. O re: “Ke ile ka tlameha ho tlohela mosebetsi, ’me joale kea ikoahlaea hore ebe ke ile ka sebetsa ka thata joalo. Hoja ebe ke ile ka phomola esale qalong, mohlomong nka be ke sa kule hakana, e leng ho senyang sebete sa ka le ho feta.” Dukk Yun o ile a ithuta ntho ea bohlokoa haholo. Ho tloha nakong eo, o ile a fokotsa mosebetsi le litšenyehelo tsa hae. Ho feta moo, bohle ka lapeng ba ile ba bontša tšebelisano-’moho, mosali oa hae a ba a etsa likoropo e le hore a thuse ho lefa melato.

Ho Phela a Tšoeroe ke Lefu la Sebete la Mofuta oa B

Bophelo ba Dukk Yun bo ile ba tsitsa, empa sebete sa hae se ile sa ’na sa thibela mali ho feta, e leng ho ileng ha phahamisa khatello ea mali. Ka mor’a lilemo tse 11, mothapo o mong o ’metsong oa hae o ile oa phatloha eaba mali a tsoela qoqothong, ’me a qeta beke a le sepetlele. Lilemo tse ’nè hamorao, o ile a ferekana kelellong. Ammonia e ne e bokellane bokong kaha sebete se ne se sa khone ho e sefa kaofela. Leha ho le joalo, phekolo ea meriana e ile ea lokisa bothata boo ka mor’a matsatsi a seng makae.

Hona joale Dukk Yun o lilemo li 54. Haeba boemo ba hae bo ka mpefala, ha ho letho le lekaalo leo a ka le etsang. Meriana e loantšang likokoana-hloko e sitoa ho li bolaea ka ho feletseng ’me e ka ’na ea mo bakela mathata a mang a tebileng. Ntho ea ho qetela eo a ka e etsang ke hore a fuoe sebete sa motho e mong, empa batho ba emetseng ho fuoa sebete ba bangata ho feta ba ithaopelang ho fana ka tsona. Dukk Yun o re: “Nka ’na ka shoa neng kapa neng. Empa ha ho na thuso hore ke lule ke tšoenyehile ka hona. Ke ntse ke phela, ke na le moo ke robalang teng ebile ke na le lelapa le khahlehang. Bonneteng, boemo ba ka e bile tlhohonolofatso ka tsela eo ke neng ke sa e lebella. Ke qeta nako e ngata ke e-na le ba lelapa la ka ke bile ke ithuta Bibele. Sena se nkhoba matšoafo hore ke se ke ka tšoha ho shoa pele ho nako ebile se nthusa hore ke lebelle ka cheseho nako eo ka eona ke tla phela ke sa kule.”d

Har’a tse ling, ka lebaka la pono e ntle eo Dukk Yun a nang le eona, lelapa la hae le phela le thabile ’me eena, mosali oa hae le bana ba hae ba bararo, kaofela ba tšebeletsong ea nako e tletseng ea Bokreste.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lefu lena le nkoa e le le sa foleng haeba tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e sa bolaee kokoana-hloko eo nakong ea likhoeli tse tšeletseng.

b Tsoha! ha e buelle phekolo ea mofuta leha e le ofe ka ho khetheha.

c Mali a motho ea nang le tšoaetso a lokela ho hloekisoa hang-hang le hona ka ho feletseng, motho a kentse litlelafo tse mo sireletsang ’me a sebelise metsi a hloekileng a tsoakiloeng le sesoeufatsi, a tšele karolo e le ’ngoe ea sona ho tse leshome tsa metsi.

d Mabapi le tšepiso ea Bibele e buang ka nako eo ka eona ho kula ho tlang ho fela, sheba Tšenolo 21:3, 4 le buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Ho fumana phekolo esale qalong ho ka thibela tšenyo e eketsehileng

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Ho tšaba ho khetholloa ho etsa hore ba bangata ba se ke ba etsa liteko kapa ba bolela hore ba na le HBV

[Lebokose le leqepheng la 12, 13]

KE LEFU LA SEBETE LA MOFUTA OFE?

Ho na le mefuta e mehlano ea likokoana-hloko eo ho tsejoang hore e baka lefu la sebete ’me e meraro e tloaelehileng ke mofuta oa A, oa B le oa C. Ho belaelloa hore ho na le mefuta e meng ea likokoana-hloko e bakang lefu leo. Matšoao a mefuta eohle ea lefu la sebete a tšoana le a ntaramane ’me a ka ’na a kopanyelletsa lefu la nyooko. Batho ba bangata, haholo-holo bana, ha ba bontše matšoao a lona. Ha motho a e-na le lefu la sebete la mofuta oa B le oa C, nakong eo matšoao a bonahalang, ho ka etsahala hore ebe sebete se se se senyehile hampe.

KOKOANA-HLOKO EA LEFU LA SEBETE LA MOFUTA OA A (HAV)

HAV e fumaneha mantleng a motho ea nang le tšoaetso. Kokoana-hloko ena e ka phela ka metsing a letsoai kapa a se nang lona esita le ka har’a leqhoa. Motho a ka tšoaetsoa kokoana-hloko ea HAV haeba a

● Ja lijo tse sa phehoang tse tsoang leoatleng le silafalitsoeng ke mantle a batho kapa a noa metsi a silafetseng

● A atamelana haufi le motho ea nang le tšoaetso kapa a ja le eena, a noa le eena, kapa ba sebelisa lijana tse tšoanang

● A sa hlape matsoho hantle ka mor’a hore a ee ntloaneng kapa a chenche leleiri la ngoana ea nang le tšoaetso kapa pele a lokisa lijo

Motho ea nang le HAV o kula haholo empa hangata oa fola. Hoo e batlang e le maemong ’ohle, ’mele o khona ho bolaea kokoana-hloko eo ka mor’a libeke kapa likhoeli tse seng kae. Ha ho na phekolo e tobileng haese hore motho a phomole ’me a je lijo tse nang le phepo e loketseng. Joala le lithethefatsi tse imetsang sebete, tse kang acetaminophen, li lokela ho qojoa ho fihlela ngaka e etsa qeto ea hore sebete se folile ka botlalo. Motho ea kileng a ba le HAV ho ka etsahala hore e se ke ea mo tšoara hape empa a ka tšoaroa ke mefuta e meng ea lefu la sebete. Ho entoa ho ka thibela lefu la sebete la mofuta oa A.

KOKOANA-HLOKO EA LEFU LA SEBETE LA MOFUTA OA B (HBV)

HBV e fumaneha maling, peōng ea botona le marong a tsoang sethong sa botšehali ho batho ba nang le tšoaetso. Kokoana-hloko ena ea ata ha e kena ’meleng oa motho ea se nang boitšireletso mafung. Kokoana-hloko ena e ka fetisoa ka

● Tsoalo (ho tloha ho ’mè ea nang le tšoaetso ho ea leseeng)

● Thepa e sa hloekisoang hantle ea ngakeng, ea menong, e cheselletsang mongolo letlalong kapa e phunyang batho ’meleng

● Ho itlhaba ka linale tse sebelisitsoeng ke batho ba bang, mahare, lintho tse feilang manala kapa litlelipara, maborashe a meno, kapa ntho leha e le efe e ’ngoe e ka fetisang malinyana feela ka leqeba leha e le lefe

● Ho kopanela liphate

Litsebi tsa bophelo li lumela hore HBV ha e jaloe ke likokoanyana, kapa ho khohlela, ho tšoarana ka matsoho, ho hakana, ho akana lerameng, ho anyesa kapa ho ja le ho noa hammoho kapa ho kopanela lithutsoana tsa ho ja kapa lijana tse ling. Batho ba bangata ba baholo baa fola ha ba tšoeroe ke HBV e matla, ebe ’mele ea bona e khona ho itšireletsa ka mor’a moo. Bana ba banyenyane ba kotsing e khōlō ea hore ba se ke ba fola ha ba e-na le tšoaetso. Haeba lefu la sebete la mofuta oa B le sa foleng le sa phekoloe le ka sitisa sebete ho sebetsa ’me la bolaea motho. Ho entoa ho ka thibela lefu la sebete la mofuta oa B.

KOKOANA-HLOKO EA LEFU LA SEBETE LA MOFUTA OA C (HCV)

HCV e fetisoa ka tsela e batlang e tšoana le ea HBV empa hangata e fetisoa ha batho ba ithethefatsa ka ho itlhaba ka linalete tse silafetseng. Ha ho na ente e phekolang lefu la sebete la mofuta oa C.e

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

e Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o fana ka boitsebiso bo eketsehileng mabapi le lefu la sebete ka lipuo tse ngata mocheng oa Inthanete oa www.who.int.

[Lebokose le leqepheng la 14]

HO THIBELA HO ATA HA HBV

Le hoja HBV e ama batho lefatšeng ka bophara, hoo e ka bang karolo ea 78 lekholong ea batho ba tšoeroeng ke lefu la sebete la mofuta oa B le sa foleng ba lula Asia le lihlekehlekeng tsa Pacific. Libakeng tse ngata tikolohong eo, motho a le mong ho ba leshome o na le kokoana-hloko eo le hoja a se na matšoao. Batho ba bangata ba nang le eona moo ba e fumana ho bo-’mè ba bona ha ba hlaha, kapa ha ba sa le banyenyane nakong eo ba neng ba tšoara mali a nang le tšoaetso a bana ba bang. Ente e matla e fuoang masea le batho ba bang ba kotsing e thusa hore ho thibeloe ho ata ha kokoana-hloko ena.f Lefu lena le fokotsehile haholo libakeng tseo batho ba le enteloang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

f Liente tsa lefu la sebete li ka ’na tsa etsoa ka likaroloana tsa mali. Babali ba angoang ke seo ba kōptjoa hore ba hlahlobe “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa June 15, 2000 le oa October 1, 1994. Ba ka boetse ba fumana boitsebiso leqepheng la 15 la buka ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo,” e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Dukk Yun o na le mosali oa hae le bana ba hae ba bararo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]

© Sebastian Kaulitzki/Alamy

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela