Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/10 maq. 6-7
  • Lipotso Tse Atisang ho Botsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Atisang ho Botsoa
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bakreste le Mokhatlo oa Batho Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na Lipaki tsa Jehova ke Sehlotšoana sa Borapeli?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Re Hlokomeloa ka Boitšoaro ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 8/10 maq. 6-7

Lipotso Tse Atisang ho Botsoa

Ke hobane’ng ha batho ba bang ba bua hampe ka Lipaki Tsa Jehova?

Batho ba bangata ba mpa feela ba sa tsebe ’nete. Ba bang e ka ’na eaba ha ba rate mosebetsi oa boboleli oo Lipaki li o etsang. Empa ’nete ke hore Lipaki li etsa mosebetsi ona hobane li rata baahelani ba tsona, li tseba hore “e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”—Baroma 10:13.

Na Lipaki Tsa Jehova ke Maprostanta, li tsitlella hore Bibele ha e tolokoe, kapa ke lequloana?

Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste, empa hase Maprostanta ka lebaka le tšoanang le leo eseng Mak’hatholike ka lona—lia hlokomela hore lithuto tse ling tse rutoang malumeling ao hase tsa Mangolo. Ka mohlala, Bibele ha e rute hore Molimo—eo e leng mothofatso oa lerato—o hlokofatsa batho ka ho sa feleng mollong oa lihele. Ebile ha e rute hore motho o na le moea o sa shoeng kapa hona hore Bakreste ba lokela ho itšunya-tšunya lipolotiking.—Ezekiele 18:4; Johanne 15:19; 17:14; Baroma 6:23.a

The World Book Encyclopedia e re: “Batho ba reng Bibele ha e tolokoe ke karolo e ’ngoe ea Boprostanta, United States.” Mekhatlo e meng ea batho ba reng Bibele ha e tolokoe “e amohetse maemo sechabeng le lipolotiking, hobane e latela se ngotsoeng litemaneng tse itseng tsa Bibele.” Lipaki Tsa Jehova tsona ha li etse joalo. Joalokaha ho se ho boletsoe, ha li kenelle lipolotiking ’me ha li qobelle ba bang hore ba amohele likhopolo tsa tsona ka ho sebelisa lipolotiki kapa mekhoa e meng. Ho e-na le hoo, li buisana le batho hangata ka bomong, li behelana mabaka le bona ’me li fana ka bopaki bo kholisang, joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo.—Liketso 19:8.

Lequloana ke sehlopha sa bohanyetsi kapa se ikarolang bolumeling bo itseng, ho theha bo bocha. Lipaki Tsa Jehova ha lia ikarola kerekeng leha e le efe. Hase lequloana.

Ho etsahala’ng libokeng tsa Lipaki?

Ha e le hantle, libokeng tsa tsona tseo motho e mong le e mong a ka eang, ho ithutoa Bibele ’me hangata bamameli ba nka karolo. Seboka se seng seo li se tšoarang beke le beke, e leng Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, se thusa litho tsa phutheho ho ntlafatsa tsebo ea ho ruta, ea ho bala le ho etsa lipatlisiso. Se seng ke sa puo ea Bibele e nkang metsotso e 30, e tšohlang sehlooho seo batho bao eseng Lipaki ba ka ’nang ba se thahasella ka ho khetheha. Se atisa ho lateloa ke thuto ea Bibele eo ho eona ho sebelisoang makasine ea Molula-Qhooa. Liboka li qala ka pina le thapelo ebile li qetella ka tsona, ’me ha ho kōptjoe chelete kapa hona ho fetisa sekotlolo sa koleke.—2 Bakorinthe 8:12.

Lipaki Tsa Jehova li fumana chelete joang?

Mosebetsi oa tsona o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo. Lipaki ha li lefise batho ha li ba kolobetsa, li ba etsetsa machato, mapato kapa tšebeletso leha e le efe ea bolumeli. Hape ha li qobelloe ho ntša chelete e itseng. Motho leha e le mang ea batlang ho ntša monehelo a ka o kenya ka lebokoseng la monehelo le behiloeng ka bohlale Holong ea ’Muso. Lipaki Tsa Jehova li hlahisa lingoliloeng tsa Bibele tseo li li sebelisang, e leng se fokotsang litšenyehelo ’me boholo ba Liholo tsa tsona Tsa ’Muso tse itekanetseng le mehaho ea lekala e hahoa ke baithaopi.

Na Lipaki Tsa Jehova li amohela phekolo ea meriana?

E, lia e amohela. Ha e le hantle, li batla tlhokomelo e molemo ka ho fetisisa molemong oa tsona le baratuoa ba tsona. Ho feta moo, Lipaki tse ngata li sebetsa lefapheng la bongaka e le baoki, bathusi ba lingaka le lingaka. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li hana mali. Bibele e re: “Le ile . . . mali.” (Liketso 15:28, 29) Ho thahasellisang ke hore lingaka tse ntseng li eketseha li nka hore ho alafa bakuli ho sa sebelisoe mali ke “tsela e molemo ka ho fetisisa ea phekolo,” kaha e qoba likotsi tse ngata tse amahanngoang le tšebeliso ea lihlahisoa tsa mali.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a U ka bala hore na pono ea Bibele ke efe lintlheng tsena le tse ling tse ngata tsa bohlokoa bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

MOO HO RENANG MOEA OA HO HLOMPHANA

Motse oa Bejucal de Ocampo o karolong e ka boroa ho Mexico o batla o sa tloaeleha. Koranta ea Excélsior e tlaleha hore “boholo ba baahi ba moo ke Lipaki Tsa Jehova,” ’me e phaella ka ho re “ho rena moea oa ho hlompha batho ba malumeli a mang le ba pusong. . . . Baahi ba teng ba tlohetse botahoa le ho tsuba, empa ba se ba bina lipina le ho ipalla Bibele. Ebile ba hlompha ba boholong.”

Le hoja ho e-na le malumeli a sa tšoaneng motseng oo, tlaleho e bolela hore “ha ho e-s’o be le likhohlano kapa liqabang tsa bolumeli.” E boetse e re: “Ha ho na bora, ’me ho ba malumeling a sa tšoaneng ha ho thibele baahelani hore ba lumelisane . . . Lelapa ka leng le bolela ka bolokolohi hore na ke la bolumeli bofe, ’me sena ha se thibele malapa hore a phele hammoho ka khotso sechabeng. Ha ho makatse hore ebe Lipaki Tsa Jehova ke tsona tse ngata haholo Bejucal.” Ho feta moo, tichere e ’ngoe ea sekolo se phahameng ea moo, eo e seng Paki e ile ea bolela hore bana ba tsona ba ‘apara ka tsela e itlhomphang, ba sebetsa hantle sekolong ’me ba itšoara hantle ka tlelaseng.’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela