Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/11 maq. 21-23
  • Kamoo ke Ileng ka Khaotsa ho ba Mabifi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo ke Ileng ka Khaotsa ho ba Mabifi
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Batla ho Etsa Lintho Tse Kotsi
  • Mosebetsi oa Sekhukhu
  • Ho Thata ho Lahla Mekhoa e Mebe
  • “Ke ne ke Lula Seterateng”
    Bibele e Fetola Batho
  • “Kaha re na le Tšebeletso Ena . . . , Ha re Tele”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Jehova o Mphile Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ke ne ke le Ntoa-Lumela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 4/11 maq. 21-23

Kamoo ke Ileng ka Khaotsa ho ba Mabifi

Joalokaha ho boletse Jose Antonio Nebrera

KE’NG se etsang hore motho a be mabifi? Ke ile ka ithuta liketso tse ngata tse mabifi ka hore ke li bone ha ke sa le ngoana. Ntate e ne e le setho sa lebotho la tšireletso la Spain, le neng le tsamaisoa ka lere la tšepe. Ntate oa hae o ne a atisa ho mo shapa ’me Ntate le eena o ile a etsa se tšoanang. O ne a tloaetse ho nchapa ka lebanta le sephara. Ho hobe le ho feta, o ne a atisa ho re ke sethoto, empa a tefisa khaitseli ea ka. Kaha ’Mè o ne a tšaba bohale ba Ntate, ha aa ka a etsa letho ho ntšireletsa tšoarong eo e leeme kapa hona ho ntlhokomela ka lerato, joalokaha ho ne ho hlokahala.

Ha ke le sekolong le bana ba bang, ke ne ke inahanela lefatše la ka la litoro, ke etsa eka lintho li ntsamaela hantle bophelong. Mohlomong ha batho ba nchebile ba ne ba bona eka ke ngoana ea thabileng le ea nang le sepheo. Empa seo sohle e ne e le ponahalo ea ka ntle feela. Ke ne ke patile maikutlo a ho tšoha le a khalefo. Qetellong ea letsatsi ka leng, ha ke ne ke tsamaea butle ke khutlela lapeng, ke ne ke hopola boemo boo ke leng ho bona, ke tšoha hore ke il’o rohakoa hape—kapa ke shapuoe.

Ha ke le lilemo li 13, ke ile ka tloha lapeng moo ho neng ho se na lerato ka hore ke ingolise sekolong sa Bajesuite, seo bana ba neng ba lula ho sona. Ka nako e ’ngoe, ke ne ke nahana ho ba moruti. Empa lintho tse neng li etsahala sekolong seo ha lia ka tsa nthusa hore ke be le morero bophelong. Re ne re tlameha ho tsoha ka hora ea bohlano hoseng ebe re il’o hlapa ka metsi a batang. Ka mor’a moo, re ne re qeta letsatsi lohle re ithuta, re rapela, re le litšebeletsong tsa kereke, ’me re khefutsa ka nako e khutšoanyane feela.

Le hoja re ne re lokela ho bala lipale tsa “bahalaleli,” re ne re sa ithute Bibele. Bibele e le ’ngoe feela e neng e le teng moo e ne e behoa ka lekaseng la khalase ’me re ne re lokela ho kōpa tumello e khethehileng ha re batla ho e bala.

Ha ke le selemong sa boraro sekolong seo, litšebeletso tsa ho itlhokofatsa li ile tsa fetoha karolo ea kemiso e sa fetoheng—ea “ho ikoetlisa moeeng.” Ke ne ke leka ho ikulisa ka hore ke je haholo e le hore ke qobe boemo boo bo utloisang bohloko. Empa ke ne ke sa atlehe. Ka mor’a lilemo tse ka bang tharo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke utloile ho lekane. Ke ile ka baleha sekolong seo sa Bajesuite eaba ke khutlela lapeng. Ke ne ke le lilemo li 16.

Ke Batla ho Etsa Lintho Tse Kotsi

Ha ke se ke khutletse lapeng, ke ile ka ithuta papali ea litebele le ea ho betana. Ho atleha lipapaling tsena tse mabifi ho ile ha etsa hore ke ikutloe eka ke motho, empa ho ba le matla ho ile ha etsa hore ke sebelise likhoka ho fumana lintho tseo ke li batlang, e leng seo Ntate a neng a se etsa.

Empa ha ke le lilemo li 19, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea ’nolofatsa. Ke ile ka kopana le Encarnita, eo ke ileng ka mo nyala likhoeli tse robong hamorao. O ne a mpona ke le motho ea mekhoa e metle, ea mosa le ea thabileng. O ne a sa tsebe hore ka hare ke tlallane. Makoebeta ana a ile a hlahella ha ke bitsetsoa bosoleng, nakoana ka mor’a hore ngoana oa rōna oa letsibolo a hlahe.

Kaha ka lehlakoreng le leng ke ne ke sa batle ho kuta joaloka masole empa ka lehlakoreng le leng ke rata ho etsa lintho tse kotsi, ke ile ka nkeha maikutlo eaba ke ithaopela ho kena Lebothong la Spain le Sebeletsang Linaheng Tse Ling. Ke ne ke nahana hore ha ke le lehoatateng la Morocco ke tla ba le bolokolohi ke be ke etse lintho tse tšosang le tse kotsi. Ntle ho moo, ho ne ho bonahala eka sena se mpha monyetla oa hore ke qobe boikarabelo ba ka ba ho hlokomela lelapa. Leha ho le joalo, qetellong seo se ile sa etsa hore ke be mabifi le ho feta.

Ka mor’a nakoana, ke ile ka qoaketsana le sajene e ’ngoe ea sephankha, e maloro a mabe, e neng e rata ho khahlapetsa masole a macha. Ke ne ke hloile ho hloka toka ’me ke sa tšabe ho loanela seo ke nkang hore se nepahetse. Hoseng ho hong ha ho ntse ho bitsoa mabitso, ke ile ka etsa motlae oo sajene eo e sa kang ea o utloisisa. Eitse ha e phahamisa letsoho e re ea nkotla, ka e sotha letsoho ka potlako ka ba ka e koebetella fatše. Ke ile ka tsoele pele ke e hateletse letsoho, ke tšaba hore ha nka e tlohela, e tla nthunya.

Ketsahalo eo e ile ea etsa hore ke qete likhoeli tse tharo ke le sehlopheng sa ba fuoang kotlo. Ke ile ka iphumana ke le ka phaposing e nyenyane le banna ba bang ba ka bang 30. Ke ile ka qeta nako eo eohle ke sa khone le ho chencha liaparo. Sehlopha sa rōna se ne se e-na le sajene e sehlōhō e neng e thabela ho re shapa. Empa ka lekhetlo le leng ha ke e tšosa ka hore ke tla e bolaea ha e ka ba ea nthetsa, e ile ea fokotsa kotlo ea ka ho tloha ho lithupa tse 30 ho ea ho tse 3. Ke ne ke ithutile ho ba maloro a mabe joaloka batho ba ntlhorisang.

Mosebetsi oa Sekhukhu

Ha ke ntse ke koetlisoa lebothong le sebeletsang linaheng tse ling, ka lepotlapotla ke ile ka ithaopela ho etsa “lintho tse ling tse kotsi” le ho feta. Le lekhetlong lena ke ne ke sa tsebe hore na seo se tla etsa hore ke qetelle ke le hokae. Ke ile ka fuoa koetliso e khethehileng, e neng e akarelletsa ho sebelisa libetsa tsa mefuta eohle le liqhomane. E le hore ke qete koetliso eo, ke ile ka romeloa Langley, Virginia, e United States, moo ke ileng ka koetlisoa le mafokisi a CIA.

Ka mor’a nakoana, ke ile ka ba e mong oa mafokisi. Lilemong tsa bo-1960, ke ile ka etsa mesebetsi e mengata ea sekhukhu. Ha ke le Amerika Bohareng le Boroa, ke ile ka kenya letsoho tšebetsong ea ho tšoara barekisi ba lithethefatsi le ba mokolang libetsa. Re ne re laetsoe hore ha re ba fumana re “ba tlose tseleng.” Ke masoabi hore ebe ke ile ka kenya letsoho liketsong tse joalo. Bao re neng re ba tšoara, re ne re ba bolaea ntle le bao re neng re batla ho ba hloma lipotso hore re fumane boitsebiso bo itseng.

Hamorao ke ile ka abeloa ho ea fokisa baeta-pele ba sesole sa Spain e le hore ho tsejoe ba sa tšehetseng Molaoli Franco oa mohatelli. Re ile ra boela ra fokisa batho ba lulang Fora, ba neng ba hanyetsa puso ea Franco. Sepheo e ne e le ho koetela ba ka sehloohong ebe re ba isa Spain, mohlomong ho ea ba bolaela teng.

Mosebetsi oa ho qetela oo ke ileng ka o etsa, o ne o hloka hore ke hlophise thimi ea masole a tsoang linaheng tse ling, e le hore re il’o phethola ’muso naheng e ’ngoe e nyenyane ea Afrika. Re ne re laetsoe hore re itšohlometse liahelong tsa sesole tse motse-moholo ebe ka mor’a moo re hapa paleise ea mopresidente. Joalokaha re ne re rerile, re ile ra hlasela naha eo har’a mpa ea bosiu ’me ra nka lihora tse ’nè feela ho phetha mosebetsi oo. Bo-mphato ba ka ba bararo ba ile ba shoa ntoeng eo hammoho le masole a mangata a “lireng.” Ke ile ka kenya letsoho ka ho toba polaong eo.

Ketsahalo ena e sithabetsang e ile ea nkhoebetha letsoalo. Ke ne ke sitoa ho robala kaha ke ne ke lula ke e-ba le litoro tse tšosang, ke bona eka ke ntse ke bolaea ba lireng re shebane. Litorong tseo tse tšosang ke ne ke bona batho ba tšohileng ba ntonetseng mahlo, bao ke neng ke le mothating oa ho ba bolaea.

Ke ile ka etsa qeto ea hore ha ke sa tla hlola ke kopanela morerong o mong o kang oo. Kahoo ke ile ka khutlisetsa litokomane tsohle tsa ka bosoleng ’me ka itokolla. Leha ho le joalo, baokameli ba ka ba ile ba mpitsa hore ke il’o etsa mosebetsi o mong hape oa sekhukhu. Ke ile ka balehela Switzerland, ’me ka mor’a likhoeli tse ’maloa, mosali oa ka e leng Encarnita—ea neng a sa tsebe letho ka mosebetsi oo ke neng ke o etsa pele—o ile a tla Basel ho tla lula le ’na.

Ho Thata ho Lahla Mekhoa e Mebe

Ka lilemo tse tharo tseo ke li qetileng ke le sesoleng, Encarnita o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, Spain. O ile a mpolella hore o fumane ’nete mabapi le Molimo, ’me cheseho ea hae e ile ea nkama. Kapele ka mor’a moo, re ile ra ikopanya le Lipaki tsa Switzerland ’me ra qala ho ithuta Bibele hammoho.

Ke ne ke hloletsoe ha ke ithuta ka merero ea Molimo. Le hoja ke ne ke batla ho phela ka melao-motheo ea Bibele, ho ne ho le thata hore ke etse liphetoho—haholo-holo tabeng ea ho tlohela ho ba mabifi. Leha ho le joalo, ke ne ke rata tumelo ea ka e ncha. Ka mor’a ho ithuta ka likhoeli tse ’maloa, ke ile ka tsitlella hore ke se ke loketse ho etsa mosebetsi oa boboleli oa ntlo le ntlo oa Lipaki Tsa Jehova.

Ka thuso ea Jehova, ke ile ka ithuta ho ithiba, ’me ka mor’a nako e itseng, ’na le Encarnita re ile ra kolobetsoa. Ha ke le lilemo li 29, ke ile ka khethoa ho sebeletsa ke le molebeli ka phuthehong.

Ka 1975, re ile ra etsa qeto ea ho khutlela Spain. Empa ba sesole ba ne ba sa ntebala, ’me ba ile ba mpitsetsa ho ea kenya letsoho mosebetsing o mong o khethehileng. E le ho qoba ho kena mathateng, hang-hang ke ile ka boela ka balehela Switzerland. Lelapa la rōna le ile la lula moo ho fihlela ka 1996, ha re khutlela Spain.

Hona joale ke na le mora ea nyetseng le morali ea nyetsoeng le litloholo tse peli, ’me kaofela ba sebeletsa Jehova. Ho phaella moo, ho theosa le lilemo ke khonne ho thusa batho ba ka bang 16 hore ba tsebe Jehova, ho akarelletsa mohlankana e mong eo nakong e fetileng a neng a kenella liketsong tsa ho ipelaetsa ka mabifi literateng, karolong e ka leboea ea Spain. Sena se nkhotsofalitse haholo.

Ke ’nile ka rapela Molimo ka makhetlo hore a nthuse ke furalle liketso tse mabifi tseo ke neng ke li etsa nakong e fetileng le hore ke se ke ka ba le litoro tse tšosang tseo ke atisang ho ba le tsona. Boitekong ba ka ba ho etsa se nepahetseng, ke ’nile ka mamela keletso e ho Pesaleme ea 37:5 e reng: “Rōlela tsela ea hao ho Jehova, u itšetlehe ka eena, ’me o tla nka bohato.” Jehova o phethahalitse tšepiso ena. O nthusitse hore ke khaotse ho ba mabifi. Sena e bile tlhohonolofatso e khōlō ho ’na le ho ba lelapa la ka.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ha ke ne ke le lilemo li 13, ke ingolisa sekolong sa Bajesuite

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ha ke tloha ofising ea lebotho le sebeletsang linaheng tse ling, ka mor’a hore ke lokolloe mosebetsing ka 1968

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

’Na le mosali oa ka, Encarnita, kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela