Lipaki Tsa Jehova li Lumela Eng?
Lintho tseo Lipaki Tsa Jehova li li lumelang hase lekunutu, hobane lingoliloeng tsa tsona li fumaneha habonolo ka lipuo tse makholo. Ka tlaase mona ho fanoe ka kakaretso ea lithuto tse ling tse ka sehloohong tseo li li lumelang.
1. Bibele Lipaki li lumela hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Jason D. BeDuhn, eo e leng moprofesa ea boemong bo bohareng lithutong tsa bolumeli, o ile a ngola tjena: “[Lipaki Tsa Jehova li thehile] bolumeli ba tsona le tsela eo li phelang ka eona Bibeleng, li sa rere esale pele hore na e fupere eng.” Li lumellanya lithuto tsa tsona le Bibele; ha li hlalose Bibele ka tsela ea hore e lumellane le seo li se lumelang. Ka nako e tšoanang, lia hlokomela hore hase lintho tsohle tse ka Bibeleng tse lokelang ho nkoa ka tsela ea sebele. Ka mohlala, matsatsi a supileng a pōpo ke a tšoantšetso, a bolela likarolo tsa nako e telele haholo.—Genese 1:31; 2:4.
2. ’Mōpi Molimo oa ’nete o ithehile lebitso—Jehova (kapa Yahweh, ho ea kamoo le hlahang kateng ho Jerusalem Bible ea Roma e K’hatholike le kamoo litsebi tse ling tsa morao tjena li khethang ho mo bitsa kateng)—le mo khethollang ho melimo ea bohata.a (Pesaleme ea 83:18) Lebitso la Molimo ka Seheberu le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 Mangolong a ngotsoeng ka lipuo tsa pele. Ha Jesu a hatisa bohlokoa ba lebitso leo, o ile a re thapelong ea hae ea mohlala: “Lebitso la hao a le ke le khethehe.” (Matheu 6:9, Bibele ea Sesotho) Ka ho loketseng, Molimo o batla hore a rapeloe a le mong feela. Ke kahoo Lipaki li sa sebeliseng matšoao le litšoantšo borapeling ba tsona.—1 Johanne 5:21.
3. Jesu Kreste Ke Mopholosi, “Mora oa Molimo” le “letsibolo la pōpo eohle.” (Johanne 1:34; Bakolose 1:15; Liketso 5:31) Kaha o bōpiloe, hase karolo ea Boraro-bo-bong. Jesu o ile a re: “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28) Jesu o ne a phela leholimong pele a tla lefatšeng, ’me ka mor’a hore a shoe lefu la sehlabelo a be a tsosoe bafung, o ile a khutlela leholimong. “Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka [eena].”—Johanne 14:6.
4. ’Muso oa Molimo Ke puso ea sebele e leholimong e nang le Morena—e leng Jesu Kreste—le babusi-’moho le eena ba 144 000, “ba rekiloeng lefatšeng.” (Tšenolo 5:9, 10; 14:1, 3, 4; Daniele 2:44; 7:13, 14) Ba tla busa holim’a lefatše, leo ho lona bokhopo bohle bo tla tlosoa ’me ho lule batho ba limilione tse ngata ba tšabang Molimo.—Liproverbia 2:21, 22.
5. Lefatše Moeklesia 1:4 e re: “Lefatše le hlola ka ho sa feleng.” (Bibele ea Sesotho) Ka mor’a hore ba khopo ba timetsoe, lefatše le tla etsoa paradeise ’me batho ba lokileng ba tla lula ho lona ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:10, 11, 29) Kahoo mantsoe a thapelo ea Jesu, a reng, “thato ea hao e etsoe lefatšeng” a tla phethahala.—Matheu 6:10, Bibele ea Sesotho.
6. Boprofeta ba Bibele ‘Molimo a ke ke a bua leshano.’ (Tite 1:2) Kahoo, seo a se boletseng esale pele sea phethahala, ho akarelletsa boprofeta ba Bibele bo mabapi le bofelo ba lefatše la kajeno. (Esaia 55:11; Matheu 24:3-14) Ke mang ea tla pholoha timetso eo e tlang? Johanne oa Pele 2:17 e re: “Ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”
7. Ba boholong pusong Jesu o ile a re: “Lefang Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Mareka 12:17) Ka lebaka leo, Lipaki Tsa Jehova li mamela melao ea naha ha e se khahlanong le melao ea Molimo.—Liketso 5:29; Baroma 13:1-3.
8. Ho bolela litaba tse molemo Jesu o ile a bolela esale pele, a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso” li tla phatlalatsoa lefatšeng ka bophara pele lefatše la kajeno le fela. (Matheu 24:14) Lipaki Tsa Jehova li talima ho ba le seabo mosebetsing oo o pholosang bophelo e le tlotla. Ke ’nete hore batho baa ikhethela hore na baa mamela kapa che. Bibele e re: “Mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.”—Tšenolo 22:17.
9. Kolobetso Lipaki Tsa Jehova li kolobetsa feela batho ba batlang ho sebeletsa Molimo e le Lipaki tsa hae hobane ba ithutile Bibele ka ho feletseng. (Baheberu 12:1) Ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Molimo ka hore ba qoelisoe metsing.—Matheu 3:13, 16; 28:19.
10. Ho khetholla baruti ho balumeli ba bang Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Lōna bohle le bara ba motho.” (Matheu 23:8) Bakreste ba pele, ho kopanyelletsa le bangoli ba Bibele, ba ne ba se na sehlopha sa baruti. Lipaki Tsa Jehova li latela mohlala ona oa Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipaki Tsa Jehova hase tsona tse qapileng lebitso lena “Jehova.” Lilemong tse makholo a mangata tse fetileng, lebitso la Molimo le ne le fetoleloa e le “Jehova” ka lipuo tse ngata tseo Bibele e neng e sa ngoloa ka tsona, tse akarelletsang Senyesemane le Sejeremane. Ka bomalimabe, bafetoleli ba bang ba Bibele ba mehleng ea kajeno ba tlositse lebitso la Molimo ’me ba ngola litlotla tse kang, “Molimo” le “Morena,” kahoo ba bontša hore ha ba hlomphe Mongoli oa Bibele.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
“Ntate o moholo ho ’na.”—Johanne 14:28
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14