Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/12 maq. 15-17
  • Na ho Fosahetse ho Tuma?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Fosahetse ho Tuma?
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Etsa Eng ka Bo-’mampoli ba Sekolo?
    Tsoha!—1989
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Sotloa ke Bo-mpoli?
    Bacha Baa Botsa
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Hlorisoa Sekolong?
    Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Ke lokela ho etsa’ng ha lithaka tsa ka li sa nthate?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 3/12 maq. 15-17

Bacha Baa Botsa

Na ho Fosahetse ho Tuma?

Tlatsa lentsoe le nepahetseng polelong e latelang:

․․․․․ ho molemo hore motho a tume.

  1. A. Kamehla

  2. B. Ka linako tse ling

  3. C. Le ka mohla ha

KARABO e nepahetseng ke ea “B.” Hobane’ng? Hobane ho tuma ho bolela feela ho ratoa ke batho ba bangata—’me hase kamehla seo se fosahetseng! Bibele e ile ea bolela esale pele hore Bakreste e ne e tla ba “leseli la lichaba” ’me batho ba ne ba tla tla ho bona. (Esaia 42:6; Liketso 13:47) Ka kutloisiso ena, ho ka thoe Bakreste ba tumme.

Na u ne u tseba?

Jesu o ne a tumme. Esita le ha a sa le mocha, o ne “a amoheleha ho Molimo le ho batho.” (Luka 2:52) Bibele e re ha Jesu e se e le motho e moholo, ‘bongata bo boholo bo ile ba mo latela ho tsoa Galilea le Dekapolise le Jerusalema le Judea le ho tsoa ka lehlakoreng le leng la Jordane.’—Matheu 4:25.

Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore a tume hakaale?

Ke hobane Jesu o ne a sa batle ho rorisoa ke batho kapa ho hahamalla botumo ’me o ne a se tsietsing ea ho batla ho amoheloa ke batho ba bang. Jesu o ne a etsa lintho tse nepahetseng—e leng se neng se etsa hore ka linako tse ling batho ba mo ele hloko. (Johanne 8:29, 30) Leha ho le joalo, Jesu o ile a lemoha hore batho bao ba neng ba atisa ho feto-fetoha, ba ne ba tla mo rata ka nakoana feela. O ne a tseba taba ea hore ha nako e ntse e ea, batho bao ba ne ba tla mo bolaea!—Luka 9:22.

Ntlha ea Bohlokoa:

Botumo bo tšoana le leruo. Hase kamehla e leng phoso ho ba le lona. Bothata e ba hore na batho ba etsa’ng e le hore ba le fumane—kapa ba lule ba e-na le lona.

Tlhokomeliso!

Bacha ba bangata ba ka etsa ntho leha e le efe e le hore ba tume. Ba bang ba rata ho khahlisa batho le ho latela bongata. Ba bang ke bo-mpoli ba lekang ho qobella batho ba bang hore ba ba rate—esita le haeba ba ba rata hobane feela ba ba tšaba.a

Maqepheng a latelang, re tla tšohla litsela tseo tse peli tse kotsi tse etsang hore motho a tume. Joale re ntan’o sheba tsela e molemo haholoanyane.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

a Bibele e bua ka bo-mpoli ba neng ba bitsoa “Banefilime,” bao hape ba bitsoang ‘banna ba tummeng.’ Ba ne ba amehile haholo ka ho hōlisa botumo ba bona.—Genese 6:4.

TSELA E LEBISANG BOTUMONG

MOTHO EA KHAHLISANG BA BANG

  • Ke batla ho amoheloa ke batho ba bang.

  • E le hore ba nkamohele, ke lokela ho itšoara joaloka bona.

“Ke lekile ho fetola boitšoaro ba ka, e le hore ke tšoane le batho ba bang. Qalong ho ne ho bonahala eka kea atleha. Empa hamorao, ke ile ka elelloa hore ha ua lokela ho fetola seo u leng sona e le hore feela u amohelehe.”—Nicole.

Molao-motheo oa Bibele: “U se ke ua etsa ntho e itseng hobane feela batho bohle ba e etsa. . . . Ha ua lokela ho lumella batho ba joalo hore ba u susumelletse ho etsa lintho tse mpe.”—Exoda 23:2, Holy Bible—Easy to Read Version.

MPOLI

  • Ke se ke ntse ke ratoa, ’me ke batla hore ho lule ho le joalo.

  • Ke tla etsa ntho leha e le efe hore ke lule ke le motho ea hlaheletseng—le haeba seo se bolela ho hatakela ba bang.

“Hangata bana ba bang ba sehlōhō, ’me kaha bo-mpoli ba tumme haholo, ngoana ea lihlong o tla lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e buang e nepahetse.”—Raquel.

Molao-motheo oa Bibele: “Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.”—Luka 6:31.

TSELA E MOLEMO

Ha u sebelisa lintlha tse tharo tse boletsoeng ka lehlakoreng le letšehali, u ka ’na ua lahleheloa ke botumo bo itseng—empa u tla ratoa ke batho ba molemo!

  1. Tseba melao e u tataisang. Bibele e re batho ba hōlileng tsebong ke ba “koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheberu 5:14.

  2. Khomarela lintho tseo u li lumelang. E-ba joaloka Joshua, eo ka sebete a ileng a re: “Le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa . . . Empa ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.”—Joshua 24:15.

  3. Kholiseha ka tsela eo u e khethileng. Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Timothea a re: “Molimo ha aa re fa moea oa bokoala, empa o re file moea oa matla le oa lerato le oa ho hlaphoheloa kelellong.”—2 Timothea 1:7.

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

Melissa

Melissa—Ke ’nete hore u ka leka ho tšoana le ngoana e mong le e mong sekolong. Empa seo sea bora! Ho ba Mokreste ho etsa hore o hlahelle hantle. Ha ho u etse motho ea makatsang. Ho etsa hore u ratehe.

Ashley

Ashley—Ke ne ke atisa ho ikutloa ke sa ratoe ha ke le sekolong, empa ha ke ea libokeng tsa Bokreste ke ne ke e-ba le metsoalle e nthatang ka tsela eo ke leng ka eona. Ka eona nako eo, thahasello leha e le efe eo ke neng ke e-na le eona ea ho batla ho ratoa ke liithuti-’moho le ’na, e ne e fela.

Phillip

Phillip—Ntho e ka sehloohong e ka etsang hore u amoheloe ke batho ba bang, ke ho ba thahasella. Morao tjena, ke ’nile ka leka ho etsetsa metsoalle ea ka lintho tse itseng tse nyenyane, ’me seo se entse hore ke atamelane haufi le eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela