“Ke Ile ka Nahana Hore Tšelo ea Mali ke Bophelo, E Seng Lefu”
MANTSOE ao a boletsoe ke Sal Cirella, ntate oa mohlaseluoa oa lefu la sebete lenaneong la thelevishene la U.S. 20/20 ka la 11 Tšitoe, 1986. Morali oa hae Tracy o ile a tšeloa mali joaloka “molao oa sepetlele,” le hoja ho ne ho le khahlanong le litakatso tsa batsoali ba hae. (E ne e se ba bang ba Lipaki tsa Jehova, tse hanang tšelo ea mali ka mabaka a bolumeli.) O ile a tšoaroa ke lefu la sebete, ’me bophelo ba hae bo pholositsoe feela ke ho kenngoa sebete seng.
Tracy o ile a hlaseloa ke lefu la sebete, le bitsoang non-A/non-B. Lona lenaneo leo la TV le tlalehile: “Maamerika a fetang 190 000 a tšoaroa ke lefu lena ka lebaka la tšelo ea mali selemo le selemo. Tšelo ea mali e baka tšenyo ea sebete e sa feleng kapa e bolaeang batho ba ka bang 10 000 ka selemo. E batlile e bolaea Tracy.”
Ngaka e ileng ea buoa bakuli ba 14 000 ntle ho mali e itse: “Ke bona batho ba tšela mali ho batho bao ba sa hlokeng mali ho hang, haholo-holo ba pata liphoso tsa bona tsa bohlasoa ka ho sebelisa litšelo tsa mali. Ke nahana hore seo ha se amohelehe ho hang.” Ngaka e ’ngoe, eo e kileng ea e-ba molaoli oa Tsamaiso ea Lijo le Lithethefatsi U.S., e hlalositse: “Ke lumela hore lihlahisoa tsohle tsa mali li sebelisoa ka ho feteletseng. Ke nahana hore ho teng bopaki bo lekaneng ho tšehetsa sena. Mokhoa o lokelang ho fetoloa ke oa ngaka, seo li se laelang mokuli. ’Me li laela mali a mangata haholo.”